Ho Noa Meriana ka ho Ikutsoa
MOSALI e mong ea bitsoang Lena,a o ile a re: “Ke qalile ho noa lipilisi tseo ke neng ke li fuoa ke ngaka ha ke le lilemo li 14. Ke ne ke lumela hore ke lokela ho ba mosesanyane ’me ke shebahale, kahoo ngaka ea lapeng e ile ea mpha lipilisi tse theolang boima ba ’mele. Nako feela eo ke neng ke thaba ke ha ho ne ho bonahala eka bashanyana ba khahluoe ke ’na. Qetellong, ke ile ka sebelisa lithethefatsi tse matla ’me ka itšoara joaloka batho ba li sebelisang. Ke ne ke leka ho lula ke le plakeng.”
Mosali e mong ea bitsoang Myra o ne a e-na le bothata ba ho opeloa ke hlooho, kahoo ngaka ea mo fa lipilisi tse kokobetsang bohloko. Ka mor’a nako, o ile a qala ho noa lipilisi tse ngata—eseng feela bakeng sa hlooho empa le bakeng sa ho khotsofatsa temallo ea hae e neng e ntse e hōla. Ho feta moo, o ile a qala ho noa lipilisi tse filoeng litho tse ling tsa lelapa.
Ka sebele litlaleho li bontša hore bacha ba ntseng ba eketseha, ’me ka ho makatsang le batho ba baholo ba sebelisa meriana hampe, e le ha ba leka ho pholisa hlooho, ho kokobetsa boikutlo ba ho tšoenyeha, e le hore ba lule ba falimehile, ba theole boima ba ’mele, kapa hore ba ikutloe ba le plakeng. E meng ea meriana e atisang ho sebelisoa hampe ke e teng malapeng a mangata: ke e kokobetsang bohloko, e thethefatsang methapo, e hlasimollang le e fokotsang ho tšoenyeha.b Meriana e meng e sebelisoang hampe ke e rekisoang mabenkeleng, e kang e robatsang, e thusang motho ho hema ha a kibane le e sebelisoang ha motho a kulisoa ke ntho e itseng.
Bothata bona bo hohle ’me bo ntse bo e-ja setsi. Ka mohlala, likarolong tse ling tsa Afrika, Europe le Asia Boroa, tšebeliso e mpe ea meriana ea ngakeng e se e feta tšebeliso ea lithethefatsi tsa seterateng. United States, tšebeliso e mpe ea meriana ea ngakeng e batla e feta ea lithethefatsi tsohle tse seng molaong ntle le matekoane. Ho latela tlaleho ea morao tjena ea koranta e ’ngoe, bacha ba lilemo li 12 ho ea ho 17 “ba sebelisa hampe meriana ea ngakeng ho feta k’hok’heine, heroine le methamphetamines li kopane.” Ha e le hantle, batho ba li batla haholo hoo ho seng ho hlahile khoebo e etsang lipilisi tsa bolotsana.
U ka itšireletsa joang le bana ba hao tšebelisong e mpe ea meriana le lithethefatsi? Lihlooho tse latelang li tšohla potso ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a fetotsoe lihloohong tsena.
b Melao-motheo e mengata e tšohloang lihloohong tsena e boetse e sebetsa le tšebelisong ea lithethefatsi le tšebelisong e mpe ea joala.
[Lebokose le leqepheng la 3]
Buka e bitsoang Physicians’ Desk Reference e re: “Motho ea lemaletseng meriana ke ea lulang a e sebelisa le hoja a sa kule, ’me a tsoela pele ho e sebelisa le hoja ho etsa joalo ho le kotsi kapa ho ka ’na ha e-ba kotsi.” Motho ea joalo o sitoa ho itšoara ebile o e rata haholo.
Bakuli ba itšetlehileng ka meriana ba bonahala ka ho ba le matšoao a itseng ha ba khaotsa ho sebelisa meriana ea ngakeng, e kang e entsoeng ka matekoane. Sena se atisa ho etsahala ’me ha se tšoane le ho lemalla moriana.
Motho ea seng a tloaetse moriana ke ea tlamehang ho noa o mongata e le hore a kokobetse bohloko.