Lekhasi la Lotus le sa Keneleng Metsi
Na le Entsoe?
◼ Na ho ka khoneha hore ho be le likopi tsa polasetiki tse itlhoekisang? Kapa lifensetere tse lulang li omme ha pula ha e na? Kapa hona hore ho be le mechine e menyenyane haholo eo litšepe tsa eona li sa hohlaneng ha e sebetsa? Bo-rasaense ba re ena ke e meng ea melemo e seng mekae feela e ka bang teng haeba ba ka atleha ho sibolla tsela eo lekhasi la lotus le entsoeng ka eona.
Ak’u nahane: Bokaholimo ba lekhasi la lotus bo na le lintho tse nyenyane tse sa bonahaleng, tse koahetsoeng ke boka bo entseng likristale. Metsi a rothelang holim’a lekhasi leo a tšoaroa ke lintho tsena e le hore le se ke la kenela metsi. Ho tšekalla ha lekhasi leo ho etsa hore metsi a oele fatše le pele a ka fihla botlaaseng ba lona. Phello e ba efe? Seo hase etse feela hore lekhasi la lotus le lule le omme empa ho boetse hoa le hloekisa, kaha marotholi ao a tlosa litšila le lerōle le ho lona.
Bo-rasaense ba batla ho hlahisa thepa e entsoeng joaloka lekhasi la lotus le sa keneleng metsi. Esita le mechine e menyenyane haholo e senngoang ke metsi, ho ka ba molemo ha e ka etsoa ka thepa e kang ea lekhasi la lotus. Tlaleho ea Science Daily e re: “Ho ka etsoa lintho tse ngata haholo ka eona.”
U nahana’ng ka see? Na lekhasi la lotus le bile teng ka tšohanyetso? Kapa na le entsoe?