Ho Ipabola ’Minong oa Opera
KA MONGOLI OA TSOHA! ITALY
SEBINI se ema lipasha, se shebile pele, se ntšitse lifuba ’me se phutholotse sefahleho. Ka mor’a hore sehlopha sa ’mino oa liletsa se bule khoro, sebini sa tinoro se ntša lehlaso le monate le lebeletsoeng ka cheseho. Se bina ka tsela e kang e itlela feela, ’me ekare hase sona se binang. Qetellong ea lehlaso leo le monate mokhopi o hlaba litlatse.
’Mino oa opera ke tšoantšiso e etsoang ke libini tse tsamaisanang le sehlopha sa ’mino oa liletsa. Na u rata ’mino oa opera? Na u kile ua ea holong ea ’mino oa opera? U nahana hore ke’ng e etsang hore sebini sa ’mino oa opera se bine ka lentsoe le monate?
Lentsoe ke Seletsa sa ’Mino
Lentsoe ke mpho e babatsehang eo Molimo a re fileng eona, ’me ka ho loketseng le ’nile la bitsoa seletsa sa ’mino. Le hoja e le ba seng bakae feela ba ka binang joaloka sebini sa opera, ho batho ba bangata ho bina ke ntho e tloaelehileng feela joaloka ho ja le ho robala. Ebang u kheleke kapa u letlaila, ha ho pelaelo hore u tla thahasella ho tseba haholoanyane kamoo “seletsa” sena se sebetsang kateng.
Kolu ke eona e hlileng e hlahisang molumo oa lentsoe. Kolu ke lefufuru le nang le mesifa e ’meli e menyenyane eo ha e le hantle e leng eona e ntšang molumo. Molumo o hlahisoa joang? Ha motho a hema ka tsela e tloaelehileng mesifa ea kolu ea phutholoha, ’me qoqotho ea buleha. Ha u bina, ho kena moea o mongata kolung, qoqotho ea sesefala, mesifa ea kolu ea thothomela ebe joale ho tsoa molumo. Ha motho a tiisa mesifa eo, e thothomela hangata le ho feta ’me lentsoe le tsoa le le lesesaane. Ho hemela tlaase ho phutholla mesifa ea kolu ’me qoqotho ea buleha, ’me ho thothomela hoa fokotseha, e leng ho hlahisang lentsoe le tebileng.
Mokhoa oa ho Bina le Kaheho ea ’Mele
Ha Enrico Caruso e sa le mohlankana o ne a e-na le lentsoe le monate haholo; empa le ne le se matla. Le ile la matlafatsoa ke ha a le koetlisa. Lentsoe le monate ke mpho ea tlhaho eo motho a nang le eona, empa ho motho ea binang opera, mokhoa oo a binang ka oona le oona ke oa bohlokoa. Sebini se lokela ho ithuta tsela ea ho hema e le hore se be le moea o lekaneng. Joale se lokela hore se ithute ho o laola. Ho boleloa hore sebini se tummeng sa lekholong la bo18 la lilemo se bitsoang Carlo Broschi, se tsejoang e le Farinelli, se ne se ka bina linoto tse 150 ha se ne se hutse moea hanngoe feela.
Libini tsa opera le tsona li lokela ho ithuta ho bina ka tsela e tla etsa hore ’mele e li thuse ho ntša lentsoe le le phefa. Litsebi tse ling li re likhopo ke tsona tse thusang motho ha a bina linoto tse tebileng le hore ha a bina linoto tse phahameng, o thusoa ke lesapo la mohlahare le la sefahleho.
Batho ba bangata ba nahana hore ho bina ho itsoela ’metsong feela. Leha ho le joalo, ka nepo ho ’nile ha thoe ’mele oohle oa motho oa bina, ka kutloisiso ea hore o sebelisa matla ’ohle a hae a ’meleng. Motho o boetse o lokela ho laola hantle tsela eo a tsamaisang mesifa eohle ea hae ka eona. Kahoo, sebini sa opera se lokela ho ba sefutho, se be matla ’me mohlomong leo ke lona lebaka le etsang hore libini tse ling tsa opera e be batho ba batenya. Maria Callas e ne e le se seng sa libini tse tummeng ka ho fetisisa tsa ’mino oa opera tsa lekholong la bo20 la lilemo, empa ba bangata ba lumela hore ha a theola boima ba ’mele ka sekhahla ka lebaka la ho itima lijo ka ho feteletseng, seo ke sona se ileng sa etsa hore lentsoe la hae le felloe ke matla.
Tsoelo-pele ’Minong oa Opera
Ha nako e ntse e ea, tsela eo ’mino oa opera o binoang ka eona e ile ea fetoha. A re hlahlobeng mehlala e ’meli feela ea seo. ’Mino oa opera o ile oa binoa ka matla le ka sefutho ha o se o bineloa liholong tsa oona tse khethehileng, ho fapana le ha o ne o bineloa tlaase likerekeng kapa libakeng tse ling tse nyenyane. Sena se ile sa matlafatsoa le ho feta ke ha ho se ho sebelisoa lihlopha tse khōloanyane tsa ’mino oa liletsa ho tšoana le se neng se sebelisoa ke Verdi le Wagner, ho se ho sa sebelisoe tse nyenyane tse neng li sebelisoa ke Mozart. Lekholong la bo17 le la bo18 la lilemo esita le ho kenella lekholong la bo19 la lilemo, ’mino oa opera o ne o laoloa ka ho feletseng ke hore na sebini se ipabola hakae kapa mokhoa oo se binang ka oona. Tsela eo o neng o binoa ka eona bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo e ne e fapane haholo. Nakong ena, le hoja lentsoe e ne e ntse e le la bohlokoa ’minong oa opera, e ile ea e-ba karolo e ’ngoe feela ea lintho tsa bohlokoa ’minong oo.
Ha batho ba bona hore ’mino oa opera o na le monyetla oa hore o hōle, ba ile ba hlahisa lipina tse ngata. Baqapi ba kang Paisiello, Cimarosa, Gluck, Mozart, Donizetti, Rossini, Bellini, Wagner, Verdi, Puccini, Bizet, Meyerbeer le Mascagni, ha re bolela ba seng bakae feela ba tummeng haholo, ba ile ba ngola lipina tse ngata tse sa lebaleheng tse susumetsang maikutlo.
Mekhoa e Feteletseng ’Minong Ona
Ho boetse ho bile le linako tse thata paleng ea ’mino oa opera. Ak’u nahane ka libini tsa maqhalaha tseo ka lilemo tse lekholo e neng e le tsona tse li hulang pele ’minong oa opera, Italy.a Bashanyana ba tlaase lilemong ba ne ba etsoa maqhalaha e le hore ba lule ba e-na le mantsoe a masesaane a chorileng. Guido Tartoni o re: ‘Kereke ke eona e ileng ea etsa hore mokhoa ona o ate kaha e ne e thibetse basali ho bina ka likerekeng.’
Libini tse tummeng tsa opera li fetohile likhalala, ’me balateli ba bang ba tsona ba ’nile ba li rapela. Mohlala o mong oa sena o ile oa bonahala lepatong la Luciano Pavarotti. Maria Callas o ne a bitsoa La Divina (ea Halaleleng), ’me Joan Sutherland a bitsoa La Stupenda (ea Hlollang). Leha ho le joalo, ntho e entseng hore ’mino oa opera o ratoe haholo, ke hobane o thabisa bamameli.
Mohlomong nakong e tlang u ka ’na ua utloa motho a bina pina e ratoang ka lentsoe la soprano. Mohlang u mo utloang, ak’u iphe nako ’me u nahane ka koetliso le boikitlaetso tse ileng tsa hlokahala e le hore a be le lentsoe le monate hakaalo. Seo se ka ’na sa u susumelletsa hore u qale ho nahana ka ’mino oa opera joaloka mongoli e mong ea ileng a o bitsa “tsela ea ho kopanya mantsoe le ’mino ho etsa hore thothokiso . . . e hlahelle e le ’mino o mathe-maloli.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka maqhalaha ana, bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea February 8, 1996, leqepheng la 11-14.
[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 12]
TSELA EO MANTSOE A AROLOANG KA EONA
Coloratura soprano: Ke lentsoe la mosali ea khonang ho bina ka potlako linoto tse phahameng. Sebini se atisa ho bapala karolo ea motho ea mahlahahlaha, ea masene.
Lyric soprano: Ke lentsoe le tiileng la mosali. Sebini se bapala karolo ea motho ea amehileng maikutlo kapa ea nang le maikutlo a lerato.
Dramatic soprano: Ke lentsoe la mosali le batlang le tebile. Ka tloaelo, sebini se bapala karolo ea motho ea tletseng bophelo.
Mezzo-soprano: Ke lentsoe la mosali le tiileng le le tebileng ho feta la ea binang dramatic soprano. Sebini se atisa ho bapala karolo ea mosali ea hōlileng kapa ea hanyetsang.
Contralto: Ke lentsoe le sa tloaelehang la mosali. Sebini se bapala karolo e tšoanang le ea se binang mezzo-soprano.
Tinoro: Ke lentsoe la monna le kang la soprano—ea binang ka lentsoe le phahameng, ea nang le maikutlo a lerato a bile a tletse bophelo. Hangata sebini se bapala karolo ea mohlankana ea nang le kharebe kapa mohale.
Barathone: Ke lentsoe le pakeng tsa tinoro le bese. Sebini se bapala karolo ea abuti, ntate kapa sera.
Bese: Ke lentsoe la monna le tebileng ka ho fetisisa, ’me le arotsoe ka likarolo tse tharo: brilliant, cantante le profundo. Karolo ea pele ke e loketseng libapali tse tletseng bophelo, tse mahlahahlaha; ea bobeli ke ea tse amehileng maikutlo; ’me ea boraro ke ea tse bontšang maikutlo a tebileng.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Sethala sa holo ea ’mino oa opera
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Holo ea ’mino oa opera
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng la 10]
Stage: Philip Groshong for The Cincinnati Opera; house: Courtesy of Tourism Office of Budapest