Bo-hloma-u-hlomole ba Asia ba Ileng ba Theha ’Muso o Moholo
Tšabo le tsieleho li ile tsa aparela batho ba Russia. Joaloka litsie, lebothohali la bahlabani ba kaletseng lipere ba tsoang bochabela le ile la haola le thota ’me moo le neng le feta teng la bolaea batho, la ba nkela thepa le ho ripitla lebotho leha e le lefe le neng le leka ho le loantša. Motse oa Novgorod o neng o busoa ke khosana ke oona feela o ileng oa pholoha Russia. Motlalehi ea neng a ferekane o ile a hlalosa tlhaselo eo e le ea “morabe o neng o sa tsejoe” o neng o bua puo e makatsang.
BAHLASELI bao e ne e le Mamongolia, e leng batho ba neng ba tsoa Sehlabeng se makhulo seo kajeno se bitsoang Mongolia, karolong e bohareng le e ka leboea-bochabela Asia. Tlhōlo ea bona e potlakileng, e qalileng mathoasong a lekholo la bo13 la lilemo C.E., e ile ea fetola histori ea Asia le ea halofo ea Europe. Ka lilemo tse 25 feela, Mamongolia a ile a hlōla baahi ba libaka tse ngata ho feta bao Baroma ba neng ba ba hlōtse ka lilemo tse 400. Ha puso ea bona e le sehlohlolong, ba ne ba busa ho tloha Korea ho ea Hungary le ho tloha Siberia ho ea India—e leng o mong oa mebuso e meholo ka ho fetisisa e neng e busa linaha tse ngata tse arolelanang meeli historing!
Ntle le hore tlaleho ea ’Muso oa Mongolia o busitseng nako e khutšoanyane e fana ka leseli historing ea Asia le ea Europe, e boetse e hatisa se rutoang ke Bibele tabeng ea seo motho a leng sona le puso ea hae e hatellang batho ba bang. Seo se akarelletsa se latelang: Botumo ba motho ke ba lefeela ebile bo feta kapele. (Pesaleme ea 62:9; 144:4) ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9) ’Me joalokaha mebuso e matla ea lipolotiki e tšoantšelitsoe ka Bibeleng, e ’nile ea itšoara joaloka libata tse hlaha tseo ka mabifi li batlang ho busa lichaba tse ling.a
Mamongolia e ne e le Bo-mang?
Mamongolia e ne e le merabe ea bo-hloma-u-hlomole e neng e tseba ho kalla lipere, e neng e iphelisa ka ho alosa mehlape, ho hoeba le ho tsoma. Ho fapana le batho ba lichaba tse ling—bao e leng liphesente tse ’maloa feela tsa ba neng ba koetlisoa le ho hlomelloa ntoa—hoo e batlang e le monna e mong le e mong oa Momongolia ea nang le pere le seqha o ne a le matla ’me e le mohlabani ea bohale ntoeng. ’Me morabe o mong le o mong o ne o tšepahalla ka pelo eohle moeta-pele oa oona ea bitsoang khan.
Ka mor’a ho qeta lilemo tse 20 a loana, khan e mong ea bitsoang Temüjin (c. 1162-1227), o ile a kopanya merabe ea Mamongolia e ka bang 27 pusong ea hae. Hamorao, Mamosleme a tsoileng ho Maturkey a bitsoang Matartarase a ile a tšehetsa Mamongolia ntoeng. Ha e le hantle, ha bahlabani ba Mamongolia bao ho neng ho se letho le ka ba emang pele ba ne ba leba ka bophirimela, Maeurope a tšohileng a ile a bitsa bahlaseli bao Matartarase.b Ka 1206, ha Temüjin a ne a sa tsoa ba lilemo li 40, Mamongolia a ile a mo etsa Genghis Khan—e leng tlotla e ka ’nang eaba e bolela “’musi ea matla” kapa “’musi oa bokahohle.” Hape o ne a tsejoa e le Khan e Moholo.
Mabotho a kaletseng a Genghis Khan a fulang metsu a ne a hlasela ka potlako le ka bohale bo fetisisang, ’me a hangata a ne a hlasela a hlaha ka mahlakoreng a sa tšoaneng sebakeng se boholo ba lik’hilomithara tse likete. Encarta Encyclopedia e re litabeng tsa ntoa, “o ne a tšoana le Alexandere e Moholo kapa Napoleon I.” Rahistori oa Mopersia ea bitsoang Juzjani, oa mehleng ea Genghis Khan, o ile a mo hlalosa ka hore “o ne a le matla haholo, a le masene, a le bohlale a bile a e-na le kutloisiso.” O ile a boela a mo bitsa “’molai ea sehlōhō.”
Libaka Tse Ling ka Ntle le Mongolia
Karolo e ka leboea ea Chaena e ne e busoa ke Mamanchu, a neng a bitsa puso ea ’ona Jin, kapa “Ea Khauta.” E le hore a fihle libakeng tsa Mamanchu, Mamongolia a ile a haola lehoatateng le tšabehang la Gobi—’me seo e ne e se bothata bo bokaalo ho bo-hloma-u-hlomole bao, ba neng ba ka phela ka lebese le mali a lipere haeba ho ne ho hlokahala. Le hoja Genghis Khan a ile a atolosetsa puso ea hae Chaena le Manchuria, ntoa e ile ea tsoela pele e kupa ka lilemo tse ka bang 20. O ile a sebelisa Machaena ao e neng e le barutehi, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le bahoebi, hammoho le baenjiniere ba neng ba ka etsa mechine ea ntoa ka mefuta le libomo.
Ka mor’a ho ikhapela Silk Road, e leng tsela e neng e sebelisoa ke bahoebi ha ba tloha Chaena ba ea Leoatleng la Mediterranean, Genghis Khan o ile a etsa maqhama a khoebo le ’Musi oa Moturkey ea bitsoang Muhammad, ea neng a ahisane le eena. ’Musi eo o ne a busa sebaka se seholo seo kajeno se akarelletsang Afghanistan, Tajikistan, Turkmenistan, Uzbekistan le libaka tse ngata tsa Iran.
Ka 1218 moifo oa Mamongolia oo ho neng ho totobetse hore o thahasella khoebo o ile oa fihla moeling oa sebaka seo ’musi a lulang ho sona. Empa ’musisi oa moo o ile a ba bolaea, e leng ntho e ileng ea khoephetsa liketsahalo tse entseng hore Mamongolia a qale ho hlasela naha ea Mamosleme. Lilemo tse tharo tse latelang, Mamongolia ao ho thoeng a ne a le mangata ho feta bohloa, a ile a tlatlapa le ho chesa metse le masimo ’me a bolaea larita batho ba ’Musi Muhammad, a siea feela ba neng ba e-na le litsebo tseo Mamongolia a neng a li batla.
Mabotho a Mamongolia, ao ho hakanngoang hore a ne a e-na le bahlabani ba 20 000, a ile a haola le Azerbaijan le Georgia ho leba lithoteng tse ka leboea tsa Caucasia, a hlōla mabotho ’ohle ao neng a kopana le ’ona, ho akarelletsa lebotho la Marussia la bahlabani ba 80 000. Mamongolia a ile a tsamaea lik’hilomithara tse 13 000 ha a ntse a loana moo a ileng a likaliketsa Leoatle la Caspian ntoeng eo ba bang ba nkang hore historing ke eona e khōlō ka ho fetisisa ea mabotho a kaletseng. Ho hlōla ha ’ona ka ho latellana ho ile ha behela babusi ba latelang ba Mamongolia mohlala oa hore na ba hlasele Europe Bochabela joang.
Bahlahlami ba Genghis Khan
Ögödei, e leng mora oa boraro oa bara ba bane ba Genghis Khan ka mosali oa hae oa matsoa-thaka, o ile a etsoa Khan e Moholo ea latelang. Ögödei o ile a tiisa puso ea Mamongolia le ho feta linaheng tse neng li hapiloe, a fumana sethabathaba ho babusi ba taolong ea hae, ’me a qetella ho hlōla ’muso oa Jin o ka leboea Chaena.
E le hore ’muso oa hae o lule o le matla le hore Mamongolia a tsoele pele ka bophelo bo mabotho-botho boo a neng a se a bo tloaetse, qetellong Ögödei o ile a etsa qeto ea ho hlasela linaha tseo a neng a e-s’o ka a li nkela thepa. O ile a qala ho hlasela ka mabotho a mabeli—le leng la hlasela linaha tsa Europe tse ka bophirimela, le leng la hlasela puso ea Masung e ka boroa Chaena. O ile a atleha ho hlasela linaha tsa Europe empa a se ke a atleha pusong ea Masung. Le hoja a ile a hlōla libakeng tse ling, Mamongolia a ile a sitoa ho hlōla sebaka se ka sehloohong sa Masung.
A Futuhela ka Bophirimela
Ka 1236, bahlabani ba hakanyetsoang ho ba 150- 000 ba ile ba leba ka bophirimela Europe. Ba ile ba qala ka ho hlasela libaka tse iphaphathileng le Nōka ea Volga; ba ntan’o hlasela metse ea Russia ’me ba chesa Kiev lore! Mamongolia a ile a tšepisa hore a ke ke a ripitla metse eo haeba baahi ba eona ba ne ba ka a fa karolo ea leshome ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba nang le eona. Empa Marussia a ile a khetha ho loana. Mamongolia a ile a sebelisa mechine ea ntoa ho betsa ba lireng ka lipitlahali tsa majoe, ho tsoibila mokelikeli o tukang, le mosili o kenngoang lithunyeng. Ha marako a motse a heleha, bahlaseli ba ile ba tšolohela motseng, ba rinya batho ka bongata hoo rahistori e mong a ileng a ngola a re: “Ha ho motho ea ileng a sala ho llela ba shoeleng.”
Mabotho a Mamongolia a ile a ripitla Poland le Hungary, a atamela haufi le meeli ea sebaka seo kajeno ho thoeng ke Jeremane. Europe Bophirimela e ile ea itokisetsa ho hlaseloa, empa ha ea ka ea hlaseloa. Ka December 1241, Ögödei Khan o ile a shoa nakong eo ho tlalehoang hore o ne a re fehle! ke botahoa. Kahoo, balaoli ba lebotho ba Mamongolia ba ile ba khutlela hae ka potlako, motse-moholo oa bona oa Karakorum, o bohōle ba lik’hilomithara tse 6 000, ho ea khetha ’musi e mocha.
Mora oa Ögödei ea bitsoang Güyük, o ile a mo hlahlama. E mong oa ba bileng teng ha Güyük a behoa boreneng e bile moitlami oa Motaliana ea ileng a tsamaea leeto la likhoeli tse 15 libakeng tse neng li busoa ke Mamongolia ho isa lengolo le tsoang ho Mopapa Innocent IV. Mopapa o ne a batla ho tiisetsoa hore Mamongolia a ke ke a hlola a hlasela Europe ’me aa khothalletsa hore a amohele Bokreste. Güyük ha a ka a etsa tšepiso ea letho. Ho fapana le seo, o ile a bolella mopapa hore a tle le moifo oa marena ho tla tlotla Khan!
A Hlasela Libaka Tse Ling Tse Peli
Khan e Moholo ea latelang e bile Mongke, ea ileng a behoa boreneng ka 1251. Eena le moen’ae Kublai ba ile ba qala ho hlasela puso ea Masung ka boroa ho Chaena, ha lebotho le leng le ile la leba ka bophirimela. Lebotho lena le neng le lebile bophirimela le ile la ripitla Baghdad ’me la etsa hore Damaseka e inehele. Ba neng ba ipitsa Bakreste ba neng ba le khahlanong le Mamosleme ba ile ba thabela ho hlōloa ha ’ona, ’me “Bakreste” ba neng ba lula Baghdad ba ile ba ikhapela thepa le ho bolaea baahelani ba bona ba Mamosleme.
Nakong eo ho neng ho bonahala Mamongolia a le mothating oa ho ripitla linaha tsa Mamosleme—ho ile ha boela ha etsahala ntho e tšoanang le e neng e kile ea etsahala. A ile a fumana molaetsa o reng Mongke o shoele. Bahlaseli ba ile ba boela ba menahana le mehlala ho khutlela hae, ’me lekhetlong lena ba siea banna ba 10 000 feela hore ba ’ne ba e hlanake. Kapele ka mor’a moo, lebotho lena le fokolang ka palo le ile la timetsoa ke lebotho le tsoang Egepeta.
Mamongolia a neng a hlasetse puso ea Masung a ruileng a ka boroa ho Chaena a ile a hlōla. Ha e le hantle, Kublai Khan o ile a phatlalatsa hore ke eena mothehi oa puso e ncha ea Machaena ’me a e bitsa Yuan. Kajeno sebaka seo e neng e le motse-moholo oa hae o mocha se tsejoa e le Beijing. Ka mor’a hore a hlōle mesaletsa ea ba neng ba ntse ba tšehetsa puso ea Masung lilemong tsa bo-1270, Kublai o ile a busa Chaena eo ka lekhetlo la pele e neng e momahane ho tloha haesale puso ea Matang e oa ka 907.
O Aroha Likoto ’me oa Oa
Hoo e ka bang mathoasong a lekholo la bo14 la lilemo, ’Muso o matla oa Mamongolia o ile oa qala ho thekesela. Ho bile le mabaka a mangata a sena. Ho tseka matla a puso ha litloholo tsa Genghis Khan ho ile ha arola ’muso hore ho be le bo-khan ba bangata ba busang. Hape Mamongolia a ile a amohela mekhoa ea lichaba tseo a neng a li hapile. Chaena, ho tseka matla a puso ho ile ha fokolisa bolaoli ba litloholo tsa Kublai. Ka 1368, Machaena a neng a se a khathetse ke ho busoa ke batho ba sa tšoaneleheng, a khathetse ke bobolu le ho lefa makhetho a boima, a ile a liha puso ea benghali ba ’ona ea Yuan, a qobella Mamongolia hore a khutlele ha habo ’ona.
Joaloka sefefo se matla, puso ea Mamongolia e ile ea hlahella ka potlako, ea e-ba teng ka nakoana ea ba ea ikela. Leha ho le joalo, e khathile tema e khōlō historing ea Europe le Asia, e akarelletsang le ho kopanngoa ha Mongolia le Chaena. Mamongolia a kajeno a thoholetsa khan oa pele e moholo, e leng Genghis Khan, ka hore ke mothehi oa sechaba sa ’ona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hlokomela kamoo ho buuoang ka libata le puso ea lipolotiki litemaneng tse latelang tsa Bibele: Daniele 7:6, 12, 17, 23; 8:20-22; Tšenolo 16:10; 17:3, 9-12.
b Maeurope a ne a nahana hore Matartarase e ne e le bo-diabolose ba tsoang “Tartarase.” (2 Petrose 2:4) Ke ka hona a ileng a bitsa bahlaseli bao Matartarase.
[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ka Mor’a Lintoa a Kena Khoebong
Nakong eo puso ea Yuan, e neng e thehiloe ke Kublai Khan, e neng e le sehlohlolong sa katleho, e ile ea khothalletsa hore batho ba kene khoebong le ho nka maeto, e leng ho ileng ha etsa hore ho be le se bitsoang “khōlo e hlollang ka ho fetisisa ea khoebo historing ea Europe le Asia.” E ne e le mehleng ea Mohahlauli e moholo oa Venice, Marco Polo (1254-1324).c Ebang ba ne ba tsamaea naheng kapa ka likepe, bahoebi ba Maarabia, Mapersia, Maindia le Maeurope ba ne ba nka lipere, lik’hapete, majoe a bohlokoa le linōko, tseo ba neng ba reka ka tsona lintho tse entsoeng ka letsopa, mekhabiso e entsoeng ka lehong le silika.
Ka 1492, Christopher Columbus o ile a tsamaea ka sekepe ho leba ka bophirimela Europe, a nkile kopi ea libaka tseo Marco Polo a neng a tsamaile ho tsona, a tšepile hore o tla boela a theha maqhama a khoebo le ba ntlo ea borena ea Mongolia. Leha ho le joalo, o ne a sa tsebe hore ho se ho fetile lilemo tse lekholo ’muso oo o oele! Ho oa ha oona ho ne ho entse hore ho se hlole ho e-ba le mokhoa oa puisano, ’me Mamosleme a ne a thibile tsela e tlohang Europe e leba Bochabela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
c Ho fumana tlaleho e buang ka leeto la Marco Polo la ho ea Chaena, sheba Tsoha! (ea Senyesemane) ea June 8, 2004.
[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 14]
A ne a tsejoa ka ho mamella malumeli a mang
Le hoja Mamongolia a boholo-holo a ne a lumela hore moea o arohana le ’mele, a ne a mamella litumelo tsa batho ba bang. Buka e bitsoang The Devil’s Horsemen e hlalosa hore ha batho ba tsoang linaheng tsa Bophirimela ba fihla motse-moholo oa Mamongolia, e leng Karakorum, ba ile ba makatsoa ke hore ebe o ne o ruile ba ba makatsoa ke tokoloho ea bolumeli e neng e le teng moo—ba bona likereke, mehaho ea bolumeli ea Mamosleme le litempele li le sebakeng se le seng.
Mamongolia a ipitsang Bakreste a bile teng ka lebaka la balateli ba Nestorius, ba neng ba tsoile Kerekeng ea Byzantium kapa ea Bochabela. Balateli bao ba Nestorius ba ile ba sokolla Maturkey a mangata a Asia, ao Mamongolia a neng a teane le ’ona. Basali ba bang ba sokolohileng ba bile ba nyaloa lelapeng la borena la Mamongolia.
Mamongolia a kajeno a kena likereke tse fapaneng. Baahi ba etsang karolo ea 30 lekholong ke ba reng ba lumela setsong; ba etsang karolo ea 23 lekholong ke Mabuddha a Tibet; ’me ba etsang karolo ea 5 lekholong ke Maislamo. Boholo ba baahi ba setseng hase balumeli.
[’Mapa o leqepheng la 15]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Libaka Tse Ileng Tsa Busoa ke Mamongolia
HUNGARY
RUSSIA
Kiev
Nōka ea Volga
SIBERIA
Leoatle la Caspian
Damaseka
IRAN
Baghdad
UZBEKISTAN
MONGOLIA
Karakorum
Lehoatata la Gobi
KOREA
CHAENA
Beijing
INDIA
Novgorod
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ba kaletseng lipere, Mongolia
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Genghis Khan
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 12]
Bildarchiv Preussischer Kulturbesitz/Art Resource, NY
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng la 15]
Scenic: ©Bruno Morandi/age fotostock; Genghis Khan: ©The Stapleton Collection/The Bridgeman Art Library