Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 1 maq. 12-13
  • ’Muso oa Molimo Ke’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo Ke’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Jesu a se Rutileng ka ’Muso oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ka ’Muso oa Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • ’Muso oa Molimo O-oa Busa
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 1 maq. 12-13
Lefatše le chabetsoeng ke letsatsi

’Muso oa Molimo Ke’ng?

Jesu o ile a ruta balateli ba hae ho rapela, a re ba re: “‘Ntat’a rona ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:​9, 10) ’Muso oa Molimo ke’ng? O etsa’ng? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho rapella?

Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo.

Luka 1:​31-33: “U tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa; Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.”

Molaetsa o ka Sehloohong oo Jesu a Neng a o Ruta ke oa ’Muso oa Molimo.

Matheu 9:​35: “Jesu a qala ho etela metse le metsana eohle, a ruta ka lisynagogeng tsa eona le ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso ’me a phekola lefu la mofuta o mong le o mong le mefokolo ea mofuta o mong le o mong.”

Jesu o ile a fa barutuoa ba hae pontšo ea hore na ba tla bona ka’ng ha ’Muso oa Molimo o se o atametse.

Matheu 24:7: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo le litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.”

Balateli ba Jesu ba ruta batho ka ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle.

Matheu 24:​14: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle, joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”

’Muso oa Molimo

Sebaka. ’Muso oa Molimo ke ’Muso o s’o nts’o busa leholimong hona joale.​—DANIELE 2:​44; MATHEU 4:17.

Lebaka. ’Muso oa Molimo o tl’o etsa lefatše lohle paradeise, moo batho ba tla phela ba thabile ka ho sa feleng ba sa kule.​—PESALEME EA 37:​11, 29.

Babusi. Molimo o khethile Jesu hore e be Morena leholimong hammoho le batho ba 144,000 ba tla beng ba tsoa lefatšeng.​—LUKA 1:​30-33; 12:​32; TŠENOLO 14:​1, 3.

Bafo. Bafo ba ’Muso oa Molimo ba tla phela lefatšeng ba mamela melao ea Molimo ebile ba ikokobelletsa Jesu kaha e tla be e le eena morena.​—MATHEU 7:21.

Ke Hobane’ng ha Jesu e le Eena ea Loketseng Hore a Buse Batho?

Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a bontša hore o tla busa batho ka lerato kaha

  • O ile a qenehela bafutsana.​—LUKA 14:​13, 14.

  • O ne a hloile bobolu le ho hloka toka.​—MATHEU 21:​12, 13.

  • O ile a laola lintho tsa tlhaho.​—MAREKA 4:39.

  • O ile a fepa batho ba likete.​—MATHEU 14:​19-21.

  • O ile a folisa batho ba kulang a ba a ba qenehela.​—MATHEU 8:16.

  • O ile a tsosa bafu.​—JOHANNE 11:​43, 44.

’Muso oa Molimo o U Tsoela Molemo Joang?

U ka thaba le hona joale haeba u khetha ’Muso oa Molimo. Bafo ba ’Muso oa Molimo:

  • Ba ‘phehella khotso le batho bohle.’​—BAHEBERU 12:14.

  • Malapa a bona a thabile hobane baa hlomphana ebile baa ratana.​—BAEFESE 5:​22, 23, 33.

  • Baa thaba ebile baa khotsofala bophelong hobane ‘ba utloa lentsoe la Molimo ’me baa le boloka.’​—LUKE 11:28.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela