Kou e Hlollang ka Botle
KA MONGOLI OA TSOHA! MEXICO
KOU ea California e metsi a maputsoa (e bontšitsoeng ka tlaase), eo pele e neng e bitsoa Leoatle la Cortés, e fumaneha pakeng tsa Mexico le Baja California. Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso o phatlalalitse hore karolo e khōlō ea lesabasaba lena le moeling oa leoatle le lihlekehleke tse matsaranka ke se seng sa Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng. Ke hobane’ng ha sebaka see e le se ikhethang?
Kou ea California, e bolelele ba lik’hilomithara tse 1 000 le bophara ba lik’hilomithara tse 153, hammoho le libaka tse haufi le eona e ntle ’me ho na le limela le liphoofolo tse ngata tse phelang teng. Kou ena ke e ’ngoe ea tseo metsi a tsona a phahamang ka ho fetisisa lefatšeng kaha maqhubu a eona a fihla bophahamong ba limithara tse 9 karolong e ka leboea. Khanya e ngata ea letsatsi le metsi a nang le limatlafatsi tse ngata li hlahisa boieane ba limela le liphoofolo tse sa tloaelehang tsa metsing. Lintho tsena le metsi a hloekileng karolong e khōlō ea sebaka seo li ile tsa susumelletsa mofuputsi Jacques-Yves Cousteau hore a bitse kou eo “letangoana le ikhethang la lintho tse phelang metsing.”
Kaha kou ena e na le mefuta e fetang 890 ea litlhapi, ’me tse ka bang 90 ke tse fumanoang mona feela, ke sebaka se loketseng sa ho ithuta ka lintho tse phelang metsing. Empa ka bomalimabe, liphoofolo tsa mefuta e mengata li ea li ntse li fokotseha, ho akarelletsa mofuta oa dolphin e sa tloaelehang e bitsoang vaquita, eo ka Sepanishe, e bolelang “namane.”
Mofuta o monyenyane ka ho fetisisa oa dolphin ena e sa tloaelehang ea vaquita o hōla ho fihla lisenthimithareng tse ka bang 150. Tse ling li ka ba ’mala o mothokoa bo sa loeang ha tse ling li le ’mala o mosootho, ’me li na le matheba a matšo haufi le mahlo. Ha ho tsejoe ho hokaalo ka phoofotsoana ena e boi e bonoang seoelo, e fumanehang feela metsing a sa tebang a lukehileng koung e haufi le molomo oa Nōka ea Colorado. Ha e le hantle, e ile ea sibolloa ka 1958 ha ho ne ho fumanoa mahata a mararo lebōpong la leoatle la Baja California.
Kaha ho setse li-vaquita tse makholo a seng makae feela, li kentsoe lethathamong la liphoofolo tse kotsing ea ho fela. Leha ho le joalo, selemo le selemo tse ’maloa li bolaoa ke ho tšoaseha matlooeng a sebelisoang ke batho ba moo ha ba tšoasa litlhapi. Mexico e sirelelitse sebaka sa lintho tsa tlhaho seo le li-vaquita li phelang ho sona e le ho leka ho netefatsa hore phoofotsoana ena e sa tloaelehang e lula e le teng. Liphoofolo tse ling tse phelang sebakeng seo le tse etelang ho sona ke maruarua, likolopata, liqibi tse khōlō, le litlhapi tsa mefuta-futa.
Bolibeng bo karolong e ka boroa ea kou eo, bo-rasaense ba fumane lintho tse phelang tse ikhethang tseo e leng batho ba seng bakae feela ba kileng ba li bona. Lebaka ke hobane lintho tsena li phela kotopong ea Guaymas, e botebo ba limithara tse ka bang 2 000. Kotopo eo e na le mapetso a ntšang metsi a chesang ’me metsi ao a thusa liphoofolo le limela tse ngata tse sa pheleng ka matla a tsoang khanyeng ea letsatsi, empa li phela ka khase ea hydrogen sulfide. Ntho e ’ngoe e phelang haufi le mapetso ana ke nyonyobetsane e bitsoang tube worm. Nyonyobetsane ena ha e na molomo, ha e na mpa, e na le boea bo ’mala o mofubelu bo loileng, ’me e phela le tse ling. E ema e itšoarelelitse fatše e ntse e ea koana le koana metsing a batang a leoatle moo a kopanang le a futhumetseng a tsoang mapetsong. Hore e tsoele pele e phela nyonyobetsane ka ’ngoe e thusoa ke libaktheria tse phelang ka ho eona. Ha e le hantle, e hema ka boea bona bo bofubelu.
Le hoja mefuta-futa ea lintho tse phelang koung eo e le kotsing, ho na le tšepo ea hore lintho li tla tsamaea hantle nakong e tlang. Ka tsela efe? Hobane ’Mōpi oa tsotella. Ha e le hantle, o tsotella lintho tsohle tse lefatšeng hoo haufinyane a tlang ho nka khato ho le sireletsa hore le se ke la senngoa ho ea pele ’me ka mor’a moo a le khutlisetse boemong boo qalong a neng a rerile hore le be ho bona. (Genese 1:26-28; Tšenolo 11:18) Ha re na mantsoe a lekaneng ho hlalosa kamoo Kou ea California e tlang ho ba ntle kateng ka nako eo. Ha e le hantle ho tla be ho sa lekana hore ke e “hlollang ka botle.”
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Leruarua
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Linyonyobetsane
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng la 24]
Satellite view: NASA/The Visible Earth (http://visibleearth.nasa.gov/); reef: © Dirscherl Reinhard/age fotostock
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng la 25]
Beach: Mexico Tourism Board; whale: © Mark Jones/age fotostock; tube worms: © Woods Hole Oceanographic Institution