Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/09 leq. 21
  • Tichere e Fetola Maikutlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tichere e Fetola Maikutlo
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O ne a sa Tsofala Haholo Hore a ka Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Atvia e Amohela Litaba Tse Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha re Hloka Matichere?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 3/09 leq. 21

Tichere e Fetola Maikutlo

◼ Lilemong tse seng kae tse fetileng, tichere e ’ngoe, Batumi, naheng ea Georgia, e ile ea kōpa liithuti hore li bolele Melao e Leshome ka ho latellana. Tichere eo e ile ea makatsoa ke seithuti se seng se bitsoang Anna, se ileng sa e thathamisa ka nepo. Anna o ile a boela a araba lipotso tse ling tsa Bibele ka tsela e khahlang. Tichere e ile ea mo botsa e hloletsoe hore na ho tlile joang hore a tsebe lintho tse ngata hakana. Ha Anna a e bolella hore o ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, tichere eo e ile ea mo kena hanong, ea re e lumela hore li cheseha ka ho feteletseng.

Ka lekhetlo le leng, tichere e ile ea kōpa liithuti hore li ngole moqoqo, li bue ka bophelo Georgia le ka mathata ao naha eo e tobaneng le ’ona. Qetellong ea moqoqo oa hae, Anna o ile a ngola, a re: “Boiteko leha e le bofe boo batho ba ka lekang ho bo etsa ho fetola lintho ka ho feletseng sechabeng bo tla hlōleha, kaha joalokaha Jeremia 10:23 e bolela: ‘Tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.’ Mathata ’ohle a tla rarolloa ke ’Muso oa Molimo feela.”

Ka le hlahlamang, ha tichere e le ka tlelaseng e ile ea babatsa moqoqo oo Anna a o ngotseng, ’me ea re: “Ke ratile moqoqo o ikhethang oa Anna, oo a o ngotseng ka mantsoe a hae. O hlalositse kamoo maemo a lefatše a ka fetohang kateng.” Tichere eo e ne e boetse e khahliloe ke tsela eo Anna a itšoereng ka eona, ’me e ile ea mo babatsa ka pel’a bohle ka tlelaseng ka tsela e ntle eo a itšoereng ka eona le ka moaparo oa hae o hlomphehang.

Ha Lipaki Tsa Jehova li etela tichere eo lapeng, e ile ea li bolella hore pele e ne e nahana hore li cheseha ka ho feteletseng empa hona joale e fetotse maikutlo ka lebaka la seithuti sa eona se bitsoang Anna. Ka 2007, tichere eo e ile ea ea Sehopotsong sa lefu la Jesu Kreste hammoho le Lipaki Tsa Jehova ’me ea mamela puo ka hloko.

Ka mor’a Sehopotso, tichere eo ea Anna e ile ea lumela hore e khahliloe ka ho teba ke kamoo Lipaki Tsa Jehova li tsebang Bibele kateng. Hona joale Lipaki li e ruta Bibele kamehla. Ha ho pelaelo hore le uena joaloka tichere ena, boikutlo ba ho se be leeme bo ka u susumelletsa ho batlisisa hore na ke’ng se etsang hore batho ba bang ba lumele seo ba se lumelang ’me ba itšoare ka tsela e itseng. Ke hobane’ng ha u se kōpe e mong oa Lipaki Tsa Jehova hore a u khannele thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Anna o ngola moqoqo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela