Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 1 maq. 14-15
  • Bophelo bo Tla ba Joang Nakong e Tlang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo Tla ba Joang Nakong e Tlang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’MUSO OO BATHO BA O HLOKANG
  • BOPHELO BO BOTLE
  • HO TLA RENA KHOTSO
  • LEFATŠENG MONA HO TLA TLALA BATHO BA BATLANG HO SEBELETSA MOLIMO FEELA
  • HO TLA BA MONATE LEFATŠENG
  • E-ba le Tšepo
    Tsoha!—2018
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Lumella ha Molimo Mahlomola ho Haufi le ho Fela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • ’Muso oa Molimo o Phahametse Mebuso Eohle ka Litsela Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 1 maq. 14-15
Batho ba phelang hamonate Paradeiseng

Bophelo bo Tla ba Joang Nakong e Tlang?

U kile oa ipotsa hore na re tla phela tjee ho fihlela neng? Bibele e bua ka lintho tse tla etsahala haufinyane le hore na li tla re ama joang.

Jesu o ile a hlalosa hore na re tla tseba joang hore “’Muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:​31) Lintho tseo a buileng ka tsona rea li bona lia etsahala hona joale tse kang, lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, khaello ea lijo le mafu a seoa.​—Luka 21:​10-17.

Ho na le nako eo lefatše le tla beng le sa busoe ke batho, Bibele e re ha nako eo e atamela batho ba tla ba mekhoa e mebe. Ha u ka bala 2 Timothea 3:​1-5 u tla bona hore boprofeta boo boa phethahala.

Ha nako ea hore batho ba buse e felile ho tla etsahala’ng? ’Muso oa Molimo oa tla o tl’o felisa mathata ’ohle a rona. (Luka 21:​36) Ka Bibeleng Molimo o tšepisa hore o tla fetola lefatše e le hore re ka thabela ho phela ho lona. Mehlala ea lintho tseo a tla li etsa ke ena:

’MUSO OO BATHO BA O HLOKANG

“[Jesu] a fuoa bobusi le ho hlompheha le ’muso, hore batho, lichaba le lipuo kaofela ba mo sebeletse. Bobusi ba hae ke bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang bo ke keng ba feta, ’me ’muso oa hae ke o ke keng oa senngoa.”​—DANIELE 7:14.

Taba ee e u ama joang? U ka phela hamonate tlas’a ’Muso oa Molimo o tla busa lefatše lohle oo Molimo a khethileng hore mora oa hae e be morena oa oona.

BOPHELO BO BOTLE

Ngoanana o phahama holim’a wheelchair a se a tseba ho tsamaea

“Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”​—ESAIA 33:24.

Taba ee e u ama joang? Ha ho mohla u tla kula kapa u be le bokooa ebile ha ho mohla u tla shoa.

HO TLA RENA KHOTSO

Sethunya se robuoeng likoto

“O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše.”​—PESALEME EA 46:9.

Taba ee e u ama joang? U ke ke oa utloela feela le menyenyetsi ea ntoa kapa ntho leha e le efe e amanang le eona e bakelang batho mathata.

LEFATŠENG MONA HO TLA TLALA BATHO BA BATLANG HO SEBELETSA MOLIMO FEELA

“Ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . ba bonolo ba tla rua lefatše.”​—PESALEME EA 37:​10, 11.

Taba ee e u ama joang? Ho ke ke ha hlola ho ba le batho ba sa mameleng Molimo lefatšeng.

HO TLA BA MONATE LEFATŠENG

“Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona.”​—ESAIA 65:​21, 22.

Taba ee e u ama joang? Motho e mong le e mong o tla thabela ho phela lefatšeng. Molimo o tla arabela thapelo ea rona ea hore ‘thato ea hae e ke e etsahale lefatšeng.’​—Matheu 6:10.

Batho ba phelang hamonate Paradeiseng
    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela