Matlotlo a Manyenyane a Niihau
KA MONGOLI OA TSOHA! HAWAII
MARIHA a mang le a mang, maqhubu a tlang le lifefo a puputla lebōpo la “Sehlekehleke Seo ho sa Kenoeng Feela ho Sona” sa Niihau, se Hawaii. A tla a hohotse likhetla tse ngata-ngata tsa likhofu tse nyenyane tsa leoatleng ’me a li lahlela lebōpong. Niihau—e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 180—ke sehlekehleke se senyenyane ka ho fetisisa ho tse supileng tsa Hawaii tseo batho ba lulang ho tsona. Ka lebaka lena, sehlekehleke sena se bileng teng ka ho foqoha ha seretse se chesang se na le matlotlo a lefatše a manyenyane ka ho fetisisa—e leng likhetla tse botle bo hlollang tsa Niihau.
Ho fapana le sehlekehleke se haufi haholo sa Kauai, se bohōle ba lik’hilomithara tse 17 ho elella leboea-bochabela, Niihau eona e bataletse ebile e omeletse haholo. Empa ke hobane’ng ha e bitsoa Sehlekehleke Seo ho sa Kenoeng Feela ho Sona? Ke hobane sehlekehleke sa Niihau se na le mong’a sona ’me ha ho lumelloe batho ba sa lebelloang hore ba se etele. Baahi ba khotsofalletseng tsela eo ba phelang ka eona ba sehlekehleke sena ha ba na moo ho fehloang motlakase teng, ha ba na metsi malapeng, mabenkele kapa eona ofisi ea poso. E le ho leka ho boloka moetlo oa boholo-holo, Mahawaii a ka bang 230 a lulang moo a bua Sehawaii. Ha a sa alosa linku le likhomo, bongata ba ’ona a sebetsana le likhetla tse nyenyane tse a kenyetsang chelete.a
Likhoeling tse futhumetseng tsa mariha Hawaii, malapa a tla mabōpong a hloekileng le likoung tse mafika a tsamaea ka maoto kapa ka libaesekele litseleng tse lerōle, moo a qetang lihora tse ngata ka letsatsi a bokella likhetla. Ka mor’a hore likhetla li bokelloe, li aloa moriting hore li ome. Hamorao li tla aroloa ho latela boholo le boleng ba tsona, li ntan’o faselletsoa hammoho ho etsa lifaha tse ntle. Lihlekehlekeng tse nang le limela tse ngata, boholo ba lifaha li etsoa ka lipalesa. Sehlekehlekeng sena sa Niihau, likhetla li etsa mosebetsi oa lipalesa.
“Mahakoe” a Leoatleng
Ke khale likhetla li sebelisoa e le mabenyane Hawaii. Bofelong ba lekholo la bo18 la lilemo, bahahlauli ba neng ba tsamaea ka likepe—ho kopanyelletsa Motsamaisi James Cook—ba ile ba fumana mekhabiso e entsoeng ka likhetla mona ’me ba ngola ka eona libukeng tsa bona tsa leeto. Ba bile ba khutlela hae le eona, ’me e meng e ka ’na eaba e ne e tsoa Niihau. Ha nako e ntse e feta, lifaha tse ntlehali tsa Niihau li ile tsa qala ho roaloa ke basali ba hlaheletseng ba Hawaii, ho akarelletsa le ba tantšang, esita le ba boreneng. Lekholong la bo20 la lilemo, ka lebaka la mabenkele a rekisang lintho tse ikhethang tsa sebaka ka seng, bohahlauli hammoho le ka lebaka la masole a ileng a feta le moo Hawaii nakong ea Ntoa ea II ea lefatše, “mahakoe” ana a ikhethang a ile a ratoa ke batho ba linaheng tse ling. Kajeno lifaha tseo pele li neng li roaloa ke ba boreneng Hawaii li se li roaloa ke batho ba li ratang ba linaheng tse ling.
Likhetla tse sebelisoang haholo ha ho etsoa lifaha tsa Niihau ke tseo ka Sehawaii li bitsoang momi, laiki, le kahelelani. Mebala le libōpeho tse sa tšoaneng tsa tsona li etsa hore moetsi oa lifaha—eo hangata e leng mosali—a thabele ho ntša bokhoni ba hae ha ka hloko a rokella likhetla tseo ho etsa sefaha se setle. Ho sebelisoa mefuta e ka bang 20 e sa tšoaneng ea likhetla tse motopo tsa momi tse benyang, tseo tse ling tsa tsona li leng tšoeu toa! ha tse ling li le bosootho bo loileng. Ha li totometsoe khoeleng ho etsa sefaha sa mofuta oa Lei Pikake se theko e phahameng, likhetla tsa momi tse benyang joalokaha eka li tlotsitsoe ka oli ’me li le bolelele ba limilimithara tse 10, li etsa sefaha se shebahalang joaloka palesa ea jasmine, e nkhang hamonate, kapa pikake.
Hangata banyaluoa ba Hawaii ba khaba ka lifaha tse bitsoang laiki, tse entsoeng ka likhetla tse benyang, tse kang raese. Likhetla tsena tse phatsimang li na le mebala e sa tšoaneng, li ka ba tšoeu toa!, tsa ba bosoeu bo thothofa, tsa ba bosoothoana bo ileng bosehleng ’me tse ling tsa ba le metsero e mesootho. Likhetla tsa kahelelani, tseo ho ka etsahalang hore ebe li reheletsoe ka morena oa boholo-holo oa Hawaii, li bolelele ba limilimithara tse 5. Likhetla tsena tse bōpehileng joaloka tuku e tlanngoeng hloohong ke tsona tseo ho leng thata ka ho fetisisa ho li faselletsa sefaheng, ’me lifaha tsa tsona li tura haholo. Li ka ba ’mala o bofubelu bo pherese bo loileng, kapa tsa ba ’mala o sa tloaelehang haholo o bopinki bo bohale, ’me lifaha tsa tsona li bitsa chelete e imenneng hararo ho feta tsa mebala e meng.
Ho Etsa Sefaha sa Niihau sa Likhetla
Hang ha moetsi oa lifaha a entse qeto ea hore na o etsa sa mofuta ofe, o tlosa lehlabathe likhetleng ’me o li phunya ka elese e nchocho. Le hoja a li phunya ka hloko le ka tsebo, khetla e le ’ngoe ho tse tharo ea pshatleha. Ka hona, ho hlokahala likhetla tse ngata e le hore a qete sefaha se le seng, seo a ka ’nang a nka lilemo a se etsa! E le hore a tlamelle likhetla tsena hammoho o sebelisa khoele ea nylon e tiisitsoeng ka motsoako o omisang lintho ka potlako kapa ka boka ba linotši. Ka tloaelo, qetellong ea khoele ho kenngoa khetla e bōpehileng joaloka konopo, e kang sundial kapa puka, ’me qetheng ho kenngoe khetla e le ’ngoe kapa tse peli tsa cowrie moo sefaha se tlamelloang teng.
Ho na le litsela tse ngata tsa ho tlama lifaha feela joalokaha ho e-na le mefuta e mengata ea likhetla. Litaele tsa lifaha li ka akarelletsa setaele sa sefaha sa boholo-holo sa khoele e le ’ngoe se entsoeng ka khetla e tšoeu ea momi, seo bolelele ba sona e ka bang lisenthimithara tse 150 ho ea ho tse 190, setaele se seng ke sa ropo se nang le likhetla tse makholo tse nyenyane haholo tsa kahelelani, hammoho le setaele se kang moqhaka se lohiloeng ka tsela e rarahaneng, se entsoeng ka likhetla le lithootse. Ho etsa lifaha tsena ke mosebetsi o boima haholo, o jang nako e ngata le o khathatsang mahlo. Empa tsebo ea baetsi ba tsona ba Niihau le mamello ea bona e etsa hore ho lule ho e-na le lifaha tse botle bo ikhethang. Sefaha ka seng sea ikhetha, ’me hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha theko ea tsona e phahame joaloka ea majoe a bohlokoa le mabenyane a boholo-holo a sielanoeng e le lefa, tse ling tsa tsona li bitsa liranta tse likete.
Niihau e letsoatlare, ha e na baahi ba bangata ’me e thōkoana ho lihlekehleke tse ling tsa Hawaii. Empa ka lebaka la bohlale bo ikhethang ba baetsi ba lifaha, batho ba lulang hōle le mabōpo a chabeloang ke letsatsi hamonate a Niihau ba khona ho ba le matlotlo a matle a ‘Sehlekehleke Sena Seo ho sa Kenoeng Feela ho Sona.’
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Likhetla tse tšoanang le tseo li boetse li teng le lihlekehlekeng tse ling tsa Hawaii hammoho le libakeng tse ling tsa Pacific, empa ha li tšoane ka bongata le boleng libakeng ka ho fapana.
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Likhetla tse ommeng li aroloa ho latela boleng ba tsona, li ntan’o faselletsoa hammoho ho etsa lifaha tse ntle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Robert Holmes
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Likhetla tse hariloeng tsa “momi”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
© drr.net