Kamoo Motsana oa ho Tšoasa Litlhapi o Ileng oa Fetoha Motse o Moholo
KA MONGOLI OA TSOHA! JAPANE
LETSATSING le monate la lehlabula ka August 1590, Ieyasu Tokugawa (ka ho le letona), eo hamorao e ileng ea e-ba shoguna oa pele oa Tokugawa, o ile a fihla motsaneng oa ho tšoasa litlhapi oa Edo o ka bochabela Japane. Buka e bitsoang The Shogun’s City—A History of Tokyo, e re ka nako eo, “ho ne ho e-na le matlo a ka bang makholo a ’maloa a seng boemong bo botle motsaneng oa Edo, a neng a akarelletsa a batho ba boemo bo tlaase le a batšoasi ba litlhapi.” Ho ne ho e-na le qhobosheane e neng e lahliloe kherehloa e neng e ile ea hahoa lilemo tse fetang lekholo pejana.
Motsana ona, oo ka makholo a lilemo o neng o sa tsejoe, o ne o tla fetoha Tokyo, motse-moholo oa Japane, o be o hōle ho ba motse o moholohali—oo seterekeng seo o leng ho sona ho lulang batho ba fetang limilione tse 12. Tokyo e ne e tla hōla hore e be motse o ipetsang pele ho tsa theknoloji, mekhoa ea puisano, lipalangoang le khoebo, hammoho le ho ba setsi sa mekhatlo e hlaheletseng ea lichelete. Phetoho e hlollang joalo e bile teng joang?
Motsana oa ho Tšoasa Litlhapi e ba Motse o Moholo oa Shogun
Lilemo tse lekholo ka mor’a 1467, marenana a ile a arola Japane ka libaka tse laoloang ke ’ona. Qetellong, Hideyoshi Toyotomi, morenana e mong ea neng a tsoa lelapeng la boemo bo tlaase, o ile a atleha ka tsela e itseng ho kopanya sechaba ’me ka 1585 ea e-ba motšoareli oa morena. Qalong, Ieyasu o ile a loantša Hideyoshi ea matla, empa hamorao o ile a kopanya mabotho a hae le a Hideyoshi. Ba le ’moho, ba ile ba thibella qhobosheane e Odawara, e leng qhobosheane ea leloko le neng le le matla la Hōjō, ba e hapa, ka hona, ba atleha ho hapa sebaka sa Kanto se ka bochabela Japane.
Hideyoshi o ile a fa Ieyasu sebaka se seholo sa liprofinse tse robeli tsa Kanto, seo pele boholo se neng se oela tlas’a puso ea Hōjō, ’me a mo lebisa ka bochabela ho sebaka seo a neng a le ho sona. Ho bonahala a ne a rerile sena ka hloko e le ho suthisetsa Ieyasu hōle le Kyoto, moo moemphera—moeta-pele oa Japane ka lebitso feela—a neng a lula teng. Ho sa tsotellehe seo, Ieyasu o ile a lumela ’me o ile a fihla motsaneng oa Edo joalokaha ho boletsoe qalong. O ile a kena mosebetsing oa ho fetola motsana ona oa boemo bo tlaase oa ho tšoasa litlhapi hore e be setsi sa puso ea hae.
Ka mor’a lefu la Hideyoshi, Ieyasu o ile a etella pele mabotho a ikopantseng, boholo e le a tsoang ka bochabela Japane, ho ea loana le mabotho a ka bophirimela, ’me ka 1600, o ile a hlōla ka letsatsi le le leng feela. Ka 1603, Ieyasu o ile a behoa hore e be shogun, ea e-ba eena ea busang sechaba. Joale motsana oa Edo o ile oa fetoha setsi sa tsamaiso sa Japane.
Ieyasu o ile a laela marenana a mang hore a fane ka banna le thepa ea ho haha qhobosheane e khōlōhali. Ka nako e ’ngoe, likepe tse ka bang 3 000 li ile tsa sebelisoa ho tsamaisa majoe a maholohali a morema-phofu a neng a betliloe mafikeng a maholo Hloahloeng ea Izu, lik’hilomithara tse ka bang 100 ho ea ka boroa. Ha majoe ao a morema-phofu a laolloa boema-kepe, sehlopha sa banna ba lekholo kapa ho feta se ile sa hula majoe ao ho a tlisa setšeng.
Qhobosheane ena, eo e leng eona e khōlō ka ho fetisisa Japane, e ile ea qetoa lilemo tse 50 hamorao, nakong ea puso ea shogun oa boraro, ’me e bile letšoao le hlollang la puso e matla ea Tokugawa. Bahlabani ba neng ba sebeletsa shogun ba ile ba lula sebakeng se potolohileng qhobosheane. Shogun o ne a batla hore marenana a be le libaka tse khōlō tsa bolulo, ho phaella liqhobosheaneng tse neng li le teng sebakeng sa ’ona.
E le ho finyella litlhoko tsa bahlabani, lihlopha tsa bahoebi le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho li ile tsa tla ka bongata ho tsoa libakeng tse fapanang tsa naha. Ka 1695—hoo e ka bang lilemo tse lekholo ka mor’a hore Ieyasu a fihle sebakeng sena—baahi ba Edo ba ne ba se ba etsa milione! E ile ea e-ba motse o moholo ka ho fetisisa lefatšeng mehleng eo.
Bahlabani Baa Boba ’me Bahoebi Baa Eketseha
Puso ea shogun e ne e atlehile ho boloka khotso hoo bahlabani ba ileng ba hloka seo ba se etsang. Ke ’nete hore bahlabani ba ne ba ntse ba ikotla lifuba ka mosebetsi oa bona, empa mosebetsi oa bahlabani o ile oa fokotseha butle-butle, ’me ha ata bahoebi ba neng ba sebelisa mechine ea boholo-holo e kopanyang lipalo e neng e tloaelehile Linaheng Tsa Bochabela. Ka lilemo tse fetang 250 ho ne ho rena khotso. Baahi ka kakaretso, haholo-holo bahoebi, ba ile ba atleha maruong ’me ba thabela ho ipusa. Ho ile ha hlaha setso se ikhethang.
Baahi ba ile ba rata ho shebella litšoantšiso tse tummeng tsa Kabuki (litšoantšiso tsa mehleng ea khale), Bunraku (lipopae tse thabisang batho holong) le rakugo (metlae e phetoang). Mantsiboeeng a lehlabula le chesang, batho ba ne ba bokana mabōpong a pholileng a Nōka ea Sumida, hona moo motse oa Edo o neng o le hona teng. Ba ne ba boetse ba shebella ho qhoma ha litlelabore, e leng mokhoa oo le kajeno o ntseng o le teng.
Leha ho le joalo, motse oa Edo o ne o ntse o sa tsejoe ke linaha tse ling lefatšeng. Ka lilemo tse fetang 200, sechaba se ne se hanetsoe ho sebelisana le batho ba tsoang linaheng tse ling haese Madache, Machaena le Makorea—empa le teng se ne se sa lokela ho sebelisana le ’ona haholo. Joale ka letsatsi le leng ho ile ha etsahala ntho e sa lebelloang e ileng ea fetola mokhoa oa motse le oa sechaba seo.
Edo e Fetoha Tokyo
Ka le leng, ka tšohanyetso ho ile ha hlaha likepe tse sa tloaelehang haufi le lebōpo la Edo, tseo ho neng ho thunya mosi o motšo ho tsona. Batšoasi ba maketseng ba ne ba nahana hore ke lithaba tse foqohang seretse se chesang tse hohotsoeng ke metsi! Ho ile ha tlala taba ea bo-ba-re ’me batho ba bangata ba baleha motseng.
Likepe tseo tse ’nè tse kolokileng, tse neng li eteletsoe pele ke Molaoli Matthew C. Perry oa Lebotho la Metsing la United States, li ile tsa emisa Koung ea Edo ka la 8 July, 1853 (ka ho le letšehali). Perry o ile a kōpa hore naha ea habo e hoebisane le ea Japane e neng e busoa ke shogun. Boeti boo ba Perry bo ile ba bula Majapane mahlo, a lemoha hore na a ne a saletse morao hakaakang litabeng tsa sesole le tsa theknoloji ha a bapisoa le linaha tse ling tsa lefatše.
Sena se ile sa etsa hore ho be le liketsahalo tse ngata tse ileng tsa lebisa ho oeng ha puso ea Tokugawa le ho khutlela pusong ea moemphera. Ka 1868, motse oa Edo o ile oa rehoa Tokyo, e bolelang “Motse-moholo o ka Bochabela,” e leng moo e bonahalang e le hona teng ha motho a le Kyoto. Moemphera o ile a tloha ntlong ea borena e Kyoto a fallela qhobosheaneng ea Edo, eo hamorao e ileng ea fetoloa Ntlo ea Borena e ncha.
’Muso o mocha o ile oa susumetsoa ke mekhoa ea Linaha Tsa Bochabela, ’me oa kena mosebetsing oa ho etsa hore Japane e kheme le linako. E ne e saletse morao linthong tse ngata. Ba bang ba re nako ena e bile ea mehlolo. Ka 1869, ho ile ha qala ho sebelisoa thelegramo pakeng tsa Tokyo le Yokohama. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha etsoa seporo sa terene se kopanyang metse eo e ’meli. Ho ile ha runya matlo a hahiloeng ka litene har’a a neng a hahiloe ka lehong. Ho ile ha hahoa libanka, lihotele, mabenkele le lireschorente. Ho ile ha hahoa liunivesithi tsa pele. Litsela tsa kerabole li ile tsa fetoloa literata tse katiloeng hantle. Liketsoana tse tsamaisoang ka enjene ea mashala li ile tsa nyolosa le ho theosa Nōkeng ea Sumida.
Ponahalo ea batho le eona e ile ea fetoha. Boholo ba ne ba apara li-kimono, empa butle-butle Majapane a ile a apara liaparo tsa batho ba Bophirimela. Banna ba nang le litelu ba ne ba roala likatiba tsa sekhooa tse motlorutlo le ho tšoara lirotang, ha basali ba bang ba ne ba apara mese e metle ’me ba ithuta ho tantša waltz.
Biri e ile ea khema hammoho le sake, joala ba setso ba Sejapane, ’me papali ea baseball ea qothisana lehlokoa le ea ho betana ea sumo ho tse ratoang ka ho fetisisa sechabeng. Joalokaha eka ke seponche, Tokyo e ile ea monya mekhoa le likhopolo tsa lipolotiki tsa mehleng eo ’me ea li sebelisa. Motse oo o ile oa tsoela pele o hōla ho fihlela ha ka letsatsi le leng o oeloa ke koluoa.
O Tsosolosoa Moloreng
Ka la 1 September, 1923, ha batho ba bangata ba ne ba itokisetsa ho ja lijo tsa motšehare, ho ile ha e-ba le tšisinyeho e matla ea lefatše sebakeng sa Kanto, e ileng ea lateloa ke tse makholo tse nyenyane, ho akarelletsa le e ’ngoe e khōlōhali lihora tse 24 hamorao. Le hoja tšenyo e bakiloeng ke tšisinyeho ea lefatše e ne e le khōlō, tšenyo e feteletseng e ile ea bakoa ke mello e ileng ea qhoma ka mor’a moo, ea chesa Tokyo lore! Ho ile ha shoa batho ba fetang 100 000, ’me ba 60 000 e ne e le ba Tokyo.
Batho ba Tokyo ba ile ba qala mosebetsi o moholo oa ho haha motse bocha. Ka mor’a hore motse o tsosolosoe ho ea bohōleng bo itseng, o ile oa boela oa oeloa ke koluoa e ’ngoe—ha o ne o hlaseloa ke lebotho la moeeng Ntoeng ea II ea Lefatše. Se ileng sa baka thipitlo ka ho khetheha, e bile libomo tse hakanyetsoang ho tse 700 000 tse ileng tsa liheloa motseng oo bosiung ba la 9/10 March, 1945, ho tloha ka khitla ho fihlela ha hora e ka ba ea boraro hoseng. Mehaho e mengata e ne e le ea lehong, ’me libomo—tse nang le napalm hammoho le liqhomane tse ling tse ncha tse qhomisang mollo, tse nang le magnesium le peterole e sheqesheqe—li ile tsa chesa motse oo o nang le sepenya sa baahi, tsa bolaea batho ba fetang 77 000. Eo e bile phutuho ea libomo e bakileng tšenyo ka ho fetisisa historing ho sa sebelisoe libomo tsa nyutlelie.
Ho sa tsotellehe koluoa eo, ka mor’a ntoa motse oa Tokyo o ile oa tsosolosoa moloreng ka tsela eo ho seng e tšoanang le eona. Le pele lilemo tse 20 li feta, ka 1964, motse oo o ne o tsosolositsoe hoo Lipapali Tsa Liolimpiki Tsa Lehlabula li ileng tsa tšoareloa hona teng. Lilemong tse mashome a mane tse fetileng ho ’nile ha hahoa ho sa qetoe ho atolosa motse.
Boikutlo ba Batho ba Tokyo bo ba Thusa ho Hlōla Mathata
Motse ona oo hona joale o tsejoang e le Tokyo o se o e-na le lilemo tse 400 o le teng, empa hase oa khale hakaalo ha o bapisoa le metse e meng e meholo lefatšeng. Le hoja ho e-na le likarolo tse itseng motseng tse nang le lintho tsa mehleng ea khale, ke mehaho e seng mekae feela eo e leng ea mehleng ea khale. Leha ho le joalo, ha motse ona o shebisisoa hantle, ho na le lintho tse bontšang hore o simolohile mehleng ea Edo ea boholo-holo.
Hare motseng ona ho na le sebaka se seholo se lenngoeng. Hona joale Ntlo ea Borena ea Moemphera le mabala a eona li sebakeng seo pele e neng e le qhobosheane ea Edo. Marangrang a litsela tse khōlō a tsoa motseng ona, ho latela moralo oa motse oa boholo-holo oa Edo. Esita le literata tse matsoelintsoeke ho pholletsa le motse li etsa hore motho a hopole motse oa boholo-holo oa Edo. Ha e le hantle, boholo ba literata tsa mona ha li na mabitso! Ho na le litša tse ngata tse sa tšoaneng ka boholo le ka sebōpeho sa tsona, ho fapana le metseng e meng e meholo lefatšeng moo ho nang le literata tse hlophisitsoeng tsa matlo a batlang a tšoana a kolokileng.
Empa ntho ea bohlokoa e ntseng e setse bathong ba Tokyo ke boikutlo ba bona—ba ho amohela se secha, haholo-holo lintho tsa linaheng tse ling, hammoho le ho khona ho hlaphoheloa mathateng le ho ikemisetsa ho tsoela pele ho sa tsotellehe litšisinyeho tsa lefatše, ho theoha ha moruo ka nako e telele hammoho le mathata a bakoang ke sepenya sa baahi. Ak’u tl’u inoesa ka nkho motseng ona o tletseng bophelo oa Tokyo—motsana oa ho tšoasa litlhapi o ileng oa hōla, o ne o sa tsejoe ’me ea e-ba o hlaheletseng machabeng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Shogun e ne e le molaoli oa lebotho la Japane ka tsoalo eo e neng e le ’musi ea filoeng matla ’ohle a ho busa empa a le tlas’a boeta-pele ba moemphera.
[’Mapa leqepheng la 11]
JAPANE
TOKYO (Edo)
Yokohama
Kyoto
Osaka
[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]
Tokyo kajeno
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ken Usami/photodisc/age fotostock
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 11]
© The Bridgeman Art Library
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 13]
The Mainichi Newspapers