Bacha Baa Botsa
Nka Sebetsana Joang le Matšoenyeho a ho Kena Sekolo?
“Matšoenyeho ao u tobanang le ’ona sekolong ha a fokotsehe ha u ntse u hōla—ho fetohang feela ke mabaka a ’ona.”—James, New Zealand.a
“Ke ne ke ba tlas’a khatello e matla sekolong hoo ke neng ke atisa ho ikutloa eka nka se hlaba hloohong.”—Sharon, United States.
NA U utloa eka batsoali ba hao ha ba utloisise hore na u thulana le lintho tse ngata hakae tse u bakelang matšoenyeho sekolong? Ke ’nete hore ba ka ’na ba u bolella hore ha u lefelle ntlo, ha u na lelapa leo u lokelang ho le fepa, kapa mohiri eo u lokelang ho mo khahlisa. Leha ho le joalo, ha u le sekolong, u ikutloa eka u tlas’a khatello e matla joaloka batsoali ba hao, kapa mohlomong e bileng e fetang ea bona.
Ho ea feela le ho khutla sekolong ho ka u bakela matšoenyeho. Tara ea lulang United States, o re: “Bana ba sekolo ba ne ba atisa ho loana ka beseng. Mokhanni o ne a ema ebe o re theola kaofela ka beseng. Seo se ne se etsa hore re fihle sekolo se se se kene ka metsotso e 30 kapa ho feta.”
Na matšoenyeho aa fela ha u fihla sekolong? Che! Mohlomong le uena u ikutloa joaloka bacha ba buileng mantsoe a latelang.
◼ Matšoenyeho a bakoang ke matichere.
“Matichere a batla hore ke sebetse hantle, ke fumane limaraka tse holimo ’me seo etsa hore ke ikutloe ke le tlas’a khatello ea ho batla ho a khahlisa.”—Sandra, Fiji.
“Matichere a phehella liithuti hore li ipabole lithutong, haholo-holo tse nang le bokhoni bo itseng. Matichere a re susutlella hore re sebetse hantle.”—April, United States.
“Esita le haeba u ipehetse lipakane tse molemo bophelong, matichere a mang a etsa hore u ikutloe u se na thuso haeba u sa phehelle lipakane tsa thuto tseo ’ona a nahanang hore u lokela ho li phehella.”—Naomi, United States.
Matšoenyeho a bakoang ke matichere a u ama joang?
․․․․․
◼ Matšoenyeho a bakoang ke lithaka.
“Ha bana ba le sekolong se phahameng, ba na le bolokolohi bo bongata ’me ba atisa ho ba marabele. Haeba u sa kheme le bona, ba nahana hore u koalehile.”—Kevin, United States.
“Letsatsi le letsatsi, ke thulana le teko ea ho noa joala le ho kopanela liphate. Ka linako tse ling ho thata hore ke hanele takatso ea ho etsa lintho tseo.”—Aaron, New Zealand.
“Kaha joale ke lilemo li 12, ntho e ntšoenyang ka ho fetisisa ke khatello ea hore ke intše le mohlankana. Bana ba bang kaofela sekolong ba re, ‘U tla lula u se na mohlankana ho fihlela neng?’”—Alexandria, United States.
“Ke ile ka ba tlas’a khatello ea hore ke intše le mohlankana e mong. Ha ke hana, ho ile ha thoe ke mosodoma. Ka nako eo, ke ne ke le lilemo li leshome feela!”—Christa, Australia.
Matšoenyeho a bakoang ke lithaka a u ama joang?
․․․․․
◼ Ho tšoenyeha ka seo bana bao u kenang tlelaseng le bona ba tla se bua ka bolumeli ba hao.
“Ho thata ho bolella bana bao u kenang le bona tlelaseng seo u se lumelang hobane ha u tsebe hore na ba tla u nka joang ka mor’a moo. U tšoenyeha ka hore ba tla nahana hore ua makatsa.”—Carol, Hawaii.
“Ha bana ba le sekolong se bohareng le se phahameng, ba sebelisa lithethefatsi, ba kopanela liphate ebile ba noa joala. Ho hlile hoa tšoenya kaha ha u batle hore bana ba bang ba u some hobane u fapane le bona ka lebaka la ho phela ka melao ea Bibele.”—Susan, United States.
Litaba tse amang bolumeli li u ama joang?
․․․․․
◼ Lintho tse ling tse bakang matšoenyeho. Tšoaea e u tšoenyang haholo—kapa u ngole e u tšoenyang.
□ Tlhahlobo eo u tlil’o e ngola
□ Mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae
□ Lintho tse khōlō tseo batsoali ba lebeletseng hore u li finyelle
□ Ho leka ho finyella lipakane tse phahameng tseo u ipehetseng tsona
□ Bo-mpoli kapa ba u hlekahlekang
□ Lintho tse ling ․․․․․
Mehato e Mehlano ea ho Fokotsa Matšoenyeho
Ha e le hantle, u ke ke ua lebella hore u kene sekolo u be u qete u sa be le matšoenyeho a itseng. Leha ho le joalo, matšoenyeho a mangata a ka u sithabetsa. Morena Solomone ea bohlale o ile a ngola a re: “Khatello feela e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya.” (Moeklesia 7:7) Empa u se ke ua lumella matšoenyeho hore a u etsise lintho tsa bohlanya. Ke habohlokoa hore u ithute ho sebetsana le ’ona ka tsela e atlehang.
Ho sebetsana le matšoenyeho ho tšoana le ho phahamisa litšepe. E le hore motho ea phahamisang litšepe a atlehe, o lokela ho itokisa hantle esale pele. O phahamisa litšepe ka tsela e nepahetseng, ’me o qoba ho phahamisa tse boima haholo. Ka ho etsa joalo, o itiisa mesifa empa a sa itematse ’meleng. Ka lehlakoreng le leng, haeba a sa etse joalo a ka ’na a utloisa mosifa bohloko kapa hona ho ithoba lesapo.
Ka ho tšoanang, u ka sebetsana ka katleho le matšoenyeho ao u tobanang le ’ona ’me ua atleha ho finyella seo u batlang ho se etsa empa u sa itematse. Ka tsela efe? Ka ho etsa lintho tse latelang:
1. Tseba hore na a bakoa ke eng ka ho khetheha. Maele a bohlale a re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) Empa u ke ke ua ipatela boemo bo u sithabetsang ntle le haeba u tseba hore na bo bakoa ke eng. Kahoo khutlela lintlheng tseo u li ngotseng pejana. Ke ntho efe e u bakelang matšoenyeho ka ho fetisisa?
2. Etsa lipatlisiso. Ka mohlala, haeba mosebetsi o mongata oa sekolo o etsetsoang hae o u sithabetsa, sheba litlhahiso tse fanoeng sehloohong sa “Bacha Baa Botsa—Nka Fumana Nako ea ho Etsa Mosebetsi oa ka oa Sekolo Joang Lapeng?” se hatisitsoeng Tsoheng! ea February 8, 2004. Haeba u le tlas’a khatello ea ho etsa boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate le ngoana eo u kenang le eena ka tlelaseng, u tla fumana keletso e molemo sehloohong sa “Bacha Baa Botsa—Ho Thoe’ng Haeba Moshemane Kapa Ngoanana a re ke ‘Robale le Eena ka Nako eo Feela’?” se hatisitsoeng Tsoheng! ea March 2007.
3. Rera esale pele hore na u tla re’ng. Haeba u tšoenyehile ka hore na bana bao u kenang le bona tlelaseng ba tla re’ng ha ba utloa ka seo u se lumelang, u se ke ua emela hore e mong a be a u botse pele u nahana seo u tlang ho se bua kapa seo u tlang ho se etsa. (Liproverbia 29:25) Kelsey ea lilemo li 18, o re: “Se ileng sa nthusa hore ke atlehe ke hore ke ile ka itokisa esale pele. Ke ne ke se ke entse qeto ea hore na ke tla hlalosa seo ke se lumelang joang.” Aaron oa Belgium ea lilemo li 18 le eena o ile a etsa se tšoanang. O re: “Ke ile ka nahana esale pele hore na ba ka ’na ba mpotsa lipotso life, ’me ka itokisetsa ho li araba. Hoja ka se ke ka etsa joalo, nka be ke ile ka tšaba ho bua ka seo ke se lumelang.”
4. U se ke ua lieha. Hase mathata a mangata a tla iphella feela haeba ua hlokomoloha. Ho e-na le hoo, hangata aa mpefala, ’me a u ekeletse matšoenyeho. Ka mohlala, haeba u Paki ea Jehova, ho tsebisa ba bang seo kapele kamoo ho ka khonehang ho ka u sireletsa. Marchet, eo hona joale a leng lilemo li 20, o re: “Selemo le selemo ha likolo li buloa, ke ne ke qala ho bua ka taba e itseng eo ke tsebang hore e tla mpha monyetla oa hore ke hlalose melao ea Bibele eo ke e latelang. Ke ile ka hlokomela hore haeba ke lieha ho itsebahatsa hore ke Paki, ho ne ho e-ba thata haholoanyane ha nako e ntse e ea. Ruri ho ne ho nthusa ho itsebahatsa le hore selemo ho pota ke phele tumellanong le seo ke se lumelang.”
5. Kōpa thuso. Esita le motho ea shahlileng ka ho fetisisa ea phahamisang litšepe, ho na le moo a fellang teng. Ho joalo le ka uena. Ha ho hlokahale hore u kiba-kibe ka bothata u le mong. (Bagalata 6:2) Ke hobane’ng ha u sa buisane le batsoali ba hao kapa Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong? Ba bontše likarabo tseo u li ngotseng pejana sehloohong sena. Buisana le bona ka hore na ba ka u thusa joang hore u sebetsane le tse ling tsa lintho tsena tse u bakelang khatello. Liz, oa Ireland, o ile a bolella ntate oa hae hore o tšaba ho songoa ka lebaka la bolumeli ba hae. Liz o re: “Letsatsi le leng le le leng, Ntate o ne a rapela le ’na pele a ntheola sekolong. Kamehla seo se ne se etsa hore ke ikutloe ke sireletsehile.”
Na ho na le Matšoenyeho a Molemo?
U ka ’na ua thatafalloa ho lumela seo, empa taba ea hore ebe u na le matšoenyeho a itseng, ke ntho e molemo. Hobane’ng? Seo se ka ’na sa bontša hore ua ikitlaetsa le hore letsoalo la hao le ntse le sebetsa. Ela hloko kamoo Bibele e hlalosang kateng motho ea bonahalang a se na matšoenyeho ho hang: “U tla robala moo halelele hakae u sa etse letho? U tla tsoha neng u tlohele ho robala? Robala ho se hokae. E-re shoa! hanyenyane. Phutha matsoho. Ha u re phapha! tsohle li ile, joalokaha eka li nkiloe ke lesholu le hlometseng.”—Liproverbia 6:9-11, Contemporary English Version.
Heidi ea lilemo li 16, o akaretsa taba ena hantle. O re: “Ho ka ’na ha bonahala eka sekolo ke sebaka se sebe, empa likhatello tseo u tobanang le tsona moo ke tseo u tla tobana le tsona le ha u se u sebetsa.” Ke ’nete hore ho sebetsana le matšoenyeho ha ho bonolo, empa haeba u sebetsana le ’ona ka katleho, a ke ke a u bolaea. Ha e le hantle, a ka u tiisa haholoanyane.
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Ke matšoao afe a ka ’nang a bontša hore ho na le lintho tse u tšoenyang maikutlong?
◼ Ke hobane’ng ha ho batla hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela e phethahetseng ho tla u bakela matšoenyeho le ho feta?
◼ U ka buisana le mang haeba u ikutloa u sithabetse ke matšoenyeho?
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 27]
Ho sebetsana le matšoenyeho ho tšoana le ho phahamisa litšepe—haeba u sebetsana le ’ona hantle, a tla u tiisa haholoanyane