Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/09 maq. 6-9
  • Lebaka Leo ka Lona re Ileng ra Khetha ho se Ntše Mpa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo ka Lona re Ileng ra Khetha ho se Ntše Mpa
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qoba ho ba Lepotlapotla—Rera Lintho Hantle
  • Amohela Hore ke Motho ea Phelang
  • Seo ho Tšaba Batho ho ka se Etsang
  • Botsoalle le Molimo bo na le Tšusumetso e Matla
  • Ha ba Ikoahlaee
  • Ho Ntša Mpa—Hase Tharollo e se Nang Mathata
    Tsoha!—2009
  • Ho Ntša Mpa—Na ke Tharollo?
    Tsoha!—1995
  • Ho Ntša Mpa—Ho Baka Tšenyehelo e Kae?
    Tsoha!—1987
  • Ho Ntša Mpa—Tsebo e Tlisa Boikarabelo
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 6/09 maq. 6-9

Lebaka Leo ka Lona re Ileng ra Khetha ho se Ntše Mpa

VICTORIA, ea boletsoeng sehloohong se qalang, o ile a bolella Bill, mohlankana oa hae hore a ke ke a ntša mpa. Victoria o ile a re: “Ke ne ke utloa hore ho na le motho ea phelang ka hare ho ’na. Kaha ke ne ke hlokomela hore haeba ke tsoela pele ke lula le Bill o ne a ke ke a nthusa ha ke le moimana, ke ile ka tsamaea.”

Leha ho joalo, hamorao Bill o ile a fetola maikutlo ’me a kōpa Victoria hore ba nyalane. Empa ho ne ho bonahala eka ho tla ba boima ho hlokomela lesea le sa tsoa hlaha. Victoria o re: “Re ne re se na koloi, re se na chelete, re e-na le liaparo tse seng kae re bile re se na thepa e ngata. Bill o ne a sebetsa mosebetsi o sa lefeng hakaalo, ’me re ne re tlameha ho hira ntlo ea boemo bo tlaase, empa re ile ra tiisetsa.”

Basali ba bang le bona ba ile ba tobana le maemo a thata hobane ba imme e se ka morero. Empa le bona ba ile ba hana ho ntša mpa. Ke’ng se ba thusitseng hore ba lule ba tiile qetong eo ba e entseng ’me ba sebetsane le mathata a bakoang ke ho ba le ngoana eo ba sa rerang ho ba le eena kapa eo ba bileng ba sa mo batleng? Ba thusitsoe ke ho latela keletso e bohlale ea Bibele.

Qoba ho ba Lepotlapotla—Rera Lintho Hantle

Bibele e fana ka keletso ena e bohlale: “Ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo, empa ka sebele e mong le e mong ea lepotlapotla o leba bohloking.”—Liproverbia 21:5.

Connie ea neng a e-na le bashanyana ba bararo, ’me e mong oa bona a holofetse, o ne a sithabetsoa ke taba ea ho ba le ngoana e mong hape. O ile a re: “Re ne re sa batle ngoana e mong. Kahoo re ile ra nahana hore ke ntše mpa.” Empa pele a etsa qeto ka lepotlapotla, o ile a bolella mosebetsi-’moho le eena, Kay, ka seo. Kay o ile a mo lemosa hore o jere motho ea e-song ho hlahe, ’me seo se ile sa etsa hore a fetole maikutlo.

Empa Connie o ne a hloka motho ea tla mo thusa hore a rere lintho hantle. Kaha nkhono oa Connie o ne a lula haufi le bona, Kay o ile a mo eletsa hore a buisane le eena. Ha a bua le eena, o ile a thabela ho mo thusa. Ho phaella moo, monna oa Connie o ile a batla mosebetsi o mong ’me ba fallela ntlong e sa bitseng chelete e ngata. Ka tsela eo, ba ile ba khona ho hlokomela lesea lena.

Kay o ile a boela a thusa Connie hore a fumane mekhatlo e thusang basali ba imang e se ka morero. Linaheng tse ngata, ho na le mekhatlo e joalo e thusang batsoetse ba bacha ba hlokang thuso. Motho a ka sebelisa Inthanete kapa libuka tsa thelefono, tse teng lilaebraring tse ngata tsa sechaba, hore a fumane mekhatlo ena. Ho ka ’na ha hlokahala boiteko bo matla hore motho a fumane thuso, empa “merero ea ea khothetseng” e tlisa katleho.

Amohela Hore ke Motho ea Phelang

Bibele e re: “Ha e le mang kapa mang ea bohlale, mahlo a hae a hloohong; empa ea hlokang kelello o ntse a tsamaea lefifing le fetisisang.”—Moeklesia 2:14.

Mosali ea bohlale e le kannete ha a iphoufaletse ’nete ebe ka tsela ea tšoantšetso o “tsamaea lefifing.” O sebelisa ‘mahlo a hloohong ea hae,’ e leng seo ha e le hantle se mo thusang hore a nahanisise lintho. Sena se mo nolofalletsa hore a sekaseke ka nepo liphello tsa seo a se etsang. Kahoo, ho fapana le mosali ea iphoufaletsang ’nete ka se etsahalang ka pōpelong ea hae, mosali ea bohlale o sireletsa lesea la hae le e-song ho hlahe, ka qenehelo e tebileng.

Ngoanana e mong ea bitsoang Stephanie ea neng a nahana ho ntša mpa, o ile a bontšoa setšoantšo sa lesea le likhoeli li peli leo a le immeng. Stephanie o re: “Ke ile ka lla. Ka ipotsa: Ke hobane’ng ha ke batla ho bolaea lesea leo ke le immeng?”

Ngoanana e mong ea ileng a ima a sa nyaloa ea bitsoang Denise le eena o ile a amohela ’nete ea hore o jere motho ea phelang. Ha mohlankana oa hae a mo fa chelete ’me a mo bolella hore “a ntše mpa,” Denise o ile a re: “Ke ntše mpa? Nke ke ka etsa seo!” Kahoo o ile a hana ho bolaea lesea la hae.

Seo ho Tšaba Batho ho ka se Etsang

Haeba mosali a hatelloa hore a ntše mpa, kapa a nahana ho e ntša, o lokela ho nahana ka maele ana a bohlale a Bibele: “Ho tšaba batho ho isa sefing; empa ea tšepang Jehova o beiloe phahameng.”—Liproverbia 29:25, Bibele ea Sesotho.

Monica ea lilemo li 17 o ile a senyeha a le mothating oa ho ea sekolong sa khoebo. ’Mè oa hae oa mohlolohali, ea nang le bana ba bahlano, o ile a ferekana. O ne a batla hore morali oa hae a be le tsebo e itseng e le hore a tsoe bofutsaneng. Kaha ’mè eo o ne a tsielehile, o ile a tsitlella hore Monica a ntše mpa. Monica o re: “Ha ngaka e mpotsa hore na ke batla ho ntša mpa, ke ile ka re ‘Che, ha ke batle!’”

Kaha ’mè oa Monica o ne a eme hlooho, a bona hore bokamoso ba morali oa hae bo tšepisang bo ea le moea ’me a nahana ka mathata a ho hōlisa ngoana e mong, o ile a mo leleka lapeng. Monica o ile a lula le nkhono oa hae. Ka mor’a libeke tse seng kae, ’mè oa hae o ile a kokobela bohale ’me a mo lumella hore a khutlele lapeng. ’Mè oa Monica o ile a mo thusa ho hlokomela leseanyana la hae le bitsoang Leon, ’me a qetella a rata moshanyana eo haholo.

Mosali e mong ea nyetsoeng ea bitsoang Robin o ile a tobana le khatello ea mofuta o mong. Robin o re: “Ha ke le moimana, ngaka e ’ngoe e ile ea mpha meriana ea liphio pele e ntlhahloba hore na ke moimana kapa che. Ke ile ka bolelloa hore ho na le monyetla o moholo oa hore lesea le hlahe le holofetse hampe.” Kahoo, ngaka e ile ea mo phehella hore a ntše mpa. Robin o re: “Ke ile ka e hlalosetsa seo Bibele e se rutang ka bophelo. Ka e bolella hore nke ke ka ntša mpa.”

Le hoja ngaka e ne e e-na le lebaka le utloahalang la ho ameha, bophelo ba Robin bo ne bo se kotsing ka nako eo.a Robin o phaella ka ho re: “Ha moralinyana oa ka a hlaha ’me ho etsoa liteko, ho ile ha fumaneha hore o holofetse hanyenyane bokong. Hona joale o phetse hantle. O lilemo li 15, ’me o bala ka tsela e ntlafatseng. Ke mo rata haholo, ’me letsatsi ka leng ke leboha Jehova khafetsa ka eena.”

Botsoalle le Molimo bo na le Tšusumetso e Matla

Bibele e re: “Morena ke motsoalle oa ba mo tšabang.”—Pesaleme ea 25:14, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Batho ba bangata ba etsa qeto ea ho hana ho ntša mpa hobane ba nahana ka hore na ’Mōpi o ikutloa joang ka seo. Ntho eo ba amehileng haholo ka eona ke ho ba metsoalle ea Molimo le ho etsa se mo khahlisang. Sena ke sona se ileng sa susumetsa Victoria ea boletsoeng pejana. O re: “Ke ne ke lumela ka tieo hore Molimo ke eena ea fanang ka bophelo, ’me ke ne ke se na tokelo ea ho nka bophelo boo a faneng ka bona.”

Ha Victoria a qala ho ithuta Bibele ka tieo, botsoalle ba hae le Molimo bo ile ba hōla. O re: “Qeto ea ho se ntše mpa e nkatamelitse haufi le Molimo haholoanyane ’me e entse hore ke batle ho mo khahlisa likarolong tsohle tsa bophelo ba ka. Ke ile ka rapella tataiso ea hae, ’me lintho tsa boela setloaeling.”

Ha re le metsoalle ea Molimo, eo e leng Mohloli oa bophelo, seo se etsa hore re hlomphe ka ho teba bophelo bo ka pōpelong. (Pesaleme ea 36:9) Ho feta moo, Molimo a ka fana ka “matla a fetang se tloaelehileng” ho thusa mosali ea immeng e se ka morero hammoho le ba lelapa la hae hore ba sebetsane ka katleho le boemo boo. (2 Bakorinthe 4:7) Ba hlomphang pono ea Molimo ka bophelo ba ikutloa joang ha ba nahana ka qeto eo ba e entseng?

Ha ba Ikoahlaee

Batsoali bana ha ba ikutloe ba le molato kapa hona ho ikutloa ba saretsoe ba bile ba lahlehetsoe. Ha nako e ntse e ea, ba talima “litholoana tsa mpa” e le moputso, eseng thohako! (Pesaleme ea 127:3) Connie ea boletsoeng pejana, o ile a hlokomela sena ka mor’a lihora tse peli feela a bile le ngoana! O ile a founela mosebetsi-’moho le eena, Kay, a nyakaletse a mo bolella kamoo a thabetseng hore ebe o tlil’o hōlisa moralinyana oa hae kateng. A tletse thabo e khaphatsehang, Connie o ile a phaella ka ho re: “Ke ’nete hore Molimo o hlohonolofatsa ba batlang ho mo khahlisa.”

Ke hobane’ng ha ho le molemo ho etsa se lumellanang le pono ea Molimo ka bophelo? Ke hobane Molimo ke Mohloli oa bophelo, ’me o fane ka melao le melao-motheo ka Bibeleng e “molemong oa [rōna].”—Deuteronoma 10:13.

Ho ea ka Victoria le Bill, bao ho boletsoeng phihlelo ea bona qalong ea sehlooho sena le se qalang, qeto ea ho se ntše mpa e ile ea fetola bophelo ba bona. Baa hlalosa: “Re ne re ikakhetse ka setotsoana tšebelisong e mpe ea lithethefatsi ’me mohlomong re ka be re shoele hoja re ile ra tsoela pele re li sebelisa. Empa ho hlompha bophelo ba ngoana ea e-song ho hlahe ho ile ha etsa hore re ke re nahanisise ka bophelo ba rōna. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa re thusa hore re fetohe.”

Hona joale mora oa bona, Lance, a ka ba lilemo li 34 ’me o se a qetile lilemo tse fetang 12 a nyetse. Lance o re: “Ho tloha bongoaneng, batsoali ba ka ba nthutile hore ha ke etsa liqeto ke itšetlehe ka Bibele. Sena se re thusitse ’na le mosali oa ka hammoho le ngoana oa rōna hoo re utloang hore ha ho letho le leng le ka re thabisang ho feta sena.” Ntate oa hae, eo qalong a neng a batla hore Victoria a ntše mpa, o re, “Rea shashabana ha re nahana hore re batlile re sa be le mora enoa oa rōna ea ratehang.”

Ak’u boele u nahane ka Monica, ea ileng a hana ho ntša mpa le hoja ’mè oa hae a ne a mo phehella hore a e ntše. O re: “Ka mor’a libeke tse peli mora oa ka a hlahile, ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova ’me ka ithuta seo ke lokelang ho se etsa e le hore ke phele tumellanong le melao ea Molimo ka ho feletseng. Ka mor’a nakoana, ke ile ka qala ho ruta mora oa ka, Leon, bohlokoa ba ho mamela Molimo, ’me ha nako e ntse e ea o ile a rata Molimo ka ho teba. Hona joale Leon ke molebeli ea tsamaeang oa Lipaki Tsa Jehova.”

Ha Leon a nahana ka seo ’mè oa hae a se entseng, o re: “Ho tseba hore o nthata hoo a ileng a mpha monyetla oa hore ke phele le hoja a ne a le tlas’a khatello e matla joalo, ho etsa hore ke batle ho phela ka tsela e molemo ka ho fetisisa e le hore ke bontše hore ke ananela mpho ena e babatsehang eo Molimo a mphileng eona.”

Ba bangata ba utloisisang pono ea Molimo ka bophelo ha ba e ikoahlaele qeto eo ba e entseng ea ho se bolaee bana bao hona joale ba ba ratang haholo. Ba ka bua ka lipelo tse tletseng thabo, ba re, “Ha rea ka ra ntša mpa!”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Haeba nakong eo lesea le hlahang maemo a tlama hore ho khethoe hore na ho phele ngoana kapa ’mè, batho ba amehang ka ho toba ke bona ba lokelang ho etsa qeto. Leha ho le joalo, ka lebaka la khatelo-pele e entsoeng mekhoeng ea phekolo linaheng tse ngata, hase hangata boemo bona bo bang teng.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Stephanie o ile a etsa qeto ka mor’a hore a bone setšoantšo sa lesea le likhoeli li peli leo a neng a le imme

(Mola o ekelitsoe)

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Victoria le Lance

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Victoria le Bill kajeno hammoho le Lance le ba lelapa la hae

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Monica le mora oa hae Leon ba ananela ka ho teba hore ebe ha aa ka a inehela khatellong ea hore a ntše mpa lilemong tse 36 tse fetileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela