Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/09 leq. 30
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lik’holeje le “ho Koalla”
  • Batsoali Baa Lefshoa Hore ba Hōlise Bana ba Banana
  • Seo Linonyana li se Etsang ha li Utloa Lerata
  • Lerata Seo U ka se Etsang ka Lona
    Tsoha!—1997
  • Lerata Khathatso ea Mehleng ea Kajeno
    Tsoha!—1997
  • Ha Linonyana li Thula Mehaho
    Tsoha!—2009
  • ‘Talimang Linonyana ka Hloko’
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 2/09 leq. 30

Tsa Mona le Mane

◼ “Sehlopha sa litsebi tsa linaleli se neng se sebelisa libonela-hōle tsa Subaru le Keck sebakeng sa Mauna Kea [Hawaii] se ile sa sibolla linaleli tse khōlō tseo ho bonahalang mahlakore a mararo a tsona lihlopheng tsa linaleli tse sebakeng seo khanya e ka nkang lilemo tse limilione tse 200 ho tšekalla ho sona.” Linaleli tsena ke tsona tse khōlō ka ho fetisisa tse kileng tsa sibolloa.—SUBARU TELESCOPE WEB SITE, JAPANE.

◼ Ofisi ea Lipalo-palo Tsa Sechaba ea United Kingdom e tlaleha hore “ka 2006 palo ea manyalo [Engelane le Wales] e ne e le tlaase ka ho fetisisa lilemong tse 110. Baratani ba bangata ba se ba khetha ho lula hammoho ba sa nyalana.”—THE GUARDIAN WEEKLY, BRITHANI.

◼ Ho ea ka mokhatlo oa Pew Forum on Religion and Public Life, o sebetsanang le litaba tsa bolumeli le tsa bophelo ba sechaba, “batho ba baholo ba etsang karolo ea 44 lekholong ba fetotse bolumeli ba bona, ba qalile ho kopanela le bolumeli bo itseng, kapa ba khaolitse ho kopanela bolumeling ka ho feletseng.”—UNITED STATES OF AMERICA.

Lik’holeje le “ho Koalla”

“Ntle le lik’holejeng tse itseng tsa Prostanta . . . . , ha ho na phapang e kaalo pakeng tsa lik’holeje le liunivesithi tsa sechaba, tsa praefete le tsa K’hatholike ha ho tluoa tabeng ea ‘ho koalla’ e atileng—moo liithuti li batlang ho kopanela liphate le batho ba bangata.” Mantsoe ao a builoe ke Donna Freitas, eo e leng setsebi sa thuto ea bolumeli ba K’hatholike ebile e le motlatsi oa moprofesa univesithing, ka mor’a hore ho etsoe phuputso ka boitšoaro ba ho kopanela liphate le bolumeli lik’holejeng tsa Amerika. Ho ea ka National Catholic Reporter, Freitas o itse ho hlōleha ha bolumeli ho ba le tšusumetso melaong ea boitšoaro, ha ho bontše feela “hore ho koalla ho iphile matla lik’holejeng,” empa ho boetse ho bontša hore “malumeli aa hlōleha ho sebetsana le mokhoa ona.”

Batsoali Baa Lefshoa Hore ba Hōlise Bana ba Banana

Tlaleho ea BBC News e re ’muso oa India o lefa batsoali ba futsanehileng hoo e ka bang R23 000 hore ba hōlise bana ba banana. Malapa a tla fuoa moputso oa chelete ha a ba le ngoana oa ngoanana ’me a tla e fuoa ka linako tse sa tšoaneng ha a ntse a hōla ho fihlela ha a le lilemo li 18. Le hoja ka 1994, ho ile ha ntšoa molao o thibelang batho ho ikhethela hore na ba batla ngoan’a mong le basali ho ntša mpa haeba ba sa batle lesea la bong bo itseng, batho ba tsoela pele ho etsa seo ka bongata. Ha e le hantle, ho hakanngoa hore lilemong tse 20 tse fetileng, ho ntšoa ha mpa ho bolaile masea a ka bang limilione tse 10 a banana, ’me seo se entse hore libakeng tse ling ho be le phapang e khōlō pakeng tsa palo ea banana le bashanyana. Ho ea ka palo ea sechaba e nkiloeng ka 2001, naheng ka bophara ho bashanyana ba bang le ba bang ba 1 000 ba ka tlaase ho lilemo tse tšeletseng ho ne ho e-na le banana ba 927 ’me lekhalo leo le ntse le eketseha. Sebakeng se seng ho ne ho e-na le banana ba 793 ho bashanyana ba bang le ba bang ba 1 000.

Seo Linonyana li se Etsang ha li Utloa Lerata

Linonyana tse ling li etsa boiteko bo matla ba hore li utloahale har’a lerata le bang teng metseng e meholo. Makasine ea New Scientist e re le hoja batho ba ka ’na ba khopisoa ke lerata, ho linonyana teng ke taba ea “lefu le bophelo,” kaha tse tona “li hohela tse tšehali le ho tšoaea meeli ea tsona” ka ho bina. Kaha lerata le metseng e meholo le utloahala haholo ha maqhubu a molumo a le tlaase, linonyana tse ling li etsa hore li utloahale ka hore li bine bosiu kapa li binele holimo. Makasine eo e re hase linonyana tsa litoropong feela tse ikamahanyang le maemo ka tsela ena. Tse phelang haufi le “liphororo le linōka le tsona li binela holimo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela