Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/08 leq. 3
  • Lenyalo le Mathateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenyalo le Mathateng
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matlafatsang Lenyalo la Lōna ’me le Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Na Lenyalo le ka Ema le Tiile Sefefong se Matla?
    Tsoha!—2006
  • Bibele e Re’ng ka Batho ba Lulang Hammoho Pele ba Nyalana?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Haeba Lenyalo le le Mothating oa ho Qhalana
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 7/08 leq. 3

Lenyalo le Mathateng

“Ke utloile ho lekane!” Na u kile ua utloa batho ba bua joalo ka lenyalo? Haeba u nyetse kapa u nyetsoe, na ka nako e ’ngoe u kile ua ikutloa joalo?

BATHO ba likete ba ile ba nyalana nakong eo lerato la bona le neng le tuka malakabe kapa ba chesoa ke takatso ’me ba lebeletse hore ba tla fumana thabo ka mor’a moo. Moeletsi e mong oa manyalo o ile a re: “Empa nakong eo ba tlang ho ’na, ba bangata ba se ba se na tšepo ka ho feletseng. Ba soetsitsoe ke balekane ba bona, ke lenyalo, ke lerato ’me ka linako tse ling ba bile ba soetsitsoe ke bophelo.” Ntho feela e ntseng e kopantse ba bangata ba bona lenyalong ke lengolo la lenyalo le hore ebe ba lula hammoho.

Manyalo a mang a senngoa ke likhatello le matšoenyeho a ntseng a eketseha bophelong. Mesebetsi e hulisang batho ka thata, ho sebetsa lichifi le ho sebetsa lihora tse ngata ho ka nyotobetsa banyalani maikutlong esita le haeba ba ratana haholo. Maemo a mang ao butle-butle a ka felisang lerato le tlhompho a akha mathata a lichelete, a ho hōlisa bana, ho falla, ho etsa mosebetsi o mong le ho kula. Ka mantsoe a mang, mathata a bang teng ha nako e ntse e feta a ka ’na a baka khatello kelellong, ’me seo se ka etsa hore ho be le lekhalo pakeng tsa banyalani.

Bo-’mè ba bangata ba etsa mesebetsi e ’meli ea nako eohle—o mong ke oa boipheliso ha o mong e le oa lapeng. Sena se ka etsa hore ba tsepamise maikutlo haholo mosebetsing oa bona oa boipheliso le tabeng ea ho hlokomela bana. Banyalani ha ba be le nako e lekaneng ka lebaka la khatello ea maikutlo le mokhathala. Kahoo ba bangata ba ikutloa eka ha ba khone ho laola bophelo ba bona, ’me seo se fella ka hore ho be le pherekano le lekhalo pakeng tsa bona. Ke hobane’ng ha manyalo a mangata a le khatellong e kaale? U ka etsa’ng hore lenyalo la hao le be le thabo ’me le atlehe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela