Sebelisang Karolo ea “E-ba Motsoalle oa Jehova” e Hlahang ho jw.org Tšimong
Websaeteng ea rōna ea jw.org tlas’a “Lithuto Tsa Bibele” ho na le karolo ea “E-ba Motsoalle oa Jehova” eo ho eona ho nang le lipina, livideo le lintho tseo bana ba ka li etsang. Na u kile ua sebelisa lintlha tse hlahang karolong ee ha u le tšimong? Haeba u ithuta Bibele le motsoali ea nang le bana ba banyenyane, e ka ba hantle hore u mo bontše eona. Sena se ka ’na sa mo susumelletsa hore a shebe likarolo tse ling tsa Websaete ea rōna.
Ha mora e mong oabo rōna a ntse a tsamaisa Kingdom News No. 38, o ile a kopana le mosali e mong ea ileng a bala pampitšana eo hang-hang ha a qeta ho mo fa eona. O ne a e-na le bana ba banyenyane ba neng ba batla ho tseba hore na pampitšana eo e bua ka eng. Mora eo oabo rōna o ile a hlalosa hore na e bua ka eng ’me a ba bontša Websaete ea rōna leqepheng le ka morao. Kaha mosali eo o ne a thahasella, mor’abo rōna o ile a bapalla mosali eo le bana ba hae e ’ngoe ea livideo tsa Kalebe selefounong ea hae.
Morali e mong oabo rōna o ile a bolella motho ea sebetsang le eena ea nang le bana ba banyenyane ka Websaete ea rōna le ka boitsebiso boo e nang le bona bo buang ka malapa. Mosali eo o ile a kena ho jw.org le bana ba hae. Hamorao mosali eo o ile a bolella morali’abo rōna hore bana ba hae ba ne ba ntse ba pota-pota ntlo ba bina “Bolelang Lentsoe,” e leng e ’ngoe ea lipina tse hlahang karolong ea “E-ba Motsoalle oa Jehova.”
E ka ba hantle hore u itloaetse ho kena karolong ena ea jw.org ’me u kopiletse lipina, livideo le lintho tseo bana ba ka li etsang sesebelisoeng sa hao sa elektronike. Ha u etsa joalo, u tla lula u itokiselitse ho sebelisa karolo ena e ho jw.org tšimong. Ruri ena ke thulusi ea bohlokoa haholo e re thusang ho sebeletsa Morena joaloka makhoba!—Lik. 20:19.