BACHA BAA BOTSA
Bibele e ka Nthusa Joang?—Karolo ea 2: Thabela ho Ithuta Bibele
Mocha e mong ea bitsoang Will o re: “Bibele e ka bonahala e le buka eo motho a ke keng a thabela ho e bala, haeba e sa baloe ka tsela e nepahetseng.”
Na u ka rata ho tseba hore na ke’ng eo u ka e etsang e le hore u thabele ho bala Bibele? Sehlooho sena se ka u thusa.
Phelisa seo u se balang
Ipehe boemong ba seo u se balang. U ka sebelisa litlhahiso tsena tse latelang:
Khetha tlaleho ea Bibele eo u ka thabelang ho e bala. U ka khetha ketsahalo e hlahang ka Bibeleng kapa karolo e hlahang Likosepeleng, kapa u ka khetha tlaleho ho tsoa ho litšoantšiso tse mameloang tse hlahang ho jw.org.
Bala tlaleho eo. U ka ipalla eona, kapa oa e bala le metsoalle le ba lelapa. Le ka buisana ka hore na ke mang ea tla bala karolo e itseng.
Leka tse ling tsa litlhahiso tse latelang:
Toroea litšoantšo tse bontšang seo u ntseng u se bala, kapa toroea litšoantšo tse ’maloa ho bontša tatellano ea liketsahalo. Ngola pel’a setšoantšo ho hlalosa se neng se etsahala.
Toroea li diagram. Ka mohlala, ha u bala ka motho ea tšepahalang, kopanya botho ba hae, liketso tsa hae le litlhohonolofatso tseo a li fumaneng.
Etsa hore tlaleho eo u e balang eke ke pale eo u ingollang eona. Ngola pale eo ka litsela tse fapa-fapaneng ’me u kenyelletse le “lipuisano” tsa hao le motho eo ho buuoang ka eena haholo hammoho le batho ba neng ba le teng paleng eo.
Haeba motho eo u balang ka eena a entse qeto e seng bohlale, nahana hore na ho ne ho tla etsahala’ng haeba a ne a entse qeto e bohlale. Ka mohlala, nahana ka nako eo Petrose a neng a latola hore o tseba Jesu. (Mareka 14:66-72) Petrose a ka be a sebetsane hantle joang le boemo boo?
Haeba u motho ea ratang ho qapa, leka ho ingolla tšoantšiso ea hao, e thehiloeng ka Bibeleng. Kenyelletsa le lintho tseo u ithutileng tsona.—Baroma 15:4.
U ka khona ho etsa hore Bibele e phele.
Etsa lipatlisiso
Haeba u etsa lipatlisiso u ka khona le ho fumana lintlha tse neng li sa ngoloa tlalehong eo. Ha e le hantle, ka linako tse ling e ka ba lentsoe le le leng kapa a mabeli tlalehong ea Bibele ao e leng a bohlokoa.
Ka mohlala, bapisa Matheu 28:7 le Mareka 16:7.
Ke hobane’ng ha Mareka a kentse ntlha ea hore haufinyane Jesu o ne a tla hlaha ho barutuoa ba hae “le Petrose”?
Nahana ka sena: Mareka o ne a sa bona liketsahalo tsena, ho hlakile hore o fumane lintlha tsena ho tsoa ho Petrose.
Matlotlo a patiloeng: Ke hobane’ng ha Petrose a ile a kholiseha hore Jesu o ne a batla ho mo bona hape? (Mareka 14:66-72) Jesu o ile a bontša joang hore ke motsoalle oa ’nete oa Petrose? Re ka etsisa Jesu joang hore re be metsoalle ea ’nete ho batho ba bang?
Haeba u etsa hore mangolo a phele ’me u etsa lipatlisiso u tla thabela ho bala Bibele.