Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb14 maq. 18-19
  • Ba Ananela Watchtower ONLINE LIBRARY

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ananela Watchtower ONLINE LIBRARY
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Websaete ea Rōna e Molaong—E Sebelisetse Thuto ea Botho le ea Lelapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Laebrari e Holong ea ’Muso e ka re Tsoela Molemo Joang?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • Khatiso e Ncha ea ho Etsa Lipatlisiso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Na U Sebelisa JW Library?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
yb14 maq. 18-19

LINTLHA TSA SEHLOOHO TSA SELEMO SE FETILENG

Ba Ananela Watchtower ONLINE LIBRARY

Ka la 28 June, 2013, Websaeteng ea jw.org ho ile ha etsoa tsebiso ea hore Watchtower ONLINE LIBRARY (WOL) e sa tsoa roba rekoto ka hore e fumanehe ka lipuo tse 100. Batho ba ka etsa lipatlisiso laebraring ena joalokaha ba li etsa ho Watchtower Library, e ho CD-ROM. Laebrari ena e ka sebelisoa lisebelisoeng tse ngata tsa elektronike tse khonang ho kena Inthaneteng, tse kang lik’homphieutha tsa ka tlung, li-laptop, li-tablet le li-smartphone. Likhatiso tse ngata ke tsa selemo sa 2000 ho ea pele. Lipuo tse ngata li boetse li na le Phetolelo ea Lefatše le Lecha le Insight on the Scriptures. Re ka batla boitsebiso ka lentsoe, poleloana kapa mantsoe a ’maloa, feela joalokaha re etsa ha re sebelisa Watchtower Library. Ha re sebelisa laebrari ena re ka sheba mangolo kapa boitsebiso ka puo e ’ngoe ebe re bo nyalanya le ba puo e ’ngoe. Maikutlo a latelang a bontša kamoo batho ba ananelang thulusi ena ea lipatlisiso kateng:

“Ke lakatsa ho le leboha haholo ka laebrari ena. Ha ke qala ho bona thulusi ena e ncha, ke ile ka e ananela haholo. Ha ke na tsebo litabeng tsa mananeo a k’homphieutha kapa a Inthanete, empa kea bona hore thulusi ena ea ho etsa lipatlisiso e ea ipabola. Websaete ena e bontša ka ho hlaka hore le rata baahelani, barab’abo lōna le Jehova. Tsela eo le entseng laebrari ena ka eona, e bontša hantle hore lea tsotella. Ntate oa ka ea leholimong Jehova o re file mpho e ntle haholo, o re bontša mosa le lerato ka tsela e fetisisang. Ke leboha haholo.”—A., Argentina.

“Ha ke kholoe seo ke se bonang! Thapameng ena ke ile ka sebelisa laebrari ena, ’me ka fumana Secreole sa Haiti, e leng e ’ngoe ea lipuo tse neng li sa tsoa kenngoa. Ke ne ke sa nahane hore nka se fumana. Ho totobetse hore ha le bala lengolo lena lea bona hore ke feletsoe ke mantsoe a teboho. E se eka Jehova a ka hlohonolofatsa mosebetsi oa lōna, ’me moea oa hae o halalelang oa tsoela pele ho le tataisa.”—D.C., United States.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela