Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/09 maq. 23-26
  • Nka Etsa Joang Hore ke Natefeloe ke ho Bala Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa Joang Hore ke Natefeloe ke ho Bala Bibele?
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e ka Nthusa Joang?​—Karolo ea 2: Thabela ho Ithuta Bibele
    Bacha Baa Botsa
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bibele e ka Nthusa Joang?​—Karolo ea 1: Ithute Bibele Haholoanyane
    Bacha Baa Botsa
  • U ka Fumana Molemo Joang ho Seo U se Balang Bibeleng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 4/09 maq. 23-26

Bacha Baa Botsa

Nka Etsa Joang Hore ke Natefeloe ke ho Bala Bibele?

U atisa ho bala Bibele hakae? (Tšoaea karabo)

□ Letsatsi le letsatsi

□ Beke le beke

□ Ka nako e itseng ․․․․․

Qetela polelo e latelang.

Ha ke sa natefeloe ke ho bala Bibele, hangata ke hobane . .  (Tšoaea mabaka ’ohle a amehang)

□ Ke borehile

□ Ke ferekane

□ Ho na le ntho e ntšitisang

□ Ho na le mabaka a mang ․․․․․

NA HA u thabele ho bala Bibele? Haeba ho joalo, u ka ’na ua lumellana le Will, ea lilemo li 18, ha a re: “Bibele e ka ’na ea bonahala eka ea bora.” Leha ho le joalo, o phaella ka ho re: “Seo se etsahala hafeela u e bala ka tsela e fosahetseng.”

Ke hobane’ng ha u lokela ho ithuta ho bala Bibele ka tsela e nepahetseng? Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng tabeng ea

◼ ho etsa liqeto tse molemo?

◼ ho ba le metsoalle ea sebele?

◼ ho sebetsana le khatello ea maikutlo?

Bibele e fupere matlotlo a bontšang bohlale lintlheng tsena le tse ling tse ngata. Ke ’nete hore u ka ’na ua lokela ho etsa boiteko e le hore u fumane matlotlo ao. Empa ho etsa boiteko bo joalo ho tšoana le ho batla letlotlo le itseng: Ha u sebetsa ka thata ho batla letlotlo leo, u thaba le ho feta ha u le fumana!—Liproverbia 2:1-6.

U ka fumana matlotlo a ka Bibeleng joang? Lebokose le ka letsohong le letona, leo u ka le sehang le tla u bontša hore na u ka bala Bibele joang ’me—ka morao—le u bontše tatellano eo u ka e balang ka eona. Hape ak’u leke ho sebelisa litlhahiso tse ipiletsang ho uena tse maqepheng a latelang.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

Haeba u e-na le mokhoa oa ho sebelisa Inthanete, u ka balla Bibele ho eona mocheng oa boitsebiso oa www.watchtower.org/e/bible

SEO U KA NAHANANG KA SONA

Ho ’nile ha thoe hore na motho o kotula hakae ho itšetlehile ka hore na o jetse hakae.

◼ Seo ke ’nete hakae tabeng ea ho bala Bibele?

◼ U ka ipha nako ea hore u bale Bibele neng?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]

KAMOO U KA BALANG BIBELE KATENG

Pele u bala . . .

◼ Tiisa hore sebaka seo u ballang ho sona se khutsitse e le hore u ka khona ho tsepamisa mohopolo.

◼ Rapella kutloisiso.

Ha u ntse u bala . . .

◼ Sebelisa limmapa le litšoantšo tse bontšang litlaleho tsa Bibele, e le ho u thusa hore u bone ka mahlo a kelello se neng se etsahala mehleng ea Bibele.

◼ Nahana ka boemo ’me u sekaseke lintlha.

◼ Sheba lintlha tse mongolong o botlaaseng ba leqephe le litšupiso tse bohareng.

◼ Ipotse lipotso tse kang:

TABA: E etsahetse neng? Ke mang ea buileng mantsoe aa? O ne a bua le mang?

MOELELO: Nka hlalosetsa motho e mong taba ee joang?

MOLEMO: Ke hobane’ng ha Jehova Molimo a kenyelelitse taba ee Lentsoeng la hae? E senola eng ka botho ba hae le tsela eo a etsang lintho ka eona? Ke lintlha life tseo nka li sebelisang bophelong?

Ha u qeta ho bala . . . 

◼ Etsa lipatlisiso tse eketsehileng. Sebelisa lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, tse kang Insight on the Scriptures le “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” haeba li fumaneha ka puo ea heno.

◼ Rapela hape. Bolella Jehova seo u ithutileng sona le kamoo u rerang ho se sebelisa kateng. Mo lebohe ka Lentsoe la hae, e leng Bibele.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

U TLA BALA BIBELE KA TATELLANO EFE?

Litsela tseo u ka li khethang . . .

□ E bale ho tloha qalong ho isa qetellong.

□ E bale ka tatellano ea liketsahalo, ebang ke ho latela tsela eo li ngotsoeng ka Bibeleng kapa nako eo li etsahetseng ka eona.

□ Letsatsi ka leng, bala karolo e fapaneng ea Mangolo.

Mantaha: Litlaleho tse susumetsang tsa histori (ho tloha ho Genese ho ea ho Esthere)

Labobeli: Bophelo ba Jesu le lithuto tsa hae (ho tloha ho Matheu ho ea ho Johanne)

Laboraro: Phutheho ea pele ea Bokreste (Liketso)

Labone: Boprofeta le tataiso tabeng ea boitšoaro (ho tloha ho Esaia ho ea ho Malakia le Tšenolo)

Labohlano: Lithoko le lipina tse susumetsang (Jobo, Lipesaleme, Sefela sa Lifela)

Moqebelo: Maele a bophelo (Liproverbia, Moeklesia)

Sontaha: Mangolo a eang liphuthehong (ho tloha ho Baroma ho ea ho Juda)

Ho sa tsotellehe hore na u khetha tsela efe, etsa bonnete ba hore u boloka tlaleho ea seo u se balileng! Tšoaea ✔ khaolong ka ’ngoe eo u e balileng, kapa u batle tsela e ’ngoe ea ho iketsetsa tlaleho ea likhaolo tseo u li balileng.

Le sehe ’me u le boloke ka Bibeleng ea hao!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

PHELISA MANGOLO!

Etsa hore seo u se balang se thahasellise. Ka mohlala:

□ Etsa chate ka mabitso a malapa.

□ Etsa lichate. Ka mohlala, ha u ntse u bala ka motho ea itseng ea neng a tšepahala, ela hloko kamoo litšobotsi tsa hae le liketso tsa hae li ileng tsa fella ka hore a hlohonolofatsoe.—Liproverbia 28:20.

[Setšoantšo]

Motsoalle oa Molimo

↑ A mamela

↑ A na le tumelo

↑ ↑

Abrahama

□ Toroea litšoantšo tse hlalosang tlaleho e itseng.

□ Toroea litšoantšo tse nyenyane tse hlalosang tatellano ea liketsahalo. Hlalosa se etsahalang ketsahalong ka ’ngoe.

□ Iketsetse mehaho e menyenyane ea mohlala, e kang Areka ea Noe.—Ka mohlala, sheba Tsoha! ea January 2007, leqepheng la 22.

□ Balla holimo u e-na le metsoalle le litho tse ling tsa lelapa. Tlhahiso: Kōpa motho e mong hore a bale karolo e hlalosang. Ba bang ba ka ’na ba bala se builoeng ke batho ba hlahang khaolong eo le e balang.

□ Khetha tlaleho e itseng, ebe u bolela se etsahetseng moo joalokaha eka ke tlaleho ea litaba. Tlaleha ketsahalo ena ka litsela tse sa tšoaneng, tse akarelletsang “ho buisana” le batho ba ka sehloohong ba amehang ketsahalong eo le ba e boneng ka mahlo.

□ Khetha tlaleho eo ho eona motho ea itseng a ileng a etsa qeto e booatla ’me u nahane hore na ho ka be ho bile joang haeba a ne a entse qeto e fapaneng! Ka mohlala, nahana ka ketsahalo ea ha Petrose a ne a latola Jesu. (Mareka 14:66-72) Petrose a ka be a entse’ng e molemo boemong boo bo thata?

□ Shebella kapa u mamele litšoantšiso tsa Bibele.

□ Ingolle tšoantšiso. Kenyelletsa lintho tseo u ka ithutang tsona tlalehong eo.—Baroma 15:4.

KHOTHALLETSO: Bapala tšoantšiso eo le metsoalle ea hao e seng mekae.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]

HORE U LULE U IKEMISELITSE

◼ Ipehele pakane! Ka tlaase mona ngola letsatsi leo ka lona u ka ratang ho qala ho bala Bibele.

․․․․․

◼ Khetha karolo ea Bibele eo u e thahasellang. (Sheba lebokose le reng, “U Tla Bala Bibele ka Tatellano Efe?”) Ebe ka tlaase mona u ngola hore na u tla qala ho bala karolo efe ea Bibele.

․․․․․

◼ Qala ho bala Bibele ka nako e khutšoanyane. Esita le ho e bala ka metsotso e 15 ho molemo ho feta ho se e bale ho hang. Ka tlaase mona ngola hore na u tla behella nako e kae ka thōko bakeng sa ho etsa sena.

․․․․․

Tlhahiso: E-ba le Bibele eo u e sebelisetsang ho ithuta feela. Ngola lintlha ka har’a eona. Tšoaea litemana tse u amang ka ho teba.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 25]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Ke leka ho bala karolo e nyenyane ea Bibele letsatsi ka leng pele ke robala. Sena se etsa hore ke nahane ka ntho e itseng e molemo pele ke robala.”—Megan.

“Ke qeta metsotso e 15 ke shebane le temana e le ’ngoe. Ke bala lintlha tsohle tse mongolong o botlaaseng ba leqephe, ke sheba litšupiso tse bohareng ba leqephe ’me ke etsa le lipatlisiso. Ka linako tse ling, ha ke qete lintlha tsohle tse amanang le temana e itseng, empa ke ithuta lintho tse ngata ha ke bala ka tsela ena!”—Corey.

“Ka nako e ’ngoe, nkile ka bala Bibele ka likhoeli tse 10. Ho latela tsela eo ke neng ke e bala ka eona, ke ile ka bona kamoo likarolo tse sa tšoaneng tsa Bibele li amanang kateng, tseo ho neng ho se mohla nkileng ka li elelloa.”—John.

[Lebokose le leqepheng la 25]

IKHETHELE!

□ Khetha ketsahalo e itseng. Bibele e na le litlaleho tse ngata tsa se etsahetseng bophelong. Khetha tlaleho e u thahasellisang, ’me u e bale ho tloha qalong ho isa qetellong.

Tlhahiso: Ho fumana litlhahiso tsa kamoo u ka ithutang ho hongata tlalehong e itseng, sheba buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, leqepheng la 292, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

□ Khetha Kosepele e itseng. Bala Matheu (Kosepele e ngotsoeng pele), Mareka (e tsejoang ka hore e hlalosa ka bokhutšoaane liketsahalo tse ngata tse thabisang), Luka (e buang ka ho khetheha ka thapelo le ka basali), kapa Johanne (e hlalosang ho se hokae lintho tse kenyelelitsoeng Likosepeleng tse ling).

Tlhahiso: Pele u e bala, ka bokhutšoanyane batla boitsebiso ka eona le ka mongoli oa eona e le hore u ka utloisisa hantle hore na ke’ng e etsang hore Kosepele eo e be e ikhethang.

□Khetha pesaleme. Ka mohlala:

Haeba u jeoa ke bolutu ebile u se na metsoalle, bala Pesaleme ea 142.

Haeba u nyahamisitsoe ke bofokoli bo itseng boo u nang le bona, bala Pesaleme ea 51.

Haeba u belaella bohlokoa ba melao ea Molimo, bala Pesaleme ea 73.

Tlhahiso: Etsa lethathamo la lipesaleme tseo u li balileng tse u khothatsang e le kannete.

[Lebokose le leqepheng la 26]

BATLISISA HAHOLOANYANE

◼ Nahana ka boemo. Hlahloba nako, sebaka le maemo a neng a le teng ha temana eo e ngoloa.

Mohlala: Bala Ezekiele 14:14. E ka ’na eaba Daniele o ne a le lilemo li kae ha Jehova a ne a re eena le Noe le Jobo ke mehlala e metle?

Ntlha e thusang: Ezekiele khaolo ea 14 e ngotsoe lilemo tse hlano feela ka mor’a hore Daniele a isoe botlamuoeng Babylona—mohlomong e ne e sa le mohlankana.

Letlotlo le patiloeng: Na Daniele o ne a le monyenyane hoo Jehova a neng a ke ke a hlokomela botšepehi ba hae? Ke liqeto life tse molemo tse ileng tsa mo tlisetsa litlhohonolofatso? (Daniele 1:8-17) Mohlala oa Daniele o ka u thusa joang hore u etse liqeto tse molemo?

◼ Sekaseka lintlha. Ka linako tse ling, lentsoe le le leng kapa a mabeli a fupere ntlha ea bohlokoa.

Mohlala: Bapisa Matheu 28:7 le Mareka 16:7. Ke hobane’ng ha Mareka a ile a kenyelletsa taba ea hore haufinyane Jesu o ne a tla itlhahisa ho barutuoa ba hae “le Petrose”?

Ntlha e thusang: Mareka o ne a le sieo ha tseo li etsahala; kamoo ho bonahalang kateng, o fumane boitsebiso bona ho Petrose.

Letlotlo le patiloeng: Ke hobane’ng ha e tlameha ebe Petrose o ile a tiea moko ha a utloa hore Jesu o ne a boetse a batla ho mo bona? (Mareka 14:66-72) Jesu o ile a bontša joang hore ke motsoalle oa sebele oa Petrose? U ka etsisa Jesu joang ’me ua ba motsoalle oa sebele oa ba bang?

◼ Etsa lipatlisiso tse eketsehileng. Batla tlhaloso e eketsehileng ka har’a lingoliloeng tsa Bibele.

Mohlala: Bala Matheu 2:7-15. Linohe tsa linaleli li ile tsa etela Jesu neng?

Ntlha e thusang: Sheba Molula-Qhooa oa January 1, 2008, leqepheng la 31, o hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

Letlotlo le patiloeng: Kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ile a hlokomela lelapa labo Jesu joang ka lintho tse bonahalang ha le le Egepeta? Ho tšepa Molimo ho ka u thusa joang hore u sebetsane le maemo a sithabetsang?—Matheu 6:33, 34.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela