Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/09 maq. 10-11
  • Bucharest—Motse o Nang le Mehaho ea Khale le ea Sejoale-joale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bucharest—Motse o Nang le Mehaho ea Khale le ea Sejoale-joale
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motse-moholo oa Boholo-holo
  • Ponahalo e ’Ngoe
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2009
  • Ke Ile ka Ithuta ’Nete ea Bibele Romania
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Molimo ha a Lebale “Lerato Leo le le Bontšitseng Bakeng sa Lebitso la Hae”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1997 ea Lipaki Tsa Jehova
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 4/09 maq. 10-11

Bucharest​—Motse o Nang le Mehaho ea Khale le ea Sejoale-joale

KA MONGOLI OA TSOHA! ROMANIA

HA MOTHO a sheba motse oa Bucharest a le hōle, o bona mohaho o le mong o ikhethang—Mohaho o Moholo oa Paramente (1), oo mehleng ea Bokomonisi o neng o bitsoa Mohaho oa Batho. Mohaho ona o seng majabajaba, ke o mong oa mehaho e meholo ka ho fetisisa ebile ke se seng sa libaka tseo bahahlauli ba ratang ho li etela motseng ona.

Ka litsela tse ling, mohaho ona o bontša hore na Bucharest ea kajeno e shebahala joang. Empa baahi ba moo ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka mohaho ona o moholohali. Ba boetse ba tšepa hore baeti ba tla ananela tsela e khahlehang eo mehaho ea khale e hahiloeng ka eona.

Motse-moholo oa Boholo-holo

Ka 1862, ho ile ha phatlalatsoa hore Bucharest ke motse-moholo oa naha ea Romania. Motse oo o ile oa hōla ka potlako lilemong tse mashome a mahlano tse qetellang lekholo la bo19 la lilemo. Ka ho latellana, literateng tsa teng tse nang le lifate tse kolokileng tse makhasi, ho ile ha hahoa mehaho ea sechaba e khahlehang le e metle haholo, e raliloeng ke litsebi tsa kaho tsa Mafora. Kaha Bucharest e na le lipaka tse ngata, lirapa le mapatlelo, e ile ea bitsoa motse oa lirapa. Ho phaella moo, Bucharest e ile ea e-ba o mong oa metse ea pele lefatšeng o ileng oa khantša ka mabone a oli literateng. Ka 1935, Seterateng se setle sa Kiseleff, ho ile ha hahoa Arch of Triumph (2), e le ha ho etsisoa Arc de Triomphe e seterateng se seholo sa Champs-Élysées, Paris. E ka ’na eaba ponahalo e ntle ea motse oo e ne e etsa hore Mofora a ikutloe eka o ntse a le Paris. Ha e le hantle, ho ne ho bile ho thoe Bucharest ke Paris e Nyenyane ea Bochabela.

Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ho ile ha e-ba le liphetoho tse khōlō Bucharest, e neng e se e busoa ke Makomonisi. Hoo e batlang e le karolo ea boraro ea toropo, e neng e e-na le liemahale tsa histori, e ile ea heletsoa e le hore ho be le sebaka sa ho haha lifolete. Ka 1960 le 1961 feela, ho ile ha hahoa matlo a ka bang 23 000. Ka 1980, ho ile ha etsoa moralo bakeng sa Mohaho oa Batho. Qetellong o ile oa kenngoa likandelare tse makholo ’me ka tlas’a oona ha hahelloa mokato oa ho itšireletsa tlhaselong ea libomo, o botebo ba limithara tse 90. Mohaho ona o boholo ba lisekoere-mithara tse 360 000, o nang le mekato e 12 le liphaposi tse 1 100, o feta Paleise ea Versailles ea Fora ka makhetlo a mararo. Ho ile ha heletsoa karolo e khōlō ea motse oa khale e le hore ho hahoe mohaho ona o moholo le seterata se sephara ho feta sa Champs-Élysées—se lebang mohahong oo. Batho ba neng ba tseba motse oa Bucharest pele ho moo, ba ne ba bona o fetohile haholo.

Paleise ena ea tonanahali e etsa hore baahi ba bangata ba moo ba utloe bohloko ha ba hopola motho ea e hahileng—e leng mohatelli Nicolae Ceauşescu, eo e seng e le mofu. A susumetsoa ke takatso e matla ea hore a tle a ’ne a hopoloe ha a se a shoele, o ile a hira litsebi tsa kaho tse ka bang 700 le basebetsi ba likete tse mashome, ba neng ba sehla bosiu le motšehare morerong oo, ba ntšana ka lichifi tse tharo. Ha puso ea hae e putlama ka 1989, mohaho oo o ne o ntse o e-s’o fele, le hoja o ne o se o jele chelete e fetang lidolara tse limilione tse sekete.

Ponahalo e ’Ngoe

Mehaho e karolong e ’ngoe ea motse ona oa khale, e shebahala ka tsela e fapaneng haholo. Karolong eo, u ntse u ka khahloa ke mehaho e metle ea khale ea Bucharest. Ha u le Musiamong oa Motse (3)—e leng o mong oa limusiamo tse ngata moo—u hlokomela kamoo batho ba mahaeng ba Romania ba phelang ka tsela e fapaneng kateng. Serapeng se seng sa boikhathollo se khutsitseng se okametseng letša, ho ile ha tsosolosoa ka hloko matlo a 50 a boemo bo tlaase le mehaho e meng ea Romania, e leng se ileng sa etsa pokello e hlollang. Ntlo ka ’ngoe e tšoana le musiamo, ho na le lithulusi, lintho tse entsoeng ka matsoho le se etsahalang lelapeng la Maromania, e leng se fapaneng haholo le se etsahalang Bucharest ea kajeno.

Ha ho na meeli e arolang mehaho ea khale le ea sejoale-joale motseng ona. Ho tloaelehile ho bona mehaho ea khale le ea sejoale-joale e atamelane empa e hahiloe ka linako tse sa tšoaneng (4). Kahoo, motseng oa Bucharest ho na le mehaho ea khale le ea sejoale-joale.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

1 Mohaho o Moholo oa Paramente

2 Arch of Triumph

3 Musiamong oa Motse

4 Mehaho ea khale le ea sejoale-joale e atamelane empa e hahiloe ka linako tse sa tšoaneng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Sari Gustafsson/hehkuva/age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela