Meriana ea Ngakeng—ho e Sebelisa Hantle le Hampe
NGOANANA e mong ea bitsoang Angie o ile a utloa batsoali ba hae ba re lipilisi tsa khaitseli ea hae li mo hlokisa takatso ea lijo. Kaha Angie o ne a tšoenyehile ka boima ba ’mele, o ile a qala ho sebelisa lipilisi tsa khaitseli ea hae ka sekhukhu, a noa e le ’ngoe ka mor’a matsatsi a seng makae. E le hore batsoali ba hae ba se ke ba hlokomela, o ile a kōpa motsoalle oa hae ea neng a sebelisa lipilisi tse tšoanang hore a mo fe tse ling.a
Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sebelisa hampe meriana ea ngakeng? Lebaka le leng ke hore e ka ’na ea fumaneha habonolo—hona lapeng moo. La bobeli ke hore bacha ba bangata ba etsa phoso ea ho nahana hore ha ba tlōle molao haeba ba sebelisa meriana eo ba sa e fuoang ke lingaka. La boraro, meriana ea ngakeng e bonahala e se kotsi ha e bapisoa le lithethefatsi tse seng molaong. Bacha ba bang ba re: ‘Haeba ngaka e ka fa ngoana e monyenyane meriana e itseng, e tlameha ebe ha e kotsi.’
Ha e le hantle, haeba meriana ea ngakeng e sebelisoa hantle e ka ntlafatsa bophelo eaba ea pholosa batho. Empa haeba e sebelisoa hampe, e ka ba kotsi joaloka lithethefatsi tsa seterateng. Ka mohlala, haeba motho a sebelisa hampe meriana e hlasimollang, seo se ka ’na sa etsa hore pelo e se ke ea sebetsa hantle kapa sa mo bakela sethoathoa. Meriana e meng e ka etsa hore motho a liehe ho hema ’me qetellong e ka mo bolaea. Meriana e meng e ka boetse ea e-ba kotsi haeba e sebelisoa le e meng kapa lintho tse nang le tahi. Mathoasong a 2008, sebapali se tummeng sa litšoantšiso se ile sa shoa ’me koranta ea Arizona Republic ea tlaleha hore “se bolailoe ke ho tsoaka mefuta e tšeletseng ea lipilisi tse fokotsang ho tšoenyeha, le lipilisi tse ling tse robatsang hammoho le tse fokotsang mahlaba.”
Kotsi e ’ngoe e ka ’nang ea e-ba teng ke ea ho e lemalla. Haeba motho a noa meriana e meng haholo kapa a e sebelisetsa mabaka a fosahetseng, e ba joaloka lithethefatsi tsa seterateng—e hlasimolla boko ’me e etsa hore motho a ikutloe a thabile, e leng se ka etsang hore a e lakatse. Empa ho e-na le ho etsa hore batho ba lule ba thabile kapa ho ba thuse hore ba sebetsane le mathata bophelong, ho sebelisa meriana hampe ho mpefatsa litaba le ho feta. Ho ka ’na ha ekeletsa motho khatello maikutlong, ha mo sithabetsa le ho feta, ha mo kulisa ha ba ha mo sitisa ho phela ka tsela e tloaelehileng, ’me seo sa etsa hore a e lemalle kapa ha mo bakela lintho tsena kaofela tse boletsoeng. Joang kapa joang, batho ba e sebelisang hampe ba ba le mathata lapeng, sekolong kapa mosebetsing. Joale re ka tseba joang ha moriana o fanoeng ke ngaka o sebelisoa hantle le ha o sebelisoa hampe?
U e Sebelisa Hantle Kapa Hampe?
Ka mantsoe a bonolo feela, u sebelisa meriana eo u e fuoeng ke ngaka hantle haeba u e noa ho ea kamoo u laetsoeng kateng ’me ngaka e tseba tlaleho ea hao ea bophelo ka botlalo. Seo se akarelletsa hore u noe moriana ka tekanyo e nepahetseng, ka nako e loketseng le ka mokhoa o loketseng le ka morero o nepahetseng oa ho phekola boloetse bo itseng. Leha ho le joalo, motho o ntse a ka ’na a ba le matšoao a sa rateheng kapa a sa lebelloang. Haeba seo se etsahala, bolella ngaka kapele-pele. E ka ’na ea fetola meriana eo e u fang eona kapa ea hla ea khaotsa ho u fa eona. Melao-motheo e tšoanang ea sebetsa le ha u reka meriana k’hemisting: E sebelise feela ha ho hlokahala ’me u latele litaelo tse ngotsoeng.
Batho ba ipeha kotsing ha ba noa meriana ka mabaka a fosahetseng, ba hlokomoloha litaelo tsa hore na ba e noe hakae, ba noa meriana e fuoeng batho ba bang, kapa ba e noa ka tsela e fosahetseng. Ka mohlala, lipilisi tse ling li lokela ho koenngoa li feletse e le hore li ka qala ho kena butle-butle ’meleng. Batho ba li sebelisang hampe ba atisa ho sitisa tšebetso ea tsona ka ho li phuphura kapa ho li hlafuna, ka hore ba li sile ebe baa li tsuba, kapa ba li tšele ka metsing ebe baa ikenta. Phello e ka ba hore motho a ikutloe a le plakeng, empa oo e ka boetse ea e-ba mohato oa pele o etsang hore a lemalle meriana. Ho hobe le ho feta ke hore seo se ka ’na sa mo bolaea.
Ka lehlakoreng le leng, haeba motho a sebelisa moriana oo a o filoeng ke ngaka ka tsela e loketseng empa a belaella hore e ka ’na eaba o se a o lemalla, o lokela ho tsebisa ngaka kapele. Ngaka e lokela ho tseba tsela e sireletsehileng ea ho mo thusa, empa e sa hlokomolohe boloetse boo a nang le bona.
Seoa sa tšebeliso e mpe ea meriana le lithethefatsi—ka litsela tsohle tse teng—ke pontšo ea mehla eo re phelang ho eona. Lelapa, e leng moo batho ba lokelang ho bontšoa lerato le ho tšabela teng ha ba e-na le mathata, le maqakabetsing. Boitšoaro bo hlephile ’me batho ha ba sa nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa ebile ha ba sa hlompha bophelo. (2 Timothea 3:1-5) Lebaka le leng ke hore batho ha ba tšepe hore lintho li tla ntlafala nakong e tlang. Batho ba bangata ba bona bokamoso bo le lerootho feela. Kahoo, ba phelela menyaka ea nakoana ’me ba phehella ntho leha e le efe e ka ba thabisang, ka linako tse ling e le ka tsela e kotsi. Bibele e re: “Moo ho se nang pono batho ha ba laolehe.”—Liproverbia 29:18.
Haeba u motsoali, ha ho pelaelo hore u batla ho sireletsa ba lelapa la hao mathateng a boitšoaro le linthong tse se nang thuso tse hlasetseng lefatše lena. Empa u ka ba sireletsa joang? Hona u ka fumana tataiso e utloahalang hokae le tšepo ea ’nete bakeng sa bokamoso bo molemo? Lihlooho tse latelang li tšohla lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Taba ena e hlaha mocheng oa boitsebiso oa Inthanete oa TeensHealth.
[Lebokose le leqepheng la 4]
BA ETSA NTHO LEHA E LE EFE HORE BA BE PLAKENG
Batho ba bang ba leka ho etsa ntho leha e le efe hore ba be plakeng. Mekhoa e kotsi ka ho khetheha e akarelletsa ho tsuba lisebelisoa tsa ho hloekisa, poleshe ea manala, poleshe e hloekisang fenishara, peterole, glue, motsoako oa ho khantša, pente le lintho tse ling tse fellang moeeng. Kaha boko bo karolong e ka holimo ea mahanana, ha motho a tsuba lintho tsena li fetela ka potlako maling, ’me li sebetsa kapele-pele.
Mokhoa o mong o kotsi ke oa ho sebelisa hampe meriana e nang le tahi kapa e robatsang e rekisoang lik’hemisting. Ha motho a noa meriana ena haholo, e ka sitisa tsela eo litho tsa kutlo li sebetsang ka eona, haholo-holo litsebe le mahlo, ebile e ka ’na ea etsa hore a ikutloe a ferekane, a bone lintho tse sieo, a shoe bohatsu ’me a be le mahlaba ka mpeng.
[Lebokose le leqepheng la 5]
“MAQITI A HO FUMANA MERIANA”
Buka e bitsoang Physicians’ Desk Reference e re: “Batho ba lemaletseng meriana le ba e sebelisang hampe ba atisa ho leka maqiti a sa tšoaneng hore ba e fumane ho lingaka. Maqiti a ho fumana meriana a akarelletsa hore batho ba ee ngakeng ka boemo ba tšohanyetso kapa ba ee ngakeng ha ho se ho tlil’o chaisoa, ba hane ha ngaka e ba hlahloba, e re ba etse liteko kapa e ba fetisetsa ngakeng e ’ngoe, ba lula ‘ba lahleheloa’ ke meriana, ba fetola seo ngaka e se ngotseng ba bile ba leqe ho fana ka tlaleho ea bona ea ngakeng kapa mabitso a lingaka tse ling tse kileng tsa ba phekola. Batho ba sebelisang meriana hampe le ba e lemaletseng ’me ba sa fuoe thuso, ‘ba lula ba qhomaka lingaka’ e le hore li ba fe meriana e meng.”
Meriana e atisang ho sebelisoa hampe ke ea mefuta ena e meraro e latelang:
◼ E entsoeng ka matekoane—e reretsoeng ho kokobetsa bohloko
◼ E thethefatsang methapo—e kang li-barbiturate le li-benzodiazepine tse fanoang bakeng sa ho kokobetsa ho tšoenyeha kapa ho fokotsa mathata a ho robala
◼ E hlasimollang—e fuoang batho ba nang le bothata ba ho tsepamisa mohopolo, ba borokoana, kapa ba batenya haholo.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Boitsebiso bona bo fanoe ke Mokhatlo oa Sechaba oa Tšebeliso e Mpe ea Lithethefatsi.
[Lebokose le leqepheng la 6]
TATAISO EA HO SEBELISA MERIANA EA NGAKA KA TSELA E LOKETSENG
1. Latela litaelo ka hloko.
2. U se ke ua fetola tsela eo u ho itsoeng u e noe ka eona u sa tsebisa ngaka.
3. U se ke ua khaotsa ho noa meriana ntle le hore u buisane le ngaka.
4. U se ke ua sila lipilisi kapa ua li khaola ka lehare ntle le haeba u laetsoe hore u etse joalo.
5. Hlokomela hore na meriana eo e ka ’na ea u ama joang ha u khanna kapa u etsa lintho tse ling.
6. Fumana hore na ho ka ’na ha etsahala’ng ha moriana oo o kopana le tahi le meriana e meng—eo u e filoeng ke ngaka kapa eo u itheketseng eona.
7. Bolella ngaka haeba u kile ua sebelisa lithethefatsi hampe.
8. U se ke ua noa meriana e fuoeng motho e mong, ’me le uena u se ke ua fana ka ea hao.c
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
c Lintlha tsena li nkiloe litlhahisong tse fanoeng ke mokhatlo oa United States oa Tsamaiso ea Lijo le Lithethefatsi.