Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/08 maq. 22-24
  • Ha Lelinyane la Korilla le Lla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Lelinyane la Korilla le Lla
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sireletsa Likhutsana
  • Bokamoso ba Likhutsana Tsee ke Bofe?
  • Meru ea Tropike—Na re ka e Sebelisa Ntle le ho e Senya?
    Tsoha!—2003
  • Gabon—Setšabelo sa Liphoofolo le Limela Tsa Naha
    Tsoha!—2008
  • Ke Mang ea Sireletsang Liphoofolo tse Hlaha tsa Afrika?
    Tsoha!—1993
  • Liphoofolo
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 8/08 maq. 22-24

Ha Lelinyane la Korilla le Lla

KA MONGOLI OA TSOHA! CAMEROON

Korilla e ’ngoe e tšehali e bitsoang Pitchou, e hlahetse morung oa Afrika bohareng. Ha Pitchou e ka ba selemo, litsomi li ile tsa bolaea ’m’a eona le likorilla tse ling tsa habo eona hore li e’o jeoa. Kaha Pitchou e ne e sa le nyenyane haholo hore ho ka rekisoa nama ea eona, ha ea ka ea bolaoa empa e ile ea rekisoa e le phoofolo ea lapeng. Leha ho le joalo, Pitchou e ne e kula ’me e lula e lla.

PITCHOU ke e ’ngoe ea litšoene tse ngata tsa likhutsana. Ho na le mabaka a mangata a etsang hore ho be le boemo bona bo utloisang bohloko. Lebaka le leng ke khoebo e seng molaong ea ho rekisa nama ea liphoofolo tse hlaha. Kaha litsomi tse khoebong ena li batla ho fumana chelete e ngata ka ho rekisetsa lireschorente le batho nama eo, li lula li tsoma merung bosiu le motšehare. Ho sa le joalo, barekisi ba etsa chelete e ngata ho rekisa liphoofolo tsena le nama ea tsona ka tsela e seng molaong, sebakeng seo ba sebeletsang ho sona le linaheng tse ling.

Lebaka le leng ke tsela e sa laoleheng eo ho rengoang meru ka eona. Ha meru e senngoa, liphoofolo li hloka moo li lulang teng, moo li ipatang teng le moo li selang teng. Ho feta moo, mekhoa ena e ’meli ea tsamaisana. Joang? Ka hore litsela tse betloang merung li nolofalletsa litsomi ho fohla moru oo liphoofolo tsena tse ferekaneng le tse se nang lehae li leng ho oona, ’me liphoofolo tsena li hlaseleha habonolo. Lintlha tse ling li akarelletsa ho ata ha baahi, ho hlokahala ha lijo tse eketsehileng tse nang le protheine, ho eketseha ha litoropo le mekhoa e tsoetseng pele ea ho tsoma, hammoho le lintoa tse etsang hore batho ba be le lithunya tse ngata. Ka lebaka leo, litšoene le liphoofolo tse ling tse ngata li mothating oa ho fela, ’me sena se entse hore ho be le seo ho thoeng ke bothata ba meru e se nang letho. Empa boo hase bona feela bothata. Joang? Ka mohlala, liphoofolo li tlatsetsa ka tsela ea bohlokoa tabeng ea ho etsa hore moru le lintho tse ngata tse phelang ho oona li atlehe, ka ho jala peō. Kahoo ha liphoofolo li fela, limela le tsona lia ameha.

Leha ho le joalo, li ntse li bolaoa. Libakeng tse ling tsa Afrika Bophirimela, lilemong tse ling tse leshome, litšoene li ile tsa fokotseha ka palo ho fihlela li etsa karolo ea leshome feela lekholong. Setsebi se seng sa lintho tse hlaha sa Cameroon, se re: “Haeba batho ba tsoela pele ho bolaea liphoofolo ka tsela e seng molaong, haufinyane likorilla tsohle li tla fela naheng.”a

Ho Sireletsa Likhutsana

Ka lebaka la boemo bona bo utloisang bohloko, mekhatlo ea paballo ea lintho tsa tlhaho, o kang Setsi sa Limbe sa Liphoofolo Tse Hlaha, o mosikong oa Thaba ea Cameroon e karolong e ka boroa ho Sahara, Afrika Bophirimela, e leka ho sireletsa liphoofolo tse kotsing ea ho fela. Setsing sena sa Limbe, baeti ba khona ho bona likorilla, lichimpanzi, li-mandrill, le mefuta e meng e 13 ea litšoene hammoho le liphoofolo tse ling. Lilemong tsa morao tjena setsi sena se hlokometse likhutsana tse ka bang 200 hammoho le liphoofolo tse se nang bolulo, se li fa sebaka se sireletsehileng sa bolulo, lijo le phekolo. Mosebetsi o mong oa setsi sena ke ho ruta baeti ba bangata ba tsoang Cameroon, linaheng tsa boahelani le lefatšeng ka bophara bohlokoa ba ho baballa lintho tsa tlhaho—’me selemong se seng morao tjena ho ile ha tla baeti ba fetang 28 300.

Sena se re khutlisetsa ho Pitchou. Batho ba ileng ba bona lelinyane lena la korilla le ho utloisoa bohloko ke sello sa lona, ba ile ba le reka ho litsomi ’me ba le isa setsing seo. Ha lelinyane leo le fihla moo, le ile la hlahlojoa ho tloha leotong ho ea tsoa hloohong ngakeng ea setsi seo. Ntle le hore le ne le tšohile, le ne le boetse le khohlola, le haelloa ke metsi ’meleng, le haelloa ke phepo, le tšoeroe ke letšollo le bile le tsoile liso. Ka lebaka la bothata bona ba letlalo, le ile la rehoa Pitchou, e bolelang “libecho” ka puo ea moo. Ho thabisang ke hore Pitchou e ile ea fola ’me ha hoa ka ha hlokahala hore e buuoe, e leng se neng se ka etsoa setsing seo haeba ho hlokahala.

Joaloka liphoofolo tse ling tsohle tse fihlang setsing seo, Pitchou e ile ea qeta matsatsi a 90 e koaletsoe sebakeng se ka thōko. Ka mor’a moo e ile ea koalloa le likorilla tse ling tse 11 sebakeng se kang moru. Basebetsi ba ile ba thaba ha ba bona litšoene tsa khale li amohela e ncha e fihlang. Sena se tloaelehile, ’me kahoo ka potlako Pitchou e ile ea tloaelana le tse ling sehlopheng seo.

Kamano e haufi le e botsoalle pakeng tsa liphoofolo le batho ba li hlokomelang e etsa hore ho be le maqhama a matla. Lintho tse etsahalang moo li ka thusa moeti hore a utloisise boikarabelo boo Molimo a bo fileng batho ha a ne a laela banyalani ba pele hore ba buse lefatše le liphoofolo tse phelang ho lona.—Genese 1:28.

Bokamoso ba Likhutsana Tsee ke Bofe?

Sepheo se seholo sa setsi sena ke hore qetellong se khutlisetse liphoofolo tsena naheng. Empa ona ke mosebetsi o thata. Liphoofolo tse tloaetseng ho hlokomeloa ke batho hangata ha li khone ho ikhoantlella naheng. Hape li kotsing ea ho bolaoa ebe lia jeoa. Linaha tse ’maloa tsa Afrika li lumellane hore li etse libaka tse sireletsehileng tse parolang meeli ea linaha tse ’maloa le ho ntlafatsa tsamaiso ea tse teng. Tšepo ke hore ka lebaka la litlhophiso tsena ho tla ba bonolo hore ho lokolloe liphoofolo tsa likhutsana ’me sena se tla etsa hore litšoene le liphoofolo tse ling tse hlaha tse libakeng tsena li ’ne li be teng.

Hajoale, ho na le bopaki bo matla bo bontšang hore lintho tse sitisang seo ho etsahala—e leng meharo, bofuma, ho ata ha baahi ka potlako le ho senngoa ha meru—li tla tsoela pele ho ama litšoene le liphoofolo tse ling hampe. Haeba ho sa matlafatsoe mekhoa ea ho li sireletsa le hona ka potlako, Felix Lankester, eo e leng mookameli Setsing sa Limbe sa Liphoofolo Tse Hlaha, o re “liphoofolo tse hlaha li ka ’na tsa qetella li felile. Seo se ka ’na sa fella . . . ka hore liphoofolo tsohle tse hlaha tseo re lekang ho li sireletsa li qetelle li felile.”

Boo e ka ba boemo bo utloisang bohloko hakaakang! Empa ke ho utloisang bohloko le ho feta ho bona batho ba haelloa ke phepo ba bile ba kula le ho bona bana ba kokomohileng limpa le ba sekisitseng likeleli, ba bolaoa ke tlala. Ho hlakile hore bothata boo Pitchou e tobaneng le bona bo totobatsa boemo bo utloisang bohloko bo teng lefatšeng ka bophara—haholo-holo ba ho se leka-lekane le ho hloka toka.

Ke ho thabisang hore ebe ’Mōpi o tsotella se etsahalang lefatšeng. Haufinyane o tla felisa lintho tse bakang bokhopo, mahlomola le ho felisoa ha liphoofolo ’me a etse hore lintho tsohle tse phelang li be le kutloano ka ho sa feleng.—Esaia 11:6-9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litsebi tsa bophelo li lemosa hore ho tšoara nama ea liphoofolo tse hlaha le ho e ja ho ka boetse ha fetisetsa bathong maloetse a bolaeang a joaloka koatsi le Ebola, hammoho le likokoana-hloko tse tšoanang le ea HIV.

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 22, 23]

Pitchou pele e phekoloa le ka mor’a teng

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 23]

“Guenon” e litsebe li khubelu

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 23]

“Drill” e hlokomela lelinyane la eona

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 24]

Moo ho kenoang le teng setsing sa Limbe

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 24]

O hlokomela korilla ea khutsana e bitsoang Bolo

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 23]

All photos pages 22 and 23: Limbe Wildlife Centre, Cameroon

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 24]

Both photos: Limbe Wildlife Centre, Cameroon

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela