Khutlela ho Bohle ba Bontšang Hore Baa Thaha-thahasella
1 Kajeno bongata ba rōna re ’neteng ka lebaka la hore motho e mong o ile a hlokomela hore re rata molaetsa oa ’Muso ’me mohlomong a ba a khutlela ho rōna ka makhetlo a ’maloa a sa fele pelo, e le hore a hlaolele thahasello eo. Ka ho tšoanang re lokela ho ikitlaelletsa ho khutlela ho bohle ba bontšang hore baa thaha-thahasella. Ka sebele, ho etsa maeto a ho boela ke karolo ea mosebetsi oa rōna oa ho ‘etsa barutuoa.’—Mat. 28:19, 20.
2 Lemoha ha Motho a Thahasella: Le hoja motho a sa amohele lingoliloeng, sefahleho sa hae, molumo oa lentsoe la hae, kapa mantsoe ao a khethang ho a bua a ka ’na a bontša hore o na le thahasello e itseng molaetseng oa ’Muso. Re ka etsa leeto la ho boela re itšetlehile ka seo. Mora e mong oabo rōna o ile a khutlela ho motho e mong ka libeke tse hlano tse latellanang a sa siee lingoliloeng. Ha a khutlela ka lekhetlo la botšelela, motho eo o ile a amohela lingoliloeng, ’me qetellong ha qaloa thuto ea Bibele.
3 Haeba u lemoha hore motho oa thahasella, khutlela hang-hang, mohlomong ka mor’a matsatsi a seng makae. U se ke ua fa “ea khopo” monyetla oa ho hloibila se jetsoeng pelong ea motho eo. (Mat. 13:19) Etsa bonnete ba hore u phethahatsa tšepiso ea hao haeba u ile ua etsa litokisetso tsa hore u tla khutlela ka nako e itseng.—Mat. 5:37.
4 Mosebetsing oa Seterateng: Na u leka ka matla ho khutlela ho batho ba thahasellang bao u kopaneng le bona mosebetsing oa seterateng kapa ha u etsa bopaki bo sa reroang? U ka ’na ua qetella moqoqo ka ho re: “Ke thabetse ho buisana le uena. Nka u fumana hokae e le hore re buisane hape?” Ha ho loketse, bahoeletsi ba bang ba ka ’na ba khetha ho fa motho ea thahasellang nomoro ea bona ea thelefono kapa ba kōpa hore le eena a ba fe ea hae. Haeba batho ba u bona u etsa mosebetsi oa seterateng sebakeng se le seng hangata, ho ka etsahala hore ba se ke ba tsilatsila ho u fa linomoro tsa bona tsa thelefono kapa liaterese. Le haeba ba hana ho u bolella moo u ka ba fumanang teng, u ka ’na ua leka ho ntšetsa thahasello ea bona pele lekhetlong le latelang ha u kopana le bona seterateng.
5 Rea thaba ha re bona lijalo tseo re li noselitseng le ho li hlaolela li atleha. Ka ho tšoanang, re ka thaba haholo ha re etsa maeto a ho boela le ho thusa batho ho hatela pele moeeng. (1 Bakor. 3:6) Ikemisetse ho khutlela ho bohle ba bontšang hore baa thaha-thahasella.