Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/08 maq. 18-21
  • Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa Elektronike?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa Elektronike?
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likotsi Tsa Tsona!
  • Lebaka Leo ho Leng Bohlokoa Hore na U Khetha Efe
  • Ke Lokela ho Khetha Papali Efe?
  • Khetha ka Bohlale
  • Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa Elektronike?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba Mabapi le Lipapali Tsa Elektronike?
    Bacha Baa Botsa
  • Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa K’homputha Kapa Tsa Video?
    Tsoha!—1996
  • Na ho na le Kotsi Lipapaling Tsa ho Tšoantšisa Batho ba Bang?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 1/08 maq. 18-21

Bacha Baa Botsa

Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa Elektronike?

LIPAPALI tsa elektronike hase taba feela ea ho ithabisa ka theknoloji e phahameng. Ke ’nete hore li leotsa tsebo le ho tlosa motho bolutu. Empa ha li etse seo feela. Lipapali tsa elektronike li ka falimehisa kelello hore e fetisetse melaetsa lithong tse ling tsa ’mele, ’me liphuputso tse entsoeng li bontša hore ho bapala lipapali tsena ho ntlafatsa matla a ho sheba lintho nako e telele. Tse ling li ka ba tsa ntlafatsa mokhoa oo u balang ka oona le tsebo ea hao ea lipalo. Ho feta moo, ho ka etsahala hore lipapali tse ling tsa morao-rao tsa elektronike e be tsona tseo bana ba sekolo ba ratang ho qoqa haholo ka tsona. Haeba u kile ua bapala e ’ngoe, u na le seo u ka buang le lithaka tsa hao ka sona.

Ho hlakile hore batsoali ba hao ke bona ba ka u lumellang hore na u bapale lipapali tsa elektronike kapa che. (Bakolose 3:20) Haeba ba u lumella, u lokela ho fumana papali e monate le e loketseng. Empa ke hobane’ng ha ka ho khetheha u lokela ho ba hlokolosi?

Likotsi Tsa Tsona!

Brian ea lilemo li 16, o re: “Lipapali tsa k’homphieutha lia thabisa ’me lia ratoa.” Empa mohlomong joalokaha u se u ntse u tseba, lipapali tse ling li kotsi. Brian o re: “Ha u li bapala, u ka etsa lintho tseo ha e le hantle bophelong u neng u ke ke ua lora u li etsa—ke hore tseo u ke keng ua li etsa ebe ha u kene mathateng a tebileng.” Hantle-ntle lipapali tsee li khothalletsa boitšoaro ba mofuta ofe?

Lipapali tse ngata li khothalletsa pepenene boitšoaro bo bobe, puo e litšila le pefo—e leng lintho tseo kaofela Bibele e li nyatsang. (Pesaleme ea 11:5; Bagalata 5:19-21; Bakolose 3:8) Lipapali tse ling li khothalletsa tšebelisano le meea. Adrian, ea lilemo li 18, o hlalosa hore papali e ’ngoe e ratoang e na le “likenke tse loantšanang, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, liketso tse totobetseng tsa ho kopanela liphate, puo e litšila, liketso tse mabifi haholo le tšollo ea mali e sisimosang.” Tse ncha li etsa hore tsa khale li bonahale e se letho ha li bapisoa le tsona. James ea lilemo li 19, o re motho a ka bapala lipapali tse ling tse ratoang haholo le batho ba bang ka Inthanete. Sena se etsa hore ho bapala lipapali tsena e be ho ikhethang. James o re: “U ntse u le heno, u ka hlōlisana le batho ba likarolong tse ling tsa lefatše ka k’homphieutha.”

Lipapali tse ratoang haholo ke tseo batho ba nkang karolo ho tsona. Lipapaling tsena, batho ba iketsetsa libapali—ebang ke batho, liphoofolo, kapa batho ba kang liphoofolo—tse phelang lefatšeng la lik’homphieutha le sebelisoang ke batho ba bang ba likete. Lefatšeng lena la lik’homphieutha ho na le mabenkele, likoloi, matlo, li-nightclub le matlo a matekatse—ha e le hantle, lintho tse bontšoang mona ke tse etsahalang bophelong ba sebele. Ba bapalang lipapaling tsena ba khona ho ngollana melaetsa ha libapali tsa k’homphieutha li kopana.

Ho etsahala’ng lefatšeng lee la lik’homphieutha? Moqolotsi e mong o re: “Batho ba etsa lintho tseo bophelong ba sebele ba neng ba ke ke ba li etsa.” Ha a tsoela pele, o re: “Ho kopanela liphate ke ntho e tloaelehileng, hammoho le botekatse.” Ka ho tobetsa likonopo tse seng kae feela, ba bapalang ba ka etsa hore libapali tsa bona li kopanele liphate ha bona ba ntse ba ngollana melaetsa e buang ka ho kopanela liphate. Ho feta moo, makasine ea New Scientist e re lipapaling tseo “ho tletse liketso tsa tlōlo ea molao, Mamafia, batho ba thaothelang matekatse, ba nkelang ba bang lintho ka likhoka, baqhekelli le babolai.” Makasine e ’ngoe eona e tlaleha hore “ba li nyatsang ba amehile ka liketso tseo bophelong ba sebele e neng e tla ba tlōlo ea molao, tse kang tse etsoang matlong a matekatse tsa libapali tse betang matekatse, kapa batho ba kopanelang liphate ba sebelisa libapali tsa bana.”

Lebaka Leo ho Leng Bohlokoa Hore na U Khetha Efe

Ba bapalang lipapali tseo tse bontšang pefo kapa tse bontšang ho kopanela liphate pepenene ba ka ’na ba re: “Ha li na kotsi ea letho. Hase liketso tsa sebele. E mpa e le papali feela.” Empa u se ke ua thetsoa ke monahano oo o fosahetseng!

Bibele e re: “Esita le ka liketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.” (Liproverbia 20:11) Haeba u itloaetsa ho bapala lipapali tsa elektronike tse bontšang pefo le boitšoaro bo bobe, na ho ka thoe u hloekile ’me u lokile kelellong? Liphuputso li bontšitse ka makhetlo hore ho shebella boithabiso bo mabifi ho etsa hore ba bo shebellang ba be mabifi le ho feta. New Scientist e sa tsoa re: “Kaha lipapaling tsa video teng motho o nka karolo, sena se etsa hore lipapali tsena li be le tšusumetso e matla ho feta TV.”

Ho bapala lipapali tse bontšang pefo kapa boitšoaro bo bobe ho tšoana le ho bapala ka lintho tse lahliloeng tse ntšang mahlaseli a kotsi—kotsi ea hona e ka ’na ea se ke ea bonahala hang-hang, empa qetellong e tla ba teng. Ka tsela efe? Ho pepesehela mahlaseli a kotsi ho ka senya lera la mala ha ba ha etsa hore libaktheria tse ka maleng li kene maling, ’me li kulise motho. Hoa tšoana le ha u bapala lipapali tse bontšang ho kopanela liphate pepenene le pefo e sisimosang, ho ka etsa hore u felloe ke ‘kutlo ea boitšoaro’ ha ba ha etsa hore monahano le liketso tsa hao li laoloe ke litakatso tsa nama.—Baefese 4:19; Bagalata 6:7, 8.

Ke Lokela ho Khetha Papali Efe?

Haeba batsoali ba hao ba u lumella hore u bapale lipapali tsa elektronike, u ka tseba joang hore na u khethe life le hore na u lokela ho li bapala ka nako e kae? Ak’u ipotse lipotso tse latelang:

◼ Na tseo ke li khethang li tla khopisa Jehova? Mofuta oa lipapali tseo u li khethang o ka ama tsela eo Molimo a ikutloang ka eona ka uena. Pesaleme ea 11:5 e re: “Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” Ha Lentsoe la Molimo le bua ka ba sebelisanang le meea, le re: “E mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.” (Deuteronoma 18:10-12) Haeba re batla ho ba metsoalle ea Molimo, re lokela ho latela keletso e ho Pesaleme ea 97:10, e reng: “Lōna ba ratang Jehova, hloeang se sebe.”

◼ Papali eo e tla nkama joang kelellong? Ipotse, ‘Na ho bapala papali ee ho tla ’nolofalletsa ho “balehela bohlola” kapa ho tla nthatafalletsa?’ (1 Bakorinthe 6:18) Lipapali tse u pepesetsang litšoantšo kapa meqoqo e tsosang takatso ha li na ho u thusa hore u lule u nahana ka lintho tse lokileng, tse hloekileng le tse khabane. (Bafilipi 4:8) Amy ea lilemo li 22, o re: “Lipapali tse ngata li etsa hore u se ke ua hlola u nyarosoa ke lintho tse kang pefo, puo e litšila, boitšoaro bo bobe, ’me li ka etsa hore u inehele molekong habonolo likarolong tse ling tsa bophelo. U lokela ho ba hlokolosi haholo ka lipapali tseo u khethang ho li bapala.”

◼ Ke tla qeta nako e kae ke li bapala? Deborah ea lilemo li 18, o re: “Ha ke nahane hore lipapali tsohle tsa k’homphieutha li fosahetse. Empa li ka jella motho nako e ngata, a ka ba a li lemalla.” Esita le lipapali tsa elektronike tse seng kotsi li ka jella motho nako e ngata. Kahoo e ka ba hantle hore u shebe nako eo u e qetang u li bapala ebe u e bapisa le eo u e qetang u etsa mesebetsi e meng ea bohlokoa. Ho etsa seo ho tla u thusa hore u etelletse pele lintho tsa bohlokoa.—Baefese 5:15, 16.

Hase hore Bibele e u laela hore u qete nako eohle ea bophelo ba hao u bala kapa u sebetsa. E re hopotsa hore ho na le “nako ea ho tšeha . . . le nako ea ho tlōla-tlōla.” (Moeklesia 3:4) Hlokomela hore poleloana e reng “ho tlōla-tlōla” ha e fane ka maikutlo a ho bapala feela empa e boetse e bolela hore motho o thapolla ’mele. Kahoo haeba u e-na le nako, bapala lipapali tse hlokang hore u thapolle ’mele ho e-na le ho lula ka pel’a k’homphieutha nako ena kaofela.

Khetha ka Bohlale

Ha ho pelaelo hore ho bapala lipapali tsa elektronike ho ka ba monate, haholo haeba u ipabola ho tsona. Lena ke lona lebaka la bohlokoa leo ka lona u lokelang ho khetha lipapali ka bohlale. Ipotse, ‘Ke ipabola lithutong life sekolong?’ Na hase tseo ka tloaelo u li ratang? Ke ’nete hore ha motho a rata thuto e itseng, hangata ke eona e mo susumetsang haholo. Joale ipotse: ‘Ke papali efe ea elektronike eo ke e ratang haholo? Papali ee e nthuta mekhoa efe?’

Ho u thusa hore u khethe ka bohlale, ak’u thathamise lintlha tse seng kae ka papali ka ’ngoe eo u batlang ho e bapala, u hlalose ho se hokae hore na sepheo sa papali eo ke sefe le hore na ho sebelisoa mekhoa efe ho se finyella. Bapisa lintlha tseo u li ngotseng le melao-motheo ea Bibele e boletsoeng sehloohong sena, ’me u bone hore na papali eo e loketse kapa che.

Ho e-na le ho bapala papali hobane feela lithaka tsa hao li e bapala, ikemisetse ho etsa qeto e thehiloeng tsebong. Habohlokoa le ho feta, latela keletso ea Bibele e reng: ‘U ’ne u nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.’—Baefese 5:10.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ U tla re’ng haeba motsoalle oa hao a re le bapale papali ea elektronike e bontšang pefo kapa boitšoaro bo bobe?

◼ U ka etsa’ng ho tiisa hore lipapali tsa elektronike ha li u sitise ho phetha mesebetsi ea bohlokoa haholo?

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 19]

Ho bapala lipapali tse bontšang pefo kapa boitšoaro bo bobe ho tšoana le ho bapala ka lintho tse lahliloeng tse ntšang mahlaseli a kotsi—kotsi ea hona e ka ’na ea se ke ea bonahala hang-hang, empa qetellong e tla ba teng

[Lebokose leqepheng la 18]

U bapala lipapali tsa elektronike hangata hakae?

□ Ka seoelo

□ Hang ka beke

□ Letsatsi le letsatsi

U qeta nako e kae u ntse u li bapala?

□ Metsotso e seng mekae

□ Hora kapa ka tlaase ho eona

□ Lihora tse fetang tse peli

Ke lipapali tsa mofuta ofe tseo u li ratang haholo?

□ Likoloi tsa reisisi

□ Lipapali (Sports)

□ Lithunya

□ Tse ling

Ngola papali ea elektronike eo u tsebang hore ha ua lokela ho e bapala

․․․․․

[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 21]

MOLAETSA HO BATSOALI

Mohlomong joalokaha u hlokometse ha u qeta ho bala sehlooho se fetileng, lipapali tsa elektronike li fapane hōle le kamoo li neng li le kateng ha u ne u sa le mocha. U le motsoali, u ka thusa ngoan’a hao joang hore a hlokomele likotsi tse ka ’nang tsa hlaha ’me a li qobe?

Ho ke ke ha thusa hakaalo ho nyatsa lipapali tsohle tse teng kapa ho tsitlella hore lipapali tsa elektronike ke tšenyo ea nako feela. Hopola hore hase lipapali tsohle tse fosahetseng. Leha ho le joalo, motho a ka li lemalla tsa ba tsa mo jella nako. Kahoo iphe nako ea ho hlahloba nako eo ngoana oa hao a e qetang a bapala lipapali tsena. Hape u lokela ho hlahloba mofuta oa lipapali oo ngoana oa hao a bonahalang a o thahasella. U ka ba ua botsa ngoana oa hao lipotso tse kang:

◼ Liithuti-’moho le uena li rata papali efe haholo?

◼ Ho etsahala’ng papaling eo?

◼ U nahana hore ke hobane’ng ha e ratoa hakaale?

U ka ’na ua fumana hore ngoana oa hao o tseba haholo ka lipapali tsa elektronike ho feta kamoo u nahanang kateng! Mohlomong o bile o bapetse lipapali tseo u nahanang hore ha lia lokela. Haeba ho joalo, u se ke ua halefa. Ona ke monyetla oa hore u thuse ngoan’a hao hore a hlaolele ho sebelisa matla a ho lemoha.—Baheberu 5:14.

Botsa ngoana oa hao lipotso tse tla mo thusa ho lemoha hore na ke hobane’ng ha a rata lipapali tse sa lokelang. Ka mohlala, u ka mo botsa potso e kang ena:

◼ Na u ikutloa u le mokhelo hobane u sa lumelloe ho bapala papali eo?

Joalokaha ho boletsoe qalong ea sehlooho se fetileng, bacha ba ka ’na ba bapala papali e itseng e le hore ba tle ba be le seo ba ka qoqang le lithaka tsa bona ka sona. Haeba ho joalo ka ngoana oa hao, mohlomong u ne u ke ke ua buisana le eena ka tsela eo u neng u tla buisana le eena ka eona haeba u ne u hlokometse hore o rata lipapali tse bontšang pefo e sisimosang kapa boitšoaro ba ho kopanela liphate.—Bakolose 4:6.

Empa u lokela ho etsa’ng haeba ngoan’a hao a khahliloe ke liketso tse fosahetseng tsa papali eo? Bacha ba bang ba ka ’na ba potlakela ho re bona ha ba angoe ke tšollo ea mali e bontšoang lipapaling tsa k’homphieutha. Ba ka ’na ba re, ‘Seo ke se etsang k’homphieutheng hase bolele hore ke tla se etsa bophelong.’ Haeba ngoan’a hao o nahana joalo, mo hlokomelise se boletsoeng ho Pesaleme ea 11:5, e qotsitsoeng leqepheng la 20 sehloohong se fetileng. Joalokaha temana eo e bontša ka ho hlaka, hase feela ho ba mabifi ho etsang hore motho a se ke a amoheloa ke Molimo, empa ho rata pefo le hona ho etsa hore Molimo a se ke a mo amohela. Molao-motheo ona oa sebetsa le tabeng ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate kapa boitšoaro leha e le bofe boo Lentsoe la Molimo le bo nyatsang.—Pesaleme ea 97:10.

Litsebi tse ling li khothalletsa se latelang:

◼ U se ke ua mo lumella ho bapalla lipapali tsa elektronike sebakeng se poteletseng, se kang ka kamoreng.

◼ Beha melao (ka mohlala, u ke ke ua bapala pele u qeta mosebetsi oa hao oa sekolo kapa u ja lijo tsa mantsiboea kapa pele u phetha mosebetsi o itseng oa bohlokoa).

◼ Bontša bohlokoa ba ho etsa lintho tse ling tse thapollang ’mele.

◼ Shebella bana ba hao ha ba bapala lipapali tsa elektronike—kapa ho molemo le ho feta, li bapale le bona ka linako tse ling.

E le hore u thuse bana ba hao tabeng ea boithabiso, ho hlakile hore u lokela ho ba behela mohlala o motle. Kahoo ipotse, ‘Ke shebella mananeo a mofuta ofe a TV le libaesekopo?’ U se ke ua ithetsa—haeba u etsa se fapaneng le seo u se buang, bana ba hao ba tla hlokomela seo!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela