Mokhoa oa ho ba Thusa
Bakreste ba ’nete ba kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa ea ho bolela litaba tse molemo. (Bafil. 2:17) Ho ba thusa ho finyella seo, ho na le libukana, lipampitšana le lihlooho tse itseng ka lipuo tse 20 atereseng ea Internet ea www.watchtower.org. Morero oa mocha ona oa boitsebiso oa Internet hase ho abela Lipaki Tsa Jehova lingoliloeng tsa morao-rao. Morero oa oona ke ho fa batho bohle boitsebiso bo nepahetseng bo tsoang Bibeleng ka seo Lipaki Tsa Jehova li se rutang.
Morao tjena, lingoliloeng tse mocheng oa rōna oa boitsebiso oa Internet li ekelitsoe haholo. Ho kentsoe bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka lipuo tse fetang 220. Hape, ho tloha tokollong ea Molula-Qhooa oa January 1 le ea Tsoha! ea January 8, 2004 ka lipuo tsohle, ho bontšitsoe aterese ea mocha oa rōna oa boitsebiso oa Internet leqepheng la ho qetela.
U ka sebelisa kofuto ee joang? U ka ’na ua kopana le motho ea bonahalang a thahasella empa a tseba puo e itseng feela. Haeba a khona ho kena Interneteng, u ka mo bontša aterese ea Internet e leqepheng la ho qetela la Molula-Qhooa kapa la Tsoha! Ka tsela eo a ka ’na a khona ho hlahloba bukana ea Seo a se Hlokang ka puo ea hae ho fihlela u ka khona ho mo tlisetsa lingoliloeng tsa puo ea hae. Kapa u ka ’na ua khona ho mo fetisetsa phuthehong kapa sehlopheng se buang puo ea hae.