Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/08 leq. 3
  • Matsatsi a ho Qetela—A Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matsatsi a ho Qetela—A Eng?
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Tšepisa Daniele Moputso o Babatsehang
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Buka ea Daniele le Uena
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • O Matlafatsoa ke Lenģosa le Tsoang ho Molimo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Daniele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 4/08 leq. 3

Matsatsi a ho Qetela—A Eng?

HO BEHILOE tsebiso fensetereng ea lebenkele, e reng: “Ke Matsatsi a ho Qetela.” Molaetsa oo o hlakile. O ka ’na oa bolela hore linyehlisetso li haufi le ho fela kapa hore haufinyane lebenkele leo le tla be le koaloa. Empa ho thoe’ng haeba motho e mong a re: “Re phela matsatsing a ho qetela”? Seo se bolela eng?

Ke khale batho ba sebelisa poleloana e reng ‘matsatsi a ho qetela’ le e reng ‘nako ea bofelo.’ (2 Timothea 3:1; Daniele 12:4) Lilemong tse fetang 2 500 tse fetileng, moprofeta Daniele o ile a bontšoa ka pono mebuso ea lefatše le liqhoebeshano tse neng li tla ba teng ho fihlela “nakong ea bofelo.” O ile a bolelloa hore se boleloang ke lipono tseo se ne se tla hlaka ha nako eo e fihla. (Daniele 8:17, 19; 11:35, 40; 12:9) Daniele o ile a boela a re: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.

Jesu Kreste o ile a bua ka “bofelo” ha a ne a araba potso e mabapi le ‘pontšo ea ho ba teng ha hae le ea qetello ea tsamaiso ea lintho.’ (Matheu 24:3-42) Kamoo ho bonahalang kateng, Daniele le Jesu ba ne ba bua ka bofelo—e leng phetoho e khōlō e neng e tla ama batho ba phelang lefatšeng le ba kileng ba phela ho lona. Daniele o ile a ngola ka ho fela ha mebuso eohle ea lefatše. Jesu o ile a bua ka “qetello ea tsamaiso ea lintho.”

Na u lokela ho thahasella hore na see se bolela’ng? E. Batho bohle ba lokela ho se thahasella, kaha bohle baa ameha. Leha ho le joalo, ba bangata ha ba nkele taba ena hloohong. Bibele e ile ea bolela esale pele: “Matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ka ho soma ha bona, ba tsoela pele ho ea ka litakatso tsa bona ba re: ‘Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’” (2 Petrose 3:3, 4) Ba bang kajeno ba nka hore lintho tseo e leng khale li etsahala li tla ’ne li tsoele pele ho etsahala, ha ho mohla lintho li tla ke li fetohe bophelong.

Na ho na le bopaki leha e le bofe ba hore ruri re phela nakong eo Bibele e reng ke matsatsi a ho qetela? A re boneng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela