Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp16 no. 5 leq. 16
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
  • ’Muso oa Molimo o tla neng?
  • ’Muso oa Molimo
    Tsoha!—2013
  • ’Muso oa Molimo Ke’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Na ho na le ’Muso o Tsitsitseng o ka Busang Lefatše?—Bibele e Re’ng?
    Lihlooho Tse Ling
  • ’Muso oa Molimo Ke’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
wp16 no. 5 leq. 16
Khanya e tsoang leholimong e khanyetsa lefatše

Bibele e Re’ng?

’Muso oa Molimo ke Eng?

BATHO BA BANG BA LUMELA hore ’Muso oa Molimo ke boikutlo bo ka pelong ea motho; ba bang ba lumela hore batho ke bona ba tla tlisa khotso lefatšeng. Uena u re’ng?

SEO BIBELE E SE BUANG

“Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. . . . O tla silakanya o felise mebuso ena [ea batho] kaofela.” (Daniele 2:44) ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele.

SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG

  • ’Muso oa Molimo o busa o le leholimong.—Matheu 10:7; Luka 10:9.

  • Molimo o sebelisa ’Muso oo ho phethahatsa thato ea hae leholimong le lefatšeng.—Matheu 6:10.

’Muso oa Molimo o tla neng?

UENA U RE’NG?

  • Ha ho na motho ea tsebang

  • Haufinyane

  • O ke ke oa tla

SEO BIBELE E SE BUANG

“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Ka mor’a hore litaba tse molemo li boleloe lefatšeng lohle, ’Muso oa Molimo o tla felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho.

SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG

  • Ha ho motho ea tsebang hore na ’Muso oa Molimo o tla tla neng.—Matheu 24:36.

  • Boprofeta ba Bibele bo bontša hore ’Muso oa Molimo o tla tla haufinyane.—Matheu 24:3, 7, 12.

Hore u fumane lintlha tse eketsehileng, re kōpa u shebe khaolo ea 8 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

U ka boela oa e fumana ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela