Setšabelo sa ho Qetela sa Lintho Tse Kotsing ea ho Fela
KA MONGOLI OA TSOHA! SPAIN
LIMELA le liphoofolo li ntse li e-ba kotsing le ho feta lefatšeng lohle. Bo-rasaense ba bang ba hakanya hore selemo le selemo ho fela mefuta e likete ea limela le liphoofolo. Ka lehlohonolo, lithaba ke libaka tse sireletsang limela le liphoofolo tseo pele li neng li fumaneha ka bongata libakeng tse sa tšoaneng. Empa le libakeng tsena tse sireletsehileng, ho na le kotsi e bakoang ke tšilafalo le tšenyo eo batho ba e etsang. Mohlomong boemo bona bo totobetse le ho feta Europe, e leng se seng sa libaka tse nang ba baahi ba bangata ka ho fetisisa lefatšeng.
Lithabeng tsa Pyrenees tse arolang Fora le Spain, ho na le libaka tse ’maloa tsa sechaba tse reretsoeng ho sireletsa liphoofolo le limela tsa moo. Libakeng tsena tse sirelelitsoeng, baeti ba khona ho bona sebaka seo e leng setšabelo sa ho qetela sa lintho tse kotsing ea ho fela. A re hlahlobeng ho se hokae hore na ho etsahala’ng lirapeng tsena.
Tse Kotsing ea ho Fela
Lipalesa. Tse ling tsa lipalesa tsa naha tse ntle ka ho fetisisa li mela sebakeng se phahameng ka limithara tse 1 500. Lipalesa tse bitsoang snow gentians le trumpet gentians (1), tse makhasi a boputsoa bo hlakileng, li apesitse matsoapo a holimo thabeng, moo lifate li sa meleng. Tlaase matsoapong, ho na le mofuta oa ’mametsana (2) o kotsing ea ho fela o ntseng o tlokoma ka har’a lifate tsa beech. Selemo le selemo, batho ba makholo ba ratang lintho tsa tlhaho ba etela sebakeng sena, kahoo bahlokomeli ba moru oo ba o lebela ka lihora tse 14 ka letsatsi ho tiisa hore lipalesa tsena tsa bohlokoa ha li senngoe kapa hona ho fotholoa.
Lirurubele. Makhulo a alpine a ntseng a le boemong ba ’ona ba tlhaho a nang le lipalesa tse ngata tsa naha ke setšabelo sa lirurubele tse mebala-bala. Serurubele se seholo se bitsoang Apollo (3), se nang le matheba-theba a bofubelu bo hlakileng mapheong, se phuphusela holim’a meutloa. Lipalesa tse nyenyane tsona li lula li eteloa ke lirurubele tse ’mala o moputsoa le tse ’mala oa koporo (4) tsa mofuta oa Lycaenidae. Lirurubele tse ling tse bitsoang painted-lady le tortoiseshell li fofa ka lebelo matsoapong ao.
Liphoofolo. Ka nako e ’ngoe liphoofolo tse ngata tse khōlō tse anyesang tsa Europe li ne li solla hohle k’honthinenteng eo. Empa tse ling li tsonngoe hoo li leng mothating oa ho fela. Liphiri, libere, liqoabi (5), linare, liphuthi le lipōli tsa thaba (6) hona joale li fumaneha lithabeng tse seng kae feela kapa leboea le hōle. Liphoofolo tsena tse hlollang, tse libakeng tse sirelelitsoeng lithabeng tsa Pyrenees, ke khopotso e hlakileng ea hore liphoofolo tse hlaha li kile tsa e-ba teng ka bongata lithabeng tsena. Baeti ba bang ba nahanang lintho ka hloko baa ipotsa hore na ho tla etsahala’ng ka tse seng kae tse setseng.
Re na le lebaka le utloahalang la ho kholiseha hore ’Mōpi, Jehova, “eo litlhōrō tsa lithaba e leng tsa hae,” o amehile ka limela le liphoofolo tse hlaha tse lithabeng. (Pesaleme ea 95:4) Pesalemeng e ’ngoe, Molimo o re: “Phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hlaha ea moru ke ea ka, liphoofolo tse holim’a lithaba tse sekete. Ke tseba hantle sebōpuoa se seng le se seng se nang le mapheo sa lithaba.” (Pesaleme ea 50:10, 11) Hore ebe Jehova o amehile ka lefatše le libōpuoa tse ho lona ho re kholisa ka hohle hore a ke ke a lumella hore liphoofolo tse hlaha tse phelang lithabeng li fele ka ho feletseng.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]
La Cuniacha