BACHA BAA BOTSA
Bibele e ka Nthusa Joang?—Karolo ea 3: Rua Molemo ha u Bala Bibele
Ha u sheba ka hare ho Bibele, ho ngotsoe lintho tse ngata feela. U se ke oa nyahamisoa ke seo, ho e-na le hoo u ka nka Bibele joaloka lijo tse ngata tse behiloeng tafoleng. U ke ke oa ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tafoleng empa u ka khetha hore na u rata ho ja eng.
E le hore ho bala Bibele ho u tsoele molemo, u lokela ho nahanisisa ka seo u se balang. Sehlooho sena se tla u thusa ho etsa joalo.
Sehloohong sena
Ke hobane’ng ha u lokela ho nahanisisa ka seo u se balang ka Bibeleng?
U tla rua molemo haholo ha u etsa boiteko ba ho bala Bibele. Nahana ka papiso ena: Ha u tšela tea bag ka har’a metsi a belang nakoana, ha e loee empa ha u e tlohella nako e telele e loea hantle.
Hoa tšoana leha u bala Bibele. Ho e-na le ho e bala u potlakile, nahanisisa ka seo u se balang. Ke seo mongoli oa Pesaleme ea 119 a ileng a se etsa. Ha a bua ka molao oa Molimo, o ile a re: “Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.”—Pesaleme ea 119:97.
Ke ’nete hore sena ha se bolele hore u lokela ho qeta letsatsi lohle u ntse u bala le ho nahana ka Bibele. Taba ea bohlokoa ke hore mopesaleme o ne a ipha nako e itseng ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo. Ho etsa joalo ho ile ha mo thusa hore a etse liqeto tse nepahetseng.—Pesaleme ea 119:98-100.
“’Mè oa ka o kile a re ho ’na, ‘U na le matsatsi a supileng bekeng ’me u ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang ka oona. Hobane’ng u sa behelle nako e itseng ka thoko bakeng sa Jehova? U tla be u entse ntho e nepahetseng!’”—Melanie.
Ha u lula u nahanisisa ka melao-motheo ea Bibele, u tla etsa liqeto tse nepahetseng. Ka mohlala, e ka u thusa ha u khetha metsoalle kapa ha u nahana ho etsa ntho e fosahetseng.
U ka rua molemo joang ha u bala Bibele?
Rera hore na u tla etsa’ng. Mocha ea bitsoang Julia ha a fana ka keletso, o re: “Etsa kemiso ea ho bala Bibele ’me e tla u thusa ho tseba hore na u tl’o bala eng, u tl’o e bala neng le hore u tla e bala hokae.”
Khetha sebaka se loketseng sa ho bala. Gianna o re: “Khetha sebaka se thotseng seo u ka ballang ho sona ’me u tsebise ba lelapa leno ka kemiso ea hao ea ho bala Bibele e le hore ba se ke ba u tšoenya.”
Haeba u sebelisa sesebelisoa sa elektronike se behe boemong boo se ke keng sa u sitisa ha melaetsa e ntse e kena. U ka leka ho bala Bibele e tšoarehang eseng e fonong. Ha e le hantle, lipatlisiso li bontša hore ho se bale lintho fonong ho ka u thusa hore u utloisise haholoanyane. Ho ekelletsa moo, ho ka ba thata ho tsepamisa mohopolo ha u balla fonong.
“Ho balla fonong hoa sokolisa. Ka linako tse ling, melaetsa ea kena, beteri ea fela kapa Inthanete ha e sa sebetsa. Ha ke bala buka, ke tšoenyeha feela ka ho ba le khanya e lekaneng.”—Elena.
Qala ka thapelo. Kopa Jehova hore a u thuse ho utloisisa seo u tl’o se bala Bibeleng, ho se hopola le hore se u tsoele molemo.—Jakobo 1:5.
E le hore u bontše Jehova hore u fela u batla ho utloisisa, u ka etsa lipatlisiso tse eketsehileng ka seo u se balang. U ka etsa seo joang? Haeba u sebelisa JW Library app kapa u bala Bibele marang-rang, u ka penya holim’a temana ’me oa fumana boitsebiso bo eketsehileng ka eona hammoho le lihlooho tse amanang le eona.
Botsa lipotso. Ka mohlala: ‘Ke ithuta eng ka Jehova tlalehong ee? Na e bontša makhabane a hae ao nka a etsisang?’ (Baefese 5:1) ‘Ke ithuta eng tlalehong ee eo nka e sebelisang bophelong ba ka?’ (Pesaleme ea 119:105) ‘Na nka sebelisa seo ke ithutileng sona ho thusa batho ba bang?’—Baroma 1:11.
U ka boela oa ipotsa, ‘Seo ke se balileng se amana joang le molaetsa oa Bibele?’ Potso eo ke ea bohlokoa haholo. Hobane’ng? Hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e balang, ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo, e amana ka tsela e itseng le molaetsa oa Bibele oa sehlooho. Molaetsa oo ke tsela eo Jehova a halaletsang lebitso la hae a sebelisa ’Muso oa hae o leholimong. O boetse o akarelletsa le hore o na le tokelo ea ho busa ’me tsela ea hae ea ho busa ke eona e nepahetseng.