Pono Ea Bibele
Na Molimo o Batla Hore U be Morui?
“Molimo o mphile letsatsi le lecha! Kahoo, ke tl’o ba morui!”
“Ke labalabela hore ke be morui hobane Molimo o batla hore ke rue haholo.”
“Molimo o re fa matla a hore re rue.”
“Bibele e nthusitse hore ke be morui.”
LIPOLELO tsena li bontša likhopolo tse rutoang ke malumeli a mangata a bolelang hore Molimo o hlohonolofatsa batho ka maruo. A bolela hore haeba u etsa se nepahetseng mahlong a Molimo, o tla u fa matla a hore u fumane maruo a lefatše lena a be a u putse ka litsela tse ling. Thuto eo e ipiletsa ho batho ba bangata, ’me libuka tse e thoholetsang li rekoa haholo. Empa na thuto ee ea hore Molimo o ruisa batho e lumellana le Bibele?
Ha e le hantle, Mōpi oa rōna eo Bibele e reng ke “Molimo ea thabileng,” o batla hore re thabe ’me re atlehe bophelong. (1 Timothea 1:11; Pesaleme ea 1:1-3) Ho feta moo, o hlohonolofatsa ba mo khahlisang. (Liproverbia 10:22) Empa, na mehleng ea rōna o re hlohonolofatsa feela ka maruo? Re fumana karabo e hlakileng ha re utloisisa hore na re hokae kemisong ea nako ho latela morero oa Molimo.
Na ee ke Nako ea Hore re be Barui?
Nakong e fetileng, Jehova Molimo o ile a hlohonolofatsa bahlanka ba bang ba hae ka maruo ’me ba bang ba bona ke mopatriareka Jobo le Morena Solomone. (1 Marena 10:23; Jobo 42:12) Leha ho le joalo, batho ba bang ba bangata ba tšabang Molimo ba ne ba se na lintho tse ngata, ba kang Johanne Mokolobetsi le Jesu Kreste. (Mareka 1:6; Luka 9:58) See se bolela’ng? Ho latela Bibele, Molimo o sebetsana le bahlanka ba hae ka tsela e lumellanang le morero oa hae ka bona nakong eo. (Moeklesia 3:1) Molao-motheo oo o sebetsa joang ho rōna kajeno?
Boprofeta ba Bibele bo bontša hore re phela ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho,’ kapa “matsatsing a ho qetela” a lefatše lena. Mehla ena e ne e tla tšoauoa ka lintoa, maloetse, litlala, litšisinyeho tsa lefatše le tšenyeho sechabeng—e leng maemo a ’nileng a hlasela batho ho feta leha e le neng pele, ho tloha ka 1914. (Matheu 24:3; 2 Timothea 3:1-5; Luka 21:10, 11; Tšenolo 6:3-8) Ka mantsoe a mang, lefatše lena le tšoana le sekepe se mothating oa ho teba! Ha re nahana ka lintlha tsena, na e ne e tla ba ho utloahalang hore Molimo a hlohonolofatse bahlanka ba hae ka maruo, kapa o ne a tla batla hore re etse lintho tse ling tsa bohlokoa?
Jesu Kreste o ile a tšoantša mehla ea rōna le matsatsi a Noe. Jesu o ile a re: “Joalokaha matsatsing ao pele ho moroallo, ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.” (Matheu 24:37-39) Jesu o ile a boela a tšoantša mehla ea rōna le matsatsi a Lota. Baahelani ba Lota ba Sodoma le Gomora ba ne ba ‘ja, ba noa, ba reka, ba rekisa, ba lema ba bile ba haha.’ Jesu o ile a phaella, a re: “Empa letsatsing leo Lota a ileng a tsoa Sodoma ka lona ho ile ha na mollo le sebabole ho tsoa leholimong ’me tsa ba timetsa kaofela. Ho tla ba ka tsela e tšoanang letsatsing leo ha Mor’a motho a tla senoloa.”—Luka 17:28-30.
Ha e le hantle, ha ho letho le phoso ka ho ja, ho noa, ho nyala, ho reka le ho rekisa. Kotsi e ba ha re tšoareha ka lintho tsena hoo re sa eleng hloko hore re lokela ho potlakela linako. Kahoo ipotse, ‘Na Molimo o ne a tla be a bontša hore oa re rata haeba a re hlohonolofatsa ka lintho tse re bakelang litšitiso bophelong?’a Ho e-na le ho re hlohonolofatsa, o ne a tla be a re lematsa. Ho hang Molimo ea lerato ha a joalo!—1 Timothea 6:17; 1 Johanne 4:8.
Nako ea ho Pholosa Bophelo!
Nakong ena ea bohlokoa historing ea batho, batho ba Molimo ba na le mosebetsi o potlakileng oo ba lokelang ho o etsa. Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Lipaki Tsa Jehova li nka mantsoe ana ka ho teba. Ka lebaka leo, li khothalletsa baahelani ba tsona hore ba ithute ka ’Muso oo le ka lintho tseo Molimo a li hlokang ho bona hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—Johanne 17:3.
Leha ho le joalo, Molimo ha aa lebella hore bahlanka ba hae ba tšepahalang ba itšoare ka thata bophelong. Ho e-na le hoo, o batla hore ba khotsofalle lintho tse hlokahalang bophelong, e le hore ba tsepamise maikutlo tabeng ea ho mo sebeletsa. (Matheu 6:33) Ka lehlakoreng le leng, o tla etsa bonnete ba hore ba fumana lintho tse bonahalang tseo ba li hlokang. Baheberu 13:5 e re: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng. Etsoe [Molimo] o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’”
Molimo o tla phethahatsa mantsoe ao ka tsela e hlollang ha a sireletsa barapeli ba ’nete ba “bongata bo boholo” qetellong ea tsamaiso ena ea lintho hore ba kene lefatšeng le lecha la khotso, leo ho lona ho tla ba le katleho ea sebele. (Tšenolo 7:9, 14) Jesu o ile a re: ‘Ke tlile e le hore ba ka ba le bophelo [balateli ba hae ba tšepahalang] le hore ba be le bona bo le bongata.’ (Johanne 10:10) ‘Bophelo boo bo bongata’ ha bo bolele bophelo ba ho hafa ka nkatana hona joale, empa bo bolela bophelo bo sa feleng Paradeiseng, pusong ea ’Muso oa Molimo.—Luka 23:43.
U se ke ua khelosoa ke thuto ea hore Molimo o hlohonolofatsa batho ka borui, e leng seo ha e le hantle se ba bakelang tšitiso. Ho e-na le hoo, ela hloko mantsoe ana a lerato a Jesu empa a bontša ho potlaka: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba.”—Luka 21:34, 35.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Joaloka lekholong la pele la lilemo, kajeno Bakreste ba bang ba tšepahalang ba ruile. Leha ho le joalo, Molimo o ba lemosa hore ba se ke ba tšepa maruo a bona kapa ba sitisoa ke ’ona. (Liproverbia 11:28; Mareka 10:25; Tšenolo 3:17) Ebang ba ruile kapa ba futsanehile, bohle ba lokela ho tsepamisa maikutlo tabeng ea ho etsa thato ea Molimo.—Luka 12:31.
NA U KILE UA IPOTSA?
◼ Hona joale ke nako ea hore re etse eng?—Matheu 24:14.
◼ Jesu o ile a tšoantša mehla ea rōna le ea batho bafe bao Bibele e buang ka bona?—Matheu 24:37-39; Luka 17:28-30.
◼ Re lokela ho qoba eng haeba re batla ho fumana bophelo bo sa feleng?—Luka 21:34.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
Thuto ea hore Molimo o hlohonolofatsa batho ka borui, ha e le hantle ke tšitiso