Websaete ea Rōna e Molaong—E Sebelise Tšebeletsong
Khothalletsa ba Bang ho Sebelisa Websaete Ena: Batho ba bang ba leqe ho bua kapa ho amohela lingoliloeng tsa rōna ba ikemiselitse ho batlisisa ka Lipaki Tsa Jehova ha ba le malapeng a bona ka ho kena ho jw.org. Kahoo neng le neng ha monyetla o hlaha bolella batho ba bang ka Websaete ea rōna.
Araba Lipotso: Ka linako tse ling mong’a ntlo, motho ea thahasellang kapa motho eo re mo tloaetseng a ka botsa ho itseng ka Lipaki Tsa Jehova kapa ka seo re se lumelang. Mo bontše karabo hang-hang sesebelisoeng sa elektronike kapa k’homphieutheng. Hangata ho molemo ho bala mangolo ka ho toba Bibeleng. Haeba u sa khone ho kena inthaneteng ka nako eo mo hlalosetse kamoo a ka iphumanelang karabo kateng ho jw.org.—Kena ho “Lithuto Tsa Bibele/Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa” kapa ho “Mabapi le Rōna/Lipotso Tse Botsoang Hangata.”
Romella Sehlooho Kapa Sengoliloeng ho Motho eo u mo Tsebang: U ka romella molaetsa oa e-mail o e-na le PDF e kopilitsoeng kapa faele ea EPUB. Kapa u kopiletse sengoliloeng se mameloang ho CD. Kamehla ha u fa motho ea sa kolobetsoang buka, bukana kapa makasine e feletseng ea elektronike u ka e bala e le sengoliloeng se tsamaisitsoeng . U hlalose hore boitsebiso boo u bo rometseng bo tsoa ho uena. Ha boa lokela hore bo kenngoe Websaeteng leha e le efe.—Kena ho “Lingoliloeng.”
Ba Bontše Litaba Tsa Morao-rao ka Lipaki Tsa Jehova: Sena se tla thusa liithuti tsa Bibele le batho ba bang bao u ba etelang hore ba bone kamoo mosebetsi oa rōna o leng moholo kateng le kamoo re momahaneng kateng joaloka Bakreste. (Pes. 133:1)—Kena ho “Litaba.”
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 5]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leka ho e Sebelisa
1 Tlas’a “Lingoliloeng” u ka fumana seo u batlang ho se kopitsa, ebe u penya fomete eo u e batlang ea lingo-liloeng kapa ea lingoliloeng tse mameloang.
2 Penya konopo ea MP3 ho hlahisa lihlooho tse fapa-fapaneng. Haeba u batla ho kopitsa penya kapa penya sehloohong haeba u batla ho e mamela Inthaneteng.
3 U ka khetha puo e ʼngoe lethathamong lena haeba u batla ho kopitsa sengoliloeng ka puo eo.