Gabon—Setšabelo sa Liphoofolo le Limela Tsa Naha
KA MONGOLI OA TSOHA! GABON
KE SEBAKA sefe seo u se hopolang sa tropike seo mabōpong a sona ho fulang litlou, likubu li sesang metsing ’me maruarua le li-dolphin li khobokanang hammoho? Seo se ntse se etsahala sebakeng se seng Afrika se haufi le leoatle, mabōpong a bolelele ba lik’hilomithara tse 100.
Ho hlakile hore sebaka sena se ikhethang se ne se tla lokela ho sireletsoa e le hore batho ba ’ne ba bone lintho tse joalo ka moso. Ka lehlohonolo, ka la 4 September, 2002, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho sireletsa sebaka sena, ha mopresidente oa Gabon a ne a tsebisa hore sebaka se etsang karolo ea 10 lekholong—ho kopanyelletsa le mabōpo a ntseng a le boemong ba ’ona ba tlhaho—se ne se tla behelloa ka thōko hore se etsoe serapa sa lintho tsa tlhaho.
Sebaka sena seo e leng nahathote se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse ka bang 30 000—se batlang se lekana le naha ea Lesotho—se na le lintho tse ngata-ngata. Mopresidente Omar Bongo Ondimba, o ile a re: “Ho na le monyetla oa hore Gabon e be sebaka se nang le lintho tsa tlhaho se eteloang ke batho ba bangata, se ka hohelang bahahlauli ba tsoang likhutlong tse ’nè tsa lefatše, ba batlang limakatso tsa tlhaho tse ntseng li setse.”
Ke eng se etsang hore libaka tsee tse sirelelitsoeng e be tsa bohlokoa hakaale? Sebaka se ka etsang karolo ea 85 lekholong sa Gabon, se sa ntse se koahetsoe ke meru ’me mefuta ea limela tsa teng tse etsang karolo ea 20 lekholong, ha ho moo li fumanehang teng lefatšeng. Ho feta moo, kaha meru ena e tikolohong ea equator, ke setšabelo sa likorilla tsa mabalane, lichimpanzi, litlou tsa morung le mefuta e meng e mengata ea liphoofolo tse kotsing ea ho fela. Libaka tse sa tsoa etsoa tsa lintho tsa tlhaho li tla etsa hore Gabon e be naha ea bohlokoa e sireletsang mefuta-futa ea lintho tse phelang tsa Afrika.
Loango—Lebōpo Leo ho Seng le Tšoanang le Lona
Ho ka etsahala hore ebe Loango National Park ke se seng sa libaka tse ikhethang ka ho fetisisa Afrika tse nang le lintho tsa tlhaho. E kampetse mabōpo a etsang lik’hilomithara tse ngata a ntseng a le boemong ba ’ona ba tlhaho a haufi le matangoana a metsi a hloekileng le meru e tikolohong ea equator. Empa ntho e etsang hore mabōpo a Loango e be a ikhethang haholo ke liphoofolo tse itsamaelang lehlabatheng la ’ona—likubu, litlou tsa morung, linare, mangau le likorilla.
Ke hobane’ng ha liphoofolo tsee tsa morung li rata ho tla lebōpong? Moeling oa mabōpo a Loango a lehlabathe le lesoeu ho na le makhulo ao likubu le linare li fulang ho ’ona. Lifate tsa mofuta oa palema ea rônier, tse melang moeling oa mabōpo, li hlahisa litholoana tse ngata tse ratoang ke litlou tsa morung joalokaha bana ba rata lipompong. Empa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore a thōko le batho. Mehato e bonahalang feela lehlabatheng ke ea liphoofolo tse tsamaileng moo.
Kaha ha ho batho ba kena-kenanang le sebaka seo, likhulu tsa leoatleng tse kotsing ea ho fela li rata mabōpo ao a khutsitseng hore li behele ho ’ona. Linonyana tse ratang ho ja linotši le tsona li rata ho behela mona, ’me li fata mekotjana eo li behelang ho eona lehlabatheng lena limithareng tse seng kae pel’a moo metsi a khutlang teng. Lehlabula, maruarua a fetang sekete a bokana metsing a Loango a khutsitseng ho tla hoelisana.
Ho na le matamo a mabeli a maholo a arotseng libaka tsa Loango tse haufi le leoatle ho moru o tikolohong ea equator, ’me ke lehae le letle la likoena le likubu. Litlhapi li ngata matamong ana ao mabōpong a ’ona ho nang le moru oa lifate tsa mangrove. Lintsu tsa Afrika tse jang litlhapi le lioli li okaokela matamong ana, ’me liinoli tse mebala-bala tsa mefuta e sa tšoaneng tsona li batla litlhapi metsing a sa tebang. Litlou tse ratang metsi li sesa li thabile ha li tšela matamo ana ho ea mabōpong le ho ea ja litholoana tse ngata tseo li li ratang.
Morung ona o tikolohong ea equator, litšoene li ngoangoarela makaleng a holimo a lifate ha lirurubele tse mebala-bala tsona li phuphusela sebakeng se chabetsoeng ke letsatsi. Bo-’mankhane ba jang litholoana ba robala lifateng tseo ba li ratang motšehare, ’me bosiu ba qala mosebetsi oa bona oa bohlokoa oa ho jala-jala peō morung. Moeling oa moru, linonyana tsa litaletale tse phatsimang li noa lero la lipalesa tse thuntseng lifateng le lihlahleng. Hoa utloahala hore ebe ke ka nepo Loango e ’nileng ea bitsoa “sebaka seo motho a ka utloang hore na ho joang ho ba tikolohong ea equator Afrika.”
Lopé—Se Seng sa Libaka Tse ’Maloa Tse Nang le Likorilla Tse Ngata
Lopé National Park e akarelletsa meru e meholo e lulang e le metalana e ntseng e le boemong ba eona ba tlhaho, lesabasaba hammoho le moru o pel’a letamo sebataolong se karolong e ka leboea ea sebaka sena. Ke sebaka se loketseng bakeng sa batho ba ratang tlhaho, ba ka ratang ho bona likorilla, lichimpanzi kapa mefuta e meng ea litšoene tse hlaha. Ho na le likorilla tse ka bang 3 000 ho ea ho 5 000 tse itsamaelang ka bolokolohi sebakeng sena se sirelelitsoeng se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 5 000.
Augustin, ea kileng a sebetsa sebakeng sena se sirelelitsoeng o hopola ketsahalo e ikhethang ea ha a ne a kopana le likorilla ka 2002. Oa hopola: “Ha ke ntse ke tsamaea ka morung, ke ile ka kopana le likorilla tse ’nè. E tona, e khōlōhali, e thōkoa ka mokokotlong, e ka bang lilemo li 35, e ile ea ema ka pel’a ka. E ka ’na eaba boima ba eona bo ne bo feta ba ka ka makhetlo a mararo. Ka potlako ke ile ka latela litaelo tse fanoeng bakeng sa ha motho a ka kopana le tsona, ka hona ka lula fatše, ka inamisa hlooho e le pontšo ea hore ke ea inehela. Korilla eo e ile ea tla, ea lula haufi le ’na ’me ea beha letsoho lehetleng la ka. Ka mor’a moo, e ile ea ntšoara letsoho ’me ea le bula, ea le hlahloba. Ha e se e khotsofetse hore ke ne ke se kotsi lelapeng la eona, e ile ea tsamaea butle ea ikenela ka morung. Letsatsing leo le sa lebaleheng, ke ile ka sibolla thabo ea ho kopana le liphoofolo sebakeng sa tsona sa tlhaho. Le hoja batho ba bolaea likorilla bakeng sa nama kapa ka lebaka la tumelo e fosahetseng ea hore li kotsi, ke liphoofolo tse nang le khotso tseo re lokelang ho li sireletsa.”
Lopé, mofuta o mong oa litšoene o bokana ka lihlopha tse khōlō tseo ka linako tse ling li fetang sekete. Tsena ke tse ling tsa litšoene tse etsang sekhakhatha se seholohali lefatšeng, ’me ha ho potang hore lerata la tsona le thiba litsebe. Moeti e mong ea tsoang Cameroon o hlalosa ketsahalo ea ha a kopana le se seng sa lihlopha tsena tse khōlōhali.
“Motho ea re bontšang sebaka sena o ile a fumana hore na litšoene tsena li hokae hobane li kentsoe litšepe tse atisang ho kenngoa melaleng ea liphoofolo ho fana ka boitsebiso ba hore na li hokae. Re ile ra potlakela ho ea ka pele ’me ka potlako ra hloma lephephe leo re tla ipata ho lona, ’me ra li emela hore li fihle. Ka metsotso e 20 re ne re mametse ’mino o monate oa ka morung, o etsoang ke linonyana le likokonyana tse ngata. Hang-hang, khutso eo e ile ea fela ha sehlopha sa litšoene se fihla. Molumo oa makala a robehang le lerata la sona li ile tsa etsa hore ke nahane hore ho atamela sefefo se matla. Empa ha ke bona litšoene tse tsamaeang ka pele, e ne eka li eteletse lebotho pele. Tse tona tse khōlō e ne e le tsona tse ka pele, li tsamaea ka potlako fatše, ha tse tšehali le malinyane tsona li ne li tlōlaka holimo makaleng a lifate. Ka tšohanyetso, e ’ngoe ea tse tona e ile ea ema ’me ea qala ho qamaka. Tšoenyana e neng e tlōla makaleng e ne e re bone ’me ea lemosa tse ling. Sehlopha seo kaofela se ile sa potlaka le ho feta, ’me lerata la e-ba leholo le ho feta ha li hoeletsa li koatile ho bontša hore li tenehile. Ka mor’a nakoana, kaofela li ne li ile. Motho ea re bontšang sebaka o ile a hakanyetsa hore litšoene tseo tse fetileng pel’a rōna li ne li ka ba 400.”
Lichimpanzi tseo le tsona li etsang lerata, ha li bonahale habonolo ha li ntse li tsamaea ka potlako morung ho batla lijo nako le nako. Ka lehlakoreng le leng, baeti ba lula ba bona litšoene tse linko li thokoa tseo ka linako tse ling li tsamaeang lesabasabeng le moeling oa moru. Mohlomong phoofolo e itšehlang thajana ka ho fetisisa Lopè, ke tšoene e mohatla o phatsimang, e leng mofuta oa tšoene ea sebakeng sena feela o ileng oa fumanoa lilemong tse 20 tse fetileng.
Linonyana tse khōlō, tse mebala-bala tsa morung—tse kang mofuta oa li-turaco le li-hornbill—li utloahala ka lerata la tsona le leholo. Ho baliloe mefuta e ka bang 400 ea linonyana sebakeng sena, e leng ho etsang hore e be sebaka se tummeng ho ba ratang ho sheba linonyana.
Setšabelo sa Lihloliloeng ka Mefuta ea Tsona
Sebaka se sirelelitsoeng sa Lopé le sa Loango ke tse ling tsa libaka tse 13 tsa Gabon tse sirelelitsoeng tseo e leng lirapa tsa sechaba. Libakeng tse ling ho sirelelitsoe meru ea mangrove, limela tse ikhethang le libaka tseo linonyana tse fallang li lulang ho tsona. Lee White oa Mokhatlo oa Paballo ea Liphoofolo le Limela Tsa Naha, oa hlalosa: “Gabon e beheletse ka thoko tikoloho e ntle ka ho fetisisa le lintho tse phelang ho eona naheng ena. Ntho ea bohlokoa hase feela boholo ba libaka tsena, empa ke boemo bo botle boo li leng ho bona. Ka 2002, ka nako e khutšoanyane ba ile ba khona ho etsa libaka tse sirelelitsoeng tse tsotehang, tse nang le lihloliloeng tsa naha ena ka mefuta ea tsona.”
Ke ’nete hore ho tla ’ne ho be le mathata a mangata joalokaha Mopresidente Bongo Ondimba a lumela. O re: “Seo re se buellang ke hore lefatše lohle le kenelle, e leng ho tla hloka boitelo ba nakoana le ba nako e telele e le hore re khone ho finyella sepheo sa rōna sa ho siela meloko e tlang lintho tsena tse babatsehang tsa tlhaho.”
[Limmapa leqepheng la 17]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
AFRIKA
GABON
Libaka tse 13 tse sirelelitsoeng tsa Gabon
Lopé National Park
Loango National Park
[Litšoantšo leqepheng la 16, 17]
Leruarua le setšoantšo sa Loango se nkiloeng moeeng
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Whale: Wildlife Conservation Society
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 16, 17]
Mofuta o mong oa tšoene (ka ho le letšehali) le korilla (ka ho le letona)
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 15]
Robert J. Ross