Batsoali ba ka Thusa Joang?
MOKHATLO o mong oa thuto oa United States o khothalletsa liithuti ho sebetsa ka thata, o re: “Tiisang hore ho khaohe moo ho khoehlang.” E le ha ba batla ho finyella sepheo sa bona, bacha ba bang ba leka ho etsa lintho tse fetang matla a bona. Madeline Levine, ea boletsoeng sehloohong se ka pele ho sena, o ile a ngola, a re: “Ha bana ba bangata ba ntse ba fumana lithupelo tse potlakisang lithuto, ba etsa mesebetsi e mengata e etsoang ka mor’a nako ea sekolo, ba rupelloa ho ea sekolong se phahameng kapa k’holejeng, ba e-na le bakoetlisi ba ikhethang le barupeli ba ba thusang hore ba etse sohle seo ba ka se khonang hore ba hatele pele lithutong tsa bona, ba iphumana ba phathahane hoo bophelo ba bona bo bang kotsing.” Liithuti tse boemong boo li ka lemala ’meleng esita le maikutlong.
Haeba u amehile ka khatello eo ngoana oa hao a bang le eona sekolong, ikise ka seqo sekolong. Buisana le matichere, baeletsi le batsamaisi. Ba bolelle seo u se hlokomelang. U na le tokelo ea ho etsa joalo.
Bibele e khothalletsa batsoali hore ba ele hloko khatelo-pele ea bana ba bona. Sechabeng sa Iseraele, Moshe o ile a re ho batsoali: ‘U rute mora oa hao melao ea Molimo ka ho pheta-pheta ’me u bue ka eona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robala le ha u tsoha.’—Deuteronoma 6:7.
U tla be u sa itšunya-tšunye litabeng tsa ngoana oa hao ha u bontša thahasello e matla thutong ea hae. Seo se bontša hore u tšehetsa ngoana oa hao ka lerato. ’Me seo se ka thusa haholo tabeng ea ho fokotsa khatello eo a bang le eona ha a le sekolong.
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Buisana le matichere le baeletsi ka khatello eo ngoana oa hao a nang le eona