Websaete ea Rōna e Molaong—E Sebelisetse Thuto ea Botho le ea Lelapa
Bala Makasine ea Morao-rao Inthaneteng: Bala Molula-Qhooa le Tsoha! Inthaneteng libeke tse ’maloa pele li fumaneha liphuthehong. Ho mamela likhatiso tsa limakasine tse rekotiloeng.—Kena ho “Lingoliloeng/Limakasine.”
Bala Lihlooho Tse Hlahang Websaeteng Feela: Lihlooho tse kang “Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng,” “Tsa Bacha,” “Se ka Tšohloang ke Lelapa” le “Bacha Baa Botsa,” li se li hlaha Websaeteng feela. Kena Inthaneteng ’me u hlahlobe tse ling tsa lihlooho tsena nakong ea thuto ea hao ea botho kapa ea lelapa.—Kena ho “Lithuto Tsa Bibele/Bana” kapa “Lithuto Tsa Bibele/Bacha.”
Fumana Litaba Tsa Morao-rao: U ka bala litlaleho tse khothatsang le liphihlelo ua ba ua shebella livideo tse khutšoanyane tse bontšang kamoo mosebetsi oa rōna lefatšeng ka bophara o ntseng o tsoela pele kateng. Litlaleho tse buang ka likoluoa le mahloriso ao barab’abo rōna ba fetang ho oona li ka re thusa ho toba taba ha re ba rapella. (Jakobo 5:16)—Kena ho “Litaba.”
Etsa Lipatlisiso ka Online Library: Haeba mokhoa ona o le teng ka puo ea hao sebelisa k’homphieutha kapa sesebelisoa sa elektronike ho bala temana ea letsatsi Inthaneteng kapa ho etsa lipatlisiso ka tse ling tsa lingoliloeng tsa rōna tsa morao-rao.—Kena ho “Lingoliloeng/Online Library” kapa thaepa www.wol.jw.org moo ho kenngoang aterese lenaneong la ho kena Inthaneteng la k’homphieutha ea hao
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 4]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leka ho e Sebelisa
1 Penya setšoantšo kapa linki ea “Kopitsa.” Setšoantšo se tla hlaha e le PDF. E printe ’me u e fe ngoana hore a e tlatse kapa a arabe lipotso tse hlahang ho eona.
2 Ho sheba video, penya “Bapala.”