Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/09 leq. 24
  • Khetla ea Kokoanyana e Bitsoang Cyphochilus

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khetla ea Kokoanyana e Bitsoang Cyphochilus
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khaketla ea Diabolical Ironclad Beetle
    Na e Entsoe?
  • Matla a Kokoanyana e Tsaratsang Lero
    Tsoha!—2008
  • Litho tsa kutlo tsa Black Fire Beetle
    Tsoha!—2012
  • Karolo e ka Holimo ea Lepheo le Monyang Metsi la Namib Beetle
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 5/09 leq. 24

Khetla ea Kokoanyana e Bitsoang Cyphochilus

Na e Entsoe?

◼ Khetla ea kokoanyana e bitsoang Cyphochilus e na le makhekhebu a hataneng holimo, a masesaane ho feta moriri oa motho ka makhetlo a leshome. Dr. Pete Vukusic oa Univesithi ea Exeter, Brithani, o re: “Ha ke ne ke a hlahloba ka mochine o hōlisang ponahalo ea lintho, e ile ea ka ke kena lefatšeng le leng. A ne a hlolla haholo.”

Ak’u nahane: Vukusic o fumane se etsang hore kokoanyana ena e be le ’mala o khanyang o mosoeu, empa ho se moo o amanang teng le lisele tse hlahisang mebala. O hlahisoa ke boholo ba likhoele tseo makhekhebu ao a entsoeng ka tsona le ke tsela eo li qaqolohaneng ka eona. Sena se etsa hore khanya e phunyeletse ka tsela e sa tloaelehang. Science Daily e re: “Ho ne ho tla hlokahala hore lipente tsa liminerale tse sebelisoang liindastering, tse kang tse etsang pampiri ea boleng, lipolasetiki le lipente tse ling, li loee ka makhetlo a mabeli ho feta ka tsela e tloaelehileng e le hore li be tšoeu joaloka khetla eo.”

Borasaense ba lumela hore khetla ea Cyphochilus e e thusa hore e nyalane le fungus e tšoeu eo e atisang ho fumanoa ho eona. Empa litsebi li thahasella haholo ho tseba hore na ’mala oa kokoanyana ena o ka tsoela batho molemo joang—ka mohlala, o ka ba thusa ho hlahisa lintho tsa maiketsetso tse tšoeu toa! Vukusic o re lintho tse kang pampiri eo re ngollang ho eona, ’mala oa meno a rōna, esita le khanya ea mabone “li tla ntlafala haholo haeba litsebi tsa theknoloji li ka ithuta kokoanyana ena ’me tsa sebelisa likhopolo tseo li li fumaneng ho eona.”

U nahana’ng ka see? Na khetla e tšoeu ea kokoanyana ee e bitsoang Cyphochilus e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Kokoanyana ea “Cyphochilus” e nyenyane ho feta ntlha ea monoana (setšoantšo se hōlisitsoe)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Department of Entomology, Kasetsart University, Bangkok

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela