Bokamoso bo Sireletsehileng Pusong ea Molimo
HAUFINYANE matšoenyeho a rōna ka bokamoso a tla fela, kaha Molimo o tla laola Lefatše ka ho theha puso ea hae e bitsoang ’Muso oa Molimo. Jesu Kreste o ne a nahanne ka bokamoso boo bo hlollang ha a ne a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”—Matheu 6:9, 10.
’Muso oa Molimo o ke ke oa sebelisana le baeta-pele ba batho ba lipolotiki kapa hona ho ba sebelisa. Ho e-na le hoo, o tla felisa mesaletsa eohle ea puso ea batho, joalokaha ho bontšitsoe boprofeteng bo latelang ba Daniele bo buang ka ‘matsatsi a ho qetela’ ao re phelang ho ’ona. (2 Timothea 3:1) “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. . . . O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela [ea batho], ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Daniele 2:44) Mantsoe ao ha a fane ka matšeliso kapa tšepo ho batho ba khethang ho busoa ke batho ba bang, empa a fana tšepo e khanyang ho bohle ba ratang ha Molimo a busa ka ’Muso oa hae.
Bokamoso bo Babatsehang!
Ha ’Muso oa Molimo o se o busa lefatšeng lohle, bafo ba oona ba ke ke ba aroloa ke lipolotiki, morabe, bolumeli kapa meeli ea linaha. Ho e-na le hoo, e tla ba mokhatlo oa lefatše oa bana ba motho o kopantsoeng ke ’nete ea Molimo le ke lerato la sebele. (Johanne 13:34, 35; 17:3, 17) Pusong ea ’Muso oo, “ea lokileng o tla atleha” ’me “khotso e tla ba ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo.”—Pesaleme ea 72:7.
Ho phaella moo, ’Muso oa Molimo o tla etsa hore batho ba ikokobelitseng ba phethahale kelellong le ’meleng, ’me o felise ho kula hohle, mahlomola le lefu. (Tšenolo 21:3, 4) Phello e tla ba efe? Lefatše la rōna e tla ba paradeise ea sebele, ’me seo se phethahatse morero oa Molimo oa qalong joalokaha o boletsoe Edene.a—Genese 1:28.
Litaba Tseo e Leng Tsona Feela Tse Molemo
Ha Jesu a fana ka pontšo e likarolo li ngata ea “qetello ea tsamaiso ea lintho,” o ile a kenyelletsa karolo e ’ngoe e ikhethang haholo. (Matheu 24:3-7) O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.
Tumellanong le thato ea Molimo, ka 2007 Lipaki Tsa Jehova tse ka bang limilione tse supileng, linaheng tse 236 li ile tsa bolella baahelani ba tsona molaetsa oa ’Muso, ka thabo tsa ithaopela ho qeta lihora tse limilione tse likete li 1,4 li etsa mosebetsi ona. Ke hobane’ng ha Lipaki li kholisehile ka tieo hakaale hore litšepiso tse ka Bibeleng li tla phethahala? Ka sebele karabo e bonolo. Joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša, kamehla Molimo o phethahatsa seo a se tšepisitseng.—Baroma 3:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se leqepheng la 10 se reng, “Pono ea Bibele: Na Lefatše e Tla ba Paradeise?”
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 7]
Bibele e re “khotso e tla ba ngata”