Moo Lipopae li Tantšetsang ’Mino oa Opera
KA MONGOLI OA TSOHA! AUSTRIA
“RURI lehlaso e ne e le le monate, empa se neng se hlolla haholo e bile tsela eo lipopae li neng li tjeka ka eona. Lipopae tsena li khona ho tenyetseha ka tsela e hlollang ho feta tsela leha e le efe eo nkileng ka bona lipopae li tenyetseha ka eona nakong e fetileng!”
Ebe sebui see se bua ka boithabiso bo etsoang ka lipopae molemong oa bana? Che. U ka ’na ua makatsoa ke hore mantsoe ao a builoeng ka cheseho ke a motho e moholo ea neng a tlil’o shebella opera. Opera ee e ikhethang e ne e tšoaretsoe kae? E ne e tšoaretsoe holong e ikhethang ea opera e Salzburg, Austria, motseng oo moqapi ea tummeng oa lipina ea bitsoang Mozart, a hlahetseng ho oona.
Empa na u se u kile ua utloela ka lipopae tsa lehong tse bolelele ba halofo ea mithara ho ea ho mithara, tse thabisang batho liholong tsa opera? Sena ke se etsahalang Holong ea Lipopae ea Salzburg. Ha lipopae li qala ho tantša sethaleng, joang kapa joang bashebelli baa nkeha, ba kena lefatšeng le leng—lefatše leo e seng la sebele le la ’mino o hapang maikutlo.
Ho Kopanya Ntho ea Sebele le eo e Seng ea Sebele
Ha ’mino oa selelekela o qala ’me kharetene e phahama bakeng sa ketsahalo ea pele, ka linako tse ling bashebelli ba makatsoa ke seo ba se bonang. Na lipopae tseo ke tsona tsa lehong tse tsamaeang sethaleng le ho itlhekehla joalokaha eka ke tsona tse ntseng li bina? Hona ho thoe’ng ka likhoele tse tšesaane tse hlaheletseng ka holim’a lihlooho tsa lipopae tsee? Baeti ba bang ba ka ’na ba sareloa, ba re, ‘Ha ho na ntho e patehileng—re bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang!’ Hape ha ho na sehlopha sa ’mino oa liletsa. Ho bonahala taba ea ho bapala ’mino o rekotiloeng oa opera e sa ipiletse. Motho ea tloaetseng ho shebella opera a ka ’na a teneha ’me a re, ‘Ba tl’o re tenela’ng!’ Empa ak’u be butle hanyenyane! Butle-butle, ba bile ba sa lemohe, bashebelli ba qala ho fetola maikutlo.
Ka mor’a hore lipelaelo tsa bashebelli li fele, lipopae li qala ho siea bashebelli ba hloletsoe. Ntho eo e seng ea sebele e qala ho bonahala joalokaha eka ke ea sebele. Likhoele tsa silika tse tsamaisang lipopae ha li sa bonahala. Bashebelli ha ba hlolloe ke motjeko oa lipopae feela, empa ba boetse ba hlolloa ke taba e sa tloaelehang ea hore lipopae li thabisa batho holong e nyenyane ea opera. Joale ka potlako sena ha e sa ba ntho e makatsang, ’me ka nako le motsotso bashebelli ba lebala hore ba shebeletse lipopae tse sa pheleng. Lipopae tsena li na le bokhoni bo tsotehang ba ho thabisa esita le bashebelli ba ntseng ba e-na le pelaelo, li etsa hore ba iphumane ba le lefatšeng le lenyenyane la lipopae.
Se Etsahalang Sethaleng le ka Mor’a Sona
Se etsahalang ka mor’a sethala se ntse se hlolla joaloka se etsahalang sethaleng. Batšoantšisi ba sebele ke bona ba bapalisang lipopae tsena ka mor’a sethala—kapa ho bua ’nete—ka holim’a sethala moo ba sebetsang ba eme borokhong. Ha ba bapalisang lipopae ba ntse ba sotha matsoho le ho a phethola, joalokaha eka ba bua puo e itseng ea matsoho, lipopae lia bina, lia lla, li loantšana ka libetsa, kapa li bontša tlhompho—ka tsela e tšoanang hantle le eo batšoantšisi ba opera ba neng ba tla etsa ka eona.
The New York Times e kile ea hlalosa se etsang hore mosebetsi ona e be o hlollang: “Ka mor’a sethala, batho ba ka phetha karolo ea motho oa lilemo leha e le life, oa bong leha e le bofe; ’me seo ba lokelang ho ba le sona se seng feela: ke ho ba le tsebo e chatsi.” ’Me tsebo eo ba bapalisang lipopae Salzburg ba nang le eona ea ho etsa eka lipopae lia phela, ka sebele ea babatseha.
Ho Etsa Lipopae ho E-na le Litšoantšo
Holo ea Lipopae ea Salzburg e ’nile ea sebelisoa ka lilemo tse fetang 90—ho tloha ka 1913 ha sehlopha se seng sa ’mino se ne se bina e ’ngoe ea lipina tsa opera tsa Mozart ka lekhetlo la pele. Mothehi oa holo eo e ne e le Anton Aicher, eo e neng e le ’metli oa litšoantšo. Aicher o ile a ithuta Munich ’me a etsa lipopae tse neng li ka itšisinya ka tsela e kang ea sebele. O ile a hlokomela ka potlako hore o ne a natefeloa ke ho etsa lipopae ho feta ho etsa litšoantšo tse sa sisinyeheng tsa aletareng.
Ha hoa ka ha nka nako e telele hore lelapa lohle labo Aicher le rate boithabiso bona haholo. Lelapa labo le ile la mo thusa ka mafolofolo ho rōkela lipopae liaparo le ho thusa ka ho letsa liletsa tsa ’mino le ho bua moo ho hlokahalang hore ho be le ba buang. Ba ile ba atleha haholo hoo mosebetsi oa bona o ileng oa hōla. Ho tloha ka 1927, ba ile ba memeloa linaheng tse ling ho ea thabisa batho. Mehleng ea kajeno, lipopae li ntse li thabisa batho kamehla linaheng tse ’maloa, tse kang Japane le United States. Batho ba litso tsohle ba rata lipopae tsena tse khahlang.
Na U ka Rata Boithabiso ba Mofuta Oo?
Opera e ’nile ea hlalosoa e le ‘tšoantšiso e tsamaeang le ’mino oa liletsa le mantsoe a libini tseo hangata li aparang moaparo oa teng.’ (The Concise Oxford Dictionary of Music) Mantsoe a lipina tsa opera a ’nile a thehoa litšōmong, historing, tlalehong ea Bibele, kapa paleng e iqapetsoeng. E ka ba a bohloko, a lerato, kapa a tšehisang. Hangata a binoa ka Sejeremane kapa ka Setaliana liholong tsena tsa lipopae. Ka hona, e ka ba bohlale ho hlahloba mantsoe a fetoletsoeng a pina ea opera pele, e le ho bona hore na u tla e thabela kapa che.
Mokreste a ka etsa qeto joang ea hore opera e itseng e mo loketse? Na o lokela ho etsa qeto a itšetlehile feela ka botumo ba libini? Kapa ho latela monate oa ’mino? Kapa na o lokela ho etsa qeto a itšetlehile ka hore na mantsoe a eona a bua ka eng?
Ka sebele, feela joaloka boithabisong bohle, tsela e molemo eo Mokreste a ka etsang qeto ea hore na o tla mamela kapa a shebelle opera e itseng ke ea hore a bapise seo e buang ka sona le tataiso e fanoeng ke Pauluse, ha a ne a re: “Qetellong, barab’eso, lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”—Bafilipi 4:8.
[’Mapa leqepheng la 8]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
AUSTRIA
VIENNA
Salzburg
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Sehlopha se feletseng sa lipopae se loketseng ho ea thabisa batho liholong tse sa tšoaneng tsa opera
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Holo ea Lipopae ea Salzburg
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Anton Aicher, mothehi oa boithabiso bona
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
By courtesy of the Salzburg Marionette Theatre
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 8]
All photos on pages 8 and 9: By courtesy of the Salzburg Marionette Theatre