Molimo ha a Lebale “Lerato Leo le le Bontšitseng Bakeng sa Lebitso la Hae”
“MOLIMO ha a khopo hore a ka lebala mosebetsi oa lōna le lerato leo le le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho ba sebeletsa.” (Ba-Heberu 6:10, NW) Mantsoe ana a moapostola Pauluse ke ’nete ho Lipaki tsa Jehova tse Europe Bochabela. Ka botšepehi li ’nile tsa sebeletsa lithahasello tsa lebitso la Molimo, li ile tsa sebetsa ka mashome a lilemo ka nako e telele le ka thata tlas’a lithibelo tse neng li behiloe ke mebuso e neng e laoloa ke naha e neng e le Soviet. Jehova o hopola mesebetsi ea bona e molemo ’me o ba tšollela mahlohonolo a ’Muso. Ka mohlala, a re hlahlobeng tlaleho ea selemo se fetileng sa tšebeletso e tsoang likarolong tse tharo tsa sebaka seo.
Masimo a Naha e Neng e le Soviet Union
Masimo a naha e neng e le Soviet Union a tlaleha hore selemong sa tšebeletso sa 1992, palo ea tlhōrō ea bahoeletsi ba ’Muso e ile ea eketseha ka karolo ea 35 lekholong—ho tloha ho 49 171 ho ea ho 66 211! Empa hoo hase phetho, kaha bahoeletsi bao ba ne ba le mafolo-folo haholo, joalokaha ho bonoa keketsehong e ntle ea ho tsamaisa libuka tsa Bibele, ho akareletsa le limakasine. Ba ile ba sebelisa libukana tse lekanang le makasine le libukana hamolemo, ba tsamaisitse tse 1 654 559. Hoo ho feta palo ea selemo se fetileng ea 477 235 ka ho imena hararo! Karabelo e bile efe ho tsamaisoeng ha tsena tsohle? Ho imena habeli ha palo ea lithuto tsa lehae tsa Bibele. Hona joale ho khannoa lithuto tsa Bibele tse 38 484.
Hape, ho nka karolo tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang ho ile ha eketseha ka karolo ea 94 lekholong. Ho hlakile hore hona ho ile ha tlatsetsa palong e ikhethang ea barutuoa ba bacha ba kolobelitsoeng, ba 26 986, ha ba bapisoa le palo ea selemo se fetileng ea ba 6 570, e leng keketseho e makatsang ea karolo ea 311 lekholong!
Ba bang ba sa tsoa kolobetsoa ba ile ba thahasella litaba tse molemo joang? Ka linako tse ling kameho e tebileng ea Lipaki tse khannang thuto e bile lebaka. Molebeli e mong ea okamelang ea tsoang Moldova oa bolela:
“’Na le mosali oa ka re ile ra etela mosali e mong eo nakong e fetileng a ileng a bontša thahasello ’neteng ea Bibele. Thuto ea Bibele e ile ea qaloa le eena. Leha ho le joalo, monna oa hae ha aa ka a bontša thahasello ho hang. Ka letsatsi le leng ha re ne re le tseleng ho ea mo etela ho ntšetsa pele thuto, boemo ba leholimo e ne e le bo batang haholo ebile ho khetheha lehloa. Ho hang ho ne ho se motho literateng, empa re ile ra fihla ntlong ea hae hantle ka nako e behiloeng. O ile a bolella monna oa hae: ‘Na u bona kamoo batho bana ba re tsotellang ka teng? Ba fihla ka nako ho sa tsotellehe lehloa.’ Ketsahalo ena e ile ea etsa hore monna oa hae a nahane. O ile a fetola monahano oa hae ’me a kopanela thutong, ’me hona joale eena le mosali oa hae ke Lipaki tse kolobelitsoeng.”
Ka linako tse ling bonolo ba Lipaki bo ka tsosa thahasello litabeng tse molemo. Moholo e mong, eo le eena a tsoang Moldova, o bile le phihlelo ena:
“Monna e mong eo ke ileng ka mo etela tšimong ea ka ea boboleli o ne a se na thahasello ho Lipaki tsa Jehova. O ile a re ke setho sa Kereke ea Bochabela ea Orthodox, ka ho tšoanang le ntate oa hae le ntate-moholo oa hae. Kahoo o ile a nkōpa hore ke tsoe mohahong. Leha ho le joalo, pele ke tsamaea, o ile a mpha monyetla oa hore ke ’molelle lebaka la ho mo etela ha ka. Ke ile ka ’montša Mattheu 28:19, e reng: ‘E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la ntate le la mora le la moea o halalelang.’ Ke ile ka mo fa aterese ea sebaka sa liboka tsa rōna ’me ka tsamaea. Ke ile ka makala ha ka morao ho beke monna enoa a tla sebokeng sa rōna! O ile a lula ho fihlela lenaneo le fela. O ile a hlalosa hore bekeng eo eohle, o ne a inyatsa hobane a sa bontša botsoalle ho ’na. Hang-hang thuto ea Bibele e ile ea qaloa, ’me hona joale ke e mong oa baena ba rōna.”
Karolo e ’ngoe e ikhethang ea selemo sena sa tšebeletso e bile karabelo e makatsang litlhokong tsa baena ba rōna sebakeng seo. Mariheng a 1991/92, lijo tse ka etsang litone tse 400 le palo e khōlō ea liaparo tsa banna, basali, le bana li ile tsa romeloa ho ba li hlokang. Lintho tsena li ile tsa abjoa hoo e ka bang likarolong tsohle tsa tšimo ea naha e neng e le Soviet Union, esita le ho fihlela Irkutsk e Siberia le Khabarovsk, haufi le Japane. Kannete ke pontšo e khahlisang ea hore Jehova ha aa lebala lerato leo baena ba rōna ba le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae! Bopaki bona ba lerato la boena bo susumelitsoeng ke moea oa Jehova bo bile le phello ea ho ba kopanya le lelapa la bona la lefatše lohle. Ka mohlala, khaitseli e mong Ukraine o ile a ngolla ofisi ea lekala:
“Thuso eo le re nehileng eona e ile ea ama maikutlo a rōna ka ho teba. Re ne re amehile hoo re ileng ra ntša meokho ’me ra leboha Jehova Molimo ka ho se re lebale. Ke ’nete hore re na le mathata a lintho tse bonahalang hona joale, empa re leboha thuso e ileng ea fihla e tsoa ho baena ba rōna ba Bophirimela, re ile ra hlaphoheloa linthong tse bonahalang. Hona joale lelapa la rōna le tla khona ho nehela nako e eketsehileng tšebeletsong ea Jehova ka baka la thuso ea lōna. Haeba e le thato ea Jehova, ’na le morali oa ka re tla kenela bopula-maliboho bo thusang likhoeling tsa lehlabula.”
Ho phaella moo, boiteko ba ho thusa bo ile ba fana ka bopaki ho batho bao eseng Lipaki hobane ba shebelletseng ba ne ba bona hore Lipaki li bontša lerato ka liketso tsa tsona. Lelapa le leng le tsoang phuthehong e ’ngoe le ngotse: “Re ile ra fumana thuso ea lintho tse bonahalang ea lijo le liaparo. E ngata haholo! Tšehetso ea lōna le khothatso ea lōna ke thuto ho rōna hore re lokela ho etsa se molemo ho ba bang. Ketso ena e lerato ha ea hlokomolohuoa ke batho ba sa lumelang, hammoho le batho ba thahasellang le malapa a bona; e bile bopaki bo boholo ba boena ba ’nete.”
Likopano tse hlano tsa setereke le kopano e le ’ngoe ea machaba tse ileng tsa tšoaroa ka June le July tse fetileng, tse nang le sehlooho se reng “Bajari ba Leseli,” e ne e le bopaki bo bong ba tlhohonolofatso ea Jehova ho Lipaki tsa hae tse sebetsang ka thata le lerato leo li le bontšitseng bakeng sa ho tsebahatsa lebitso la hae. Ho ile ha ba le batho ba 91 673 likopanong tsena, ’me ba 8 562 ba ile ba kolobetsoa. Lebala la kopano ea machaba le St. Petersburg le bile le ba bangata ka ho fetisisa, moo ba 46 214—ho akareletsa le ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng tse ka bang 30 ho potoloha lefatše—ba ileng ba kopana Lebaleng la Lipapali la Kirov.
Monna e mong Siberia ea lilemo tse ka bang 60 o ile a tla lebaleng la kopano Irkutsk feela ho tla sheba. O ile a re: “Bohle ba neng ba le teng ba ne ba apere hantle, ba bososela, ’me ba le mosa e mong ho e mong. Batho bana ba joaloka lelapa le le leng le kopaneng. Motho oa ikutloa hore hase metsoalle feela lebaleng la lipapali empa hape le liketsong tsa letsatsi ka leng. Ke fumane libuka tsa Bibele tse ntle haholo ’me ke ithutile haholoanyane hore ona ke mokhatlo oa mofuta ofe. Ke batla ho lula ke kopana le Lipaki tsa Jehova le ho ithuta Bibele le tsona.”
Kopanong eona eo e Irkutsk, moo ba 5 051 ba bileng teng, mosali e mong ea thahasellang ea tsoang Rephabliking ea Yakut, Siberia, o ile a hlalosa: “Ha ke sheba batho bana, ke batla ho ntša meokho ea thabo. Ke leboha Jehova haholo hore ebe o nthusitse ho tseba batho ba joalo. Mona kopanong, ke fumane libuka, ’me ke batla ho bua le ba bang ka tsona. Ke batla haholo ho ba morapeli oa Jehova.”
Motsamaisi oa Central Stadium se Alma Ata, Kazakhstan, moo ba 6 605 ba bileng teng kopanong, o ile a bua ho latelang: “Ke tsota boikutlo ba lōna. Joale ke kholisehile hore kaofela ha lōna, ba bacha le ba hōlileng, le batho ba hlomphehang. Nke ke ka re ke lumela ho Molimo, empa ke lumela lintho tse halalelang tse fetisoang ke boena ba lōna, le boikutlo ba lōna linthong tsa bohlokoa tsa moea le tse bonahalang.”
Ofisiri e ’ngoe ea sepolesa kopanong ea Alma Ata e ile ea hlokomela: “Ke se ke kopane le lōna habeli, ’me lekhetlo ka leng e le kopanong. Ho thabisa haholo ho sebetsa le Lipaki tsa Jehova.”
Romania
Jehova ha aa lebala le lerato leo baena ba Romania ba le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae. Selemo sena se fetileng sa tšebeletso se tlisitse liketsahalo tse ngata bakeng sa Lipaki. Pele, ofisi ea lekala e ile ea hlongoa hape Bucharest. Tšebetso ea ho qetela e molaong ho ea ka pono ea ’muso oa Romania e ile ea felisoa ka 1949. Ofisi e na le baena le bo-khaitseli ba ka bang 20 ba sebetsang mohahong o mocha. Ofisi ea lekala e sebeletsa bahoeletsi ba 24 752—e leng tlhōrō e phahametseng tsohle e emelang keketseho ea karolo ea 21 lekholong ho feta kakaretso ea selemo se fetileng.
Ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho bolela ka sephiri, bahoeletsi ba itloaetsa hamolemonyana mosebetsi oa ho paka phatlalatsa ka ntlo le ntlo. Phihlelo e tsoang Seterekeng sa Mureş e bontša kamoo Lipaki tse ling li sebelisang hamolemo monyetla o mong le o mong ho bolella ba bang, esita leha ba le maetong. Ofisi ea lekala ea ngola:
“Mohoeletsi o ile a etsa qeto ea ho bolela ho tloha lekarecheng le leng la terene ho ea ho le leng. Ka kakaretso batho ba ile ba arabela hamolemo, empa lekarecheng la ho qetela, ha hlaha mathata a itseng. Ho ne ho se motsamai ea batlang ho amohela kopi ea limakasine tsa rōna. Qetellong, monna e mong, a tenehile haholo, o ile a ema ’me a hoeletsa: ‘Ke tla lahlela limakasine tsohle tsa hao ka ntle ka fensetere! Ke hobane’ng ha u re khathatsa hakaale ka bolumeli ba hao?’ Ka mosa mohoeletsi o ile a arabela hore le haeba a ka lahlela limakasine tsa hae ka ntle, motho e mong a ka rua molemo ketsong ea hae—ba tlang ho thonaka limakasine tseo. Ka ho lemoha bonolo ba mohoeletsi enoa, monna enoa o ile a khahloa hoo a ileng a nka limakasine ’me eena ka boeena a qala ho li abela batsamai ba bang ka lekarecheng. Ho makatsang haholo ke hore bohle ba ile ba nka limakasine. Ka mor’a ho li aba, monna enoa o ne a se na kopi ea hae. Kahoo, mohoeletsi o ile a ’motsa: ‘Monghali, na uena ha u batle kopi ea hao?’ Kahoo o ile a phamola makasine o mong ho motsamai ea neng a na le likopi tse peli ’me a re: ‘Joale ke iphumanetse kopi ea ka!’”
Linaheng tse ngata mosebetsi oa ho bolela oa Lipaki tsa Jehova ka linako tse ling o ile oa baka khanyetso ea baruti ba Bokreste-’mōtoana. Romania, hangata baruti ba Kereke ea Orthodox ba halefela Lipaki. Empa hona ho ke ke ha thibela Jehova ho hlohonolofatsa batho ba hae bakeng sa lerato leo ba le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae. Molebeli e mong oa potoloho oa ngola:
“Hammoho le phutheho ea sebaka seo, re ile ra tsoela tšebeletsong libakeng tsa mahae. Ho ne ho na le baena ba lekholo. Re ile ra hira bese e ileng ea re tsamaisa [lik’hilomithara tse 50] ho ea libakeng tsa mahae, ho fihla motseng o monyenyane. Re ile ra memela ba bangata puong ea phatlalatsa e neng e tla tšoareloa Holong ea Motse. Hang feela ha seboka se qala, moruti oa Orthodox o ile a fihla ho tla sitisa seboka sa rōna. Liofisiri tsa sepolesa li ile tsa leka ho thiba moruti eo. Leha ho le joalo, o ile a hana ho khutsa. O ile a atleha ho emisa seboka ha a thuha fensetere e monyakong o moholo oo ho kenoang ka oona. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba sebaka seo ba ne ba sa lumellane ho hang le boitšoaro ba moruti. Kahoo bopaki bo phethahetseng bo ne bo ka fuoa bohle ba leng teng, ’me libuka tse ngata li ile tsa abjoa.”
Ka bomalimabe, likarolong tse ling tsa naha eo, ho na le Lipaki tse fokolang haholo ka palo. Ha pula-maliboho oa ka mehla a fihla ka lekhetlo la pele seterekeng sa Olt, o ile a fumana baena ba robong feela seterekeng seo kaofela ’me ba e-na le tšimo e khōlō eo ba lokelang ho bolela ho eona. Ka morao ho selemo palo ea Lipaki e ile ea eketseha ho fihlela ho 27, bao ba bahlano ho bona e neng e le bahoeletsi ba tsosolositsoeng. Pula-maliboho enoa o ile a fumana bolulo motseng oa Corabia, moo ho neng ho se Lipaki ho hang. Ka mor’a hore Lipaki li be moo ka matsatsi a 45 feela, moruti ea tsamaisang pharishe ea sebaka seo o ile a hanyetsa mosebetsi oa bona radiong ea Craiova. O ile a re ba ne ba “hlasetse” motse oa Corabia ka lithuto tsa bona, ba leka ho etsa hore batho ba fetole bolumeli ba bona. Litlhaselo tsena li ile tsa tsoela pele, ka boikemisetso ba ho emisa mosebetsi le ho senya botumo bo botle ba Lipaki sebakeng seo. Ho ile ha fihla tlhōrōng ha baena ba ne ba le Bucharest bakeng sa kopano ea setereke. Moruti ea tsamaisang pharishe ea moo ea Orthodox Corabia o ile a etsa tsebiso e matla ka mor’a tšebeletso ea hae ea kereke: “Kaofela ha rōna re lokela ho tšoara lipontšo tsa phatlalatsa seterateng hore re susumetse sepolesa ho nka khato khahlanong le Lipaki, tse hlasetseng sebaka sohle ka libuka tsa tsona ’me li tšeletse batho chefu.” Empa pele hona bosiung boo seboka se neng se lokela ho qala ka bona, ntho e ’ngoe e sa tloaelehang e ile ea etsahala. Sehlopha sa basenyi se ile sa senya kereke e khōlō le Holo ea Motse. Kahoo, seboka sa ho ipelaetsa ha sea ka sa tšoaroa!
Masimo a Seo Pele e Neng e le Yugoslavia
Selemo sa tšebeletso sa 1992 e bile selemo se boima ka ho fetisisa bakeng sa baena ba sebakeng sa Yugoslavia. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang ba bile le liphihlelo tse thabisang. Re ka leboha hore Jehova ha a lebale mosebetsi oa bona le lerato leo ba le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae.
Ntoa e ile ea qala Slovenia pele, eaba e ea Croatia, ’me hamorao ea ba Bosnia le Herzegovina. Nakong ea selemo, ho tsoa rephabliking e le ’ngoe, Litereke tse ncha tse hlano li ne li leka ho ithehela meeli ea tsona, melao, le lichelete. Lipaki tse makholo li ile tsa lokela ho baleha mahaeng a tsona ’me tsa fumana setšabelo ho baena ba tsona libakeng tse ling. Ho tšoana le linaha tse ling tse Europe Bochabela, ho ile ha thehoa likomiti tsa maemo a tšohanyetso litoropong tse khōloanyane, li hlokomela bolulo, lijo, le liaparo bakeng sa baena ba rōna ba hlokang. Nakong ea selemo sa tšebeletso, lijo tse ka etsang litone tse 55 li ile tsa abeloa baena liphuthehong tsa libaka tse bothateng. Ho amohetsoe mangolo a mangata a kananelo.
Baena ba Dubrovnik ba ile ba hlalosa kamoo ba neng ba thabile ka teng ka thuso eo ba ileng ba e fuoa. Ha khaitseli e mong a ea hae a tšoere seshobana sa hae sa lijo, moahelani e mong o ile a ’motsa hore o rekile mahae hokae. Khaitseli eo o ile a ’molella hore baena ba hae ba moea ba karolong e ’ngoe ba mo romeletse oona. Moahelani eo o ile a hlolloa. Boemong bo bong monna e mong ea sa tsejoeng oa Slovenia o ile a letsetsa moholo ’me a re: “Ke utloile hore Lipaki tsa Jehova li ntse li aba lijo tseo li li amohetseng ho tsoa ho baena ba tsona ka tsela e nepahetseng. Ke ’nile ka romela batho lishobana tse ’maloa; leha ho le joalo, ha lia ka tsa fihla moo li neng li tšoanetse ho fihla teng. Na nka le romela thepa e joalo ea liphallelo, e le hore le tle le tsebe ho ba abela eona?” Hape, likoranta le sea-le-moea li ile tsa tlaleha hamolemo ka mosebetsi oa rōna oa liphallelo.
Moena e mong ea ileng a kolobetsoa kopanong ea machaba Zagreb ka 1991 o ile a hlokomela bothata bo neng bo ntse bo hōla ’me a reka lebenkele lohle la lijo. O ile a isa lijo tseo ntlong ea hae haufi le sebaka se aparetsoeng ke ntoa. Ha khaello ea lijo e ba khōloanyane, lijo tsena li ile tsa ipaka e le tlhohonolofatso ea sebele ho baena.
Ho ile ha khoneha ho fumana tumello ea teraka e khōlō bakeng sa ho isa lijo tse hlokahalang haholo ho baena ba thibeletsoeng Sarajevo. Re thabela ho bolela hore li ile tsa fihla ka katleho.
Ntoa e ile ea baka tahlehelo ho baahi. Ka masoabi, ho ea bofelong ba selemo sa tšebeletso, ba tšeletseng ba baena ba rōna le likhaitseli le batho ba babeli ba thahasellang ba ne ba lahlehetsoe ke bophelo ba bona, ’me ba bang ba tsoile likotsi.
Leha ho le joalo, liphihlelo tse ngata li bontša hore hangata ke tšireletso ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka lekhetlo le leng baena ba ne ba le tseleng e eang kopanong ea setereke Belgrade ha bese ea bona e ne e emisoa ke masole, ’me a ba botsa hore na ha ho na litho tsa bolumeli bo itseng har’a bona. Baena ba ile ba arabela ka hore ha li eo. Ba ile ba tlameha ho hlahisa likarete tsa bona tsa boitsebiso, ’me ba bang ba bona ba ne ba e-na le mabitso a neng a bontša hore e ka ’na ea e-ba ba bolumeli boo. Masole a ile a ba qosa ka ho bua leshano, empa baena ba ne ba tšoere tsebiso tsa bona tsa ho ikhula kerekeng eo; ba ile ba bolela hore le hoja ba ne ba tsoaletsoe bolumeling boo, joale e ne e se e le Lipaki tsa Jehova, ba tseleng ho ea kopanong ea bona. Ka baka leo masole a ile a ba tlohella hore ba tsamaee.
Bo-pula-maliboho ba ntse ba tsoela pele tšebeletsong ea bona ka cheseho e sa theoheng, ’me sena se ipakile e le tšusumetso ea sebele mosebetsing oa bona. Molula-Qhooa, ka likoahelo tsa oona tse thabisang tsa ’mala, o fetoleloa ka nako e le ’ngoe ka lipuo tsohle tse ka sehloohong sebakeng seo. Ka mehla o neha barati ba ’nete le ho loka ‘lijo tsa bona tsa moea ka nako e tšoanelang.’ (Luka 12:42) Selemong sa tšebeletso sa 1992, ho ile ha kolobetsoa baena le bo-khaitseli ba bacha ba 674.
Ka sebele, Molimo ha aa lebala mosebetsi oo baena ba Europe Bochabela le lerato leo ba le bontšitseng bakeng sa lebitso la hae. Ho phaella moo, o lakatsa ha barapeli bohle ba hae, ho sa tsotellehe hore na ba phela hokae, ba latela keletso eo joale Pauluse a fanang ka eona, ho Ba-Heberu 6:11, (BPN) e reng: “Re lakatsa ha e mong le e mong oa lōna a ka bontša mafōlōfōlō ’ona ao, a etsang hore tšepo ea lōna e phethehe ho fihlela qetellong.”