Websaete ea Rōna e Molaong—E Sebelisetse ho Thusa Motho ea Buang Puo Esele
Mo Bontše Websaete ea Rōna: Mo bontše kamoo a ka sebelisang lethathamo le hlahang tlas’a “Puo ea Websaete” e le hore a ka khona ho bona Websaete ka puo ea hae. (Ka lipuo tse ling ke karolo e itseng feela ea Websaete e hlahang.)
Mo Bontše Leqephe le Hlahang Inthaneteng ka Puo ea Hae: U ka mo bontša leqephe le tsoang ho tse ling tsa lingoliloeng tsa rōna tse kang buka ea Seo Bibele e se Rutang le pampitšana ea Tseba ’Nete. Khetha puo ea mong’a ntlo lethathamong le hlahang ho “Bala Ka”.
Mo Mamelise Sehlooho: Fumana sehlooho se rekotiloeng ka puo ea motho eo ’me u ’mapalle sona. Haeba u ithuta puo e ’ngoe u ka ntlafatsa tsebo ea hao ka ho mamela likhatiso tse mameloang tsa puo eo nakong eo u ntseng u bala.—Kena ho “Lingoliloeng/Libuka le Libukana” kapa ho “Lingoliloeng/Limakasine.”
Pakela Lithōlo: Haeba u kopana le motho oa sethōlo, mo bapalle video ea puo ea matsoho ea khaolo ea Bibele, buka, bukana kapa ea pampitšana.—Kena ho “Lingoliloeng/Puo ea Matsoho.”
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 6]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leka ho e Sebelisa
1 Penya ▸ hore u bapale karolo e khethiloeng (haeba e le teng ka puo ea hao) kapa penya konopo ea “Mekhoa ea ho Kopitsa” hore u kopitse sengoliloeng se itseng.
2 Khetha puo e ʼngoe lethathamong le hlahang ho “Bala Ka” ho hlahisa leqephe leo ka puo eo.
3 Penya “Feta” kapa linki e ho “Lethathamo la Tse ka Hare” ho bala sehlooho se seng kapa khaolo e ʼngoe.