Khatiso e Ncha ea ho Etsa Lipatlisiso
Lefatšeng lohle bahoeletsi ba ’nile ba sebelisa hamolemo Watch Tower Publications Index ha ba etsa lipatlisiso. Leha ho le joalo, kaha e na le boitsebiso bo bongata haholo, e hatisitsoe ka lipuo tse seng kae feela. Ka lebaka leo, buka ea Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova e hatisitsoe ka lipuo tse 170. Boholo ba lingoliloeng tseo ho nkiloeng litšupiso ho tsona Tataisong ea ho Etsa Lipatlisiso li qala ka selemo sa 2000. Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ha e ea hatisoa ka lipuo tse seng li ntse li e-na le Index empa e fumaneha ho Watchtower Library le Watchtower—ONLINE LIBRARY. Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso e tla u thusa ho batla likarabo tsa lipotso tsa Bibele, ho fumana boitsebiso mabapi le lintho tseo u amehileng ka tsona, ho lokisetsa liboka tsa phutheho le borapeli ba lelapa.