Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 2/1 leq. 8
  • Atvia e Amohela Litaba Tse Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Atvia e Amohela Litaba Tse Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O ne a sa Tsofala Haholo Hore a ka Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Tichere e Fetola Maikutlo
    Tsoha!—2009
  • Ha Baa Tsofala Haholo Hore ba ka Sebeletsa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Boloka Tumelo Lelapeng le Arohaneng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 2/1 leq. 8

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Atvia e Amohela Litaba Tse Molemo

BIBELE e bontša ka ho hlaka hore thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Ba ileng ba tingoa monyetla oa ho utloa litaba tse molemo ka lilemo tse telele, baa li utloa hona joale! Latvia, joaloka likarolong tse ling tsa lefatše, batho ba lilemo tsohle le ba limelo tse sa tšoaneng ba amohela molaetsa, joalokaha liphihlelo tse latelang li bontša.

• Motseng oa Rēzekne, oa Latvia e ka bochabela, ’mè e mong le morali oa hae ea lilemong tsa bocha ba ile ba botsa tsela ho mosali e mong ea neng a le seterateng. Ka mor’a ho ba supisa tsela, mosali enoa eo ho ileng ha etsahala hore ebe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a ba memela sebokeng sa Lipaki.

Kaha ’mè enoa le morali oa hae ba ne ba rata bolumeli, ba ile ba etsa qeto ea ho ea sebokeng seo. Ha ba le tseleng, ba ile ba lumellana hore haeba ba ka fumana ntho e sa lokang moo, ba tla tloha hang-hang. Leha ho le joalo, seboka se ne se le monate hoo ba sa kang ba nahana ho tloha. Ba ile ba amohela kōpo ea hore ba ithute Bibele ’me ba qalisa ho ba teng libokeng kamehla. Pele ho fela likhoeli tse tharo, ba ile ba bolela hore ba lakatsa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ’me ba lebelletse ka thabo mohla ba tla kolobetsoa.

• Motseng o mong oa Latvia e ka bophirimela, Paki e ile ea kopana le Anna ea lilemo li 85, ea ileng a bontša thahasello ea sebele ’me a lumela ho ithuta Bibele. Morali oa hae le litho tse ling tsa lelapa ba ile ba mo hanyetsa ka matla. Empa Anna ha aa ka a lumella seo kapa botsofali le ho kula hore li mo thibele ho tsoela pele a ithuta Bibele.

Ka letsatsi le leng Anna o ile a bolella morali oa hae hore o il’o kolobetsoa. Morali o ile a arabela ka ho re, “Ha u ka kolobetsoa, ke tla u isa lehaeng la maqheku.” Leha ho le joalo, tšokelo ena ha ea ka ea thiba Anna. Ka lebaka la ho kula, o ile a kolobelletsoa lapeng ha hae.

Morali oa Anna o ile a itšoara joang? Boikutlo ba hae bo ile ba fetoha, ’me o ile a phehela ’m’ae lijo tse khethehileng ka mor’a kolobetso. Eaba o botsa ’m’ae, “Ha e le moo u kolobelitsoe, u ikutloa joang joale?” Anna o ile a re’ng ha a araba? “Joaloka lesea le sa tsoa tsoaloa!”

• Ka December 1998, Lipaki tse peli li ile tsa teana le monna oa eo e neng e le ofisiri ea sesole sa Soviet Union ea mehleng, ea pencheneng. Kaha o ne a lumela ho ’Mōpi, o ile a lumela ho ithuta Bibele, ’me mosali oa hae o ile a kenella hamorao. Ba ile ba tsoela pele kapele ’me hang-hang ea e-ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Lehlabuleng la selemo se latelang, ofisiri ena ea mehleng e ile ea kolobetsoa. Lerato le leholo la banyalani bana bakeng sa lintho tsa moea e bile khothatso e khōlō ho bohle ka phuthehong. Ho phaella moo, ba ile ba sebetsa ka thata ho ntlafatseng sebaka se seng sa moo sa bolulo hore e be Holo ea ’Muso e ntle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela