Lebokose La Lipotso
◼ Ha re paka ka thelefono na re lokela ho bolela tokisetso ea monehelo?
Ha re pakela batho lifahleho li talimane, re ka khona ho ba hlalosetsa hore mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova oa thuto ea Bibele lefatšeng ka bophara o tšehetsoa ka ho feletseng ka menehelo ea boithatelo le hore re thabela menehelo e joalo. Leha ho le joalo, ha re paka ka thelefono ha rea lokela ho bua ka tokisetso ea monehelo hobane ho etsa joalo ho ka nkoa e le ho qela lichelete. Tšebeletso ea Lipaki Tsa Jehova ho hang hase ea khoebo.—2 Bakor. 2:17.
◼ Ha re paka ka thelefono re lokela ho etsa joang ha motho a kōpa hore Lipaki Tsa Jehova li se ke tsa hlola li mo letsetsa?
Qeto ea motho eo e lokela ho hlomphuoa. Leqetšoana le ngotsoeng deiti hammoho le lebitso la hae le lokela ho kenngoa ka har’a enfelopo ea tšimo e le hore bahoeletsi ba ka qoba ho mo letsetsa nakong e tlang. Lethathamo la batho ba kōpileng hore re se ke ra ba letsetsa le lokela ho hlahlojoa hang ka selemo. Tlas’a tataiso ea molebeli oa tšimo, bahoeletsi ba nang le phihlelo le temoho ba ka kōpuoa ho iteanya le batho bana ho fumana maikutlo a bona a nakong eo.—Bona Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea September 1994.