Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/08 leq. 10
  • Matla a Tataisang Serurubele ha se Falla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matla a Tataisang Serurubele ha se Falla
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Seholo ka ho Fetisisa le se Senyenyane ka ho Fetisisa
    Tsoha!—1999
  • Bokaholimo ba Lepheo la Serurubele
    Tsoha!—2012
  • Lepheo la Serurubele
    Tsoha!—2014
  • Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 11/08 leq. 10

Matla a Tataisang Serurubele ha se Falla

Na a Entsoe?

◼ Serurubele se seholo sa Amerika Leboea se sebelisa boko bo ka lekanang le hloohoana ea pene ha se nka leeto la lik’hilomithara tse 3 000 se tloha Canada se ea morung o monyenyane o Mexico. Serurubele see se tseba tsela joang?

Ak’u nahane: Lirurubele tsena li na le sesupa-tsela sa tlhaho se tataisoang ke letsatsi. Empa hase hoo feela. Lirurubele tsena li boetse li na le tsela e hlollang eo ka eona ’mele ea tsona e bolokang nako ea lihora tse 24 tsa letsatsi hore li lule li tsamaisana le letsatsi. Dr. Steven Reppert, eo e leng setsebi sa tšebetso ea methapo linthong tse phelang, o re “’mele [ea lirurubele tsena] e na le tsela e hlollang e fapaneng ka ho feletseng le ea likokoanyana le liphoofolo tse ling tseo ho entsoeng lipatlisiso ka tsona ho fihlela joale.”

Ho ithuta ho eketsehileng ka tsela e hlollang eo ’mele ea lirurubele tsena e sebetsang ka eona ho ka ’na ha thusa bo-rasaense hore ba tsebe ho eketsehileng ka tsela eo ’mele ea batho le liphoofolo e sebetsang ka eona. Ho ka boetse ha thusa hore ho fumanoe phekolo e ncha bakeng sa maloetse a tsamaisanang le methapo ea kutlo. Reppert o re: “Ke rata ho tseba hore na boko bo sebetsa joang bakeng sa ho tseba nako le sebaka, ’me mohlala o ikhethang tabeng ena ke oa serurubele sena se seholo sa Amerika Leboea.”

U nahana’ng ka see? Na matla a tataisang serurubele see ha se falla a bile teng feela tjee ka tšohanyetso? Kapa na ke bopaki ba hore a fanoe ke Moqapi ea bohlale?

[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 10]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Serurubele se seholo sa Amerika Leboea se tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 3 000 ha se falla se tloha Canada se ea morung o monyenyane o Mexico

[’Mapa]

CANADA

UNITED STATES OF AMERICA

MEXICO

MEXICO CITY

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]]

Background: © Fritz Poelking/​age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela