Na U Lokela ho Tšoenyeha ka ho Qeta Nako e Ngata U le Letsatsing?
“Ha lera la ‘ozone’ le ntse le sesefala ho feta le ha batho lefatšeng lohle ba ntse ba batla litsela tsa ho ithabisa ka ho qeta nako e ngata ba le letsatsing, lingaka li tšoenyehile haholo ka maloetse a ka ’nang a bakoa ke ho qeta nako e ngata motho a pepesehetse mahlaseli a kotsi.”—DR. LEE JONG-WOOK, EO E NENG E LE MOTSAMAISI-KAKARETSO OA MOKHATLO OA LEFATŠE OA BOPHELO.
MONNA e mong ea lebala le khanyang oa Europe Leboea ea bitsoang Martin, o ile a khaleha moriting oa sekhele lebōpong la leoatle, Italy. Ha a tsoha, o ne a se a chabetsoe ke letsatsi ’me maoto a hae a se a se masoeu empa a retetse a bile a le bohloko. Martin o re: “Ke ile ka tlameha ho mathela sepetlele. Maoto a ka a ne a sataletse a bile a ruruhile ’me a tšoana le lisoseje tse peli. Ke ile ka qeta matsatsi a mabeli ho isa ho a mararo ke opeloa haholo. Ke ne ke sitoa ho ema ke bile ke sitoa ho koba maoto. Letlalo la ka le ne le sataletse hoo ke neng ke tšoha hore le tla taboha.”
Batho ba bangata ba lumela hore ke batho ba basoeu feela joaloka Martin ba lokelang ho tšoenyeha ka ho qeta nako e ngata ba le letsatsing. Empa le hoja batho ba lebala le letšo ba batla ba sa chesoe ke letsatsi haholo, le bona ba ntse ba ka tšoaroa ke kankere ea letlalo. Ba atisa ho qeta nako ba e-na le kankere, feela e sa bonahale ho fihlela e se e le boemong bo kotsi. Mathata a mang a bakoang ke ho qeta nako e ngata motho a le letsatsing a akarelletsa ho senyeha ha mahlo le tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, e leng mathata a ka ’nang a hlahella ka mor’a lilemo, tšenyo e se e etsahetse.
Ha e le hantle, mahlaseli a kotsi a batla a le matla le ho feta ha motho a le libakeng tse haufi le equator. Kahoo ba lulang libakeng tsa Tropike kapa tse haufi le tsona le ba eang libakeng tseo ba lokela ho itlhokomela ka ho khetheha. Lebaka le leng leo ka lona re lokelang ho ba hlokolosi ke hobane litlaleho li bontša hore lilemong tsa morao tjena lera la ozone le re sireletsang mahlaseling a kotsi le se le sesefetse. A re hlahlobeng tse ling tsa likotsi tse ka ’nang tsa tlisoa ke ho qeta nako e ngata haholo motho a le letsatsing.
Ho Senya Mahlo
Lefatšeng ka bophara batho ba ka bang limilione tse 15 ba foufalitsoe ke lera le sirang leihlo, e leng sona sesosa se itlhommeng pele sa bofofu. Lera lena le hlahisoa ke ha liprotheine tse ka leihlong li arohana ’me li etsa hlakantsutsu e sirang leihlo. Lera le sirang leihlo ke e ’ngoe ea lintho tse hlahisoang ke ha motho a pepesehela mahlaseli a kotsi ka nako e telele. Ha e le hantle, ho hakanngoa hore hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea batho ba nang le bothata bona, ba bo baketsoe ke ho qeta nako e ngata ba le letsatsing kapa bo mpefalitsoe ke hona.
Ka masoabi, libaka tse haufi le equator tseo batho ba bangata ba lulang ho tsona ba nang le bothata ba lera le sirang leihlo, li akarelletsa linaha tse tsoelang pele tseo boholo ba baahi ba teng ba futsanehileng. Kahoo, batho ba limilione ba futsanehileng ba Afrika, Amerika Bohareng, Amerika Boroa le Asia ba foufetse kaha ha ba na chelete ea ho etsa opereishene ea ho tlosa lera lena.
Ho Senya Letlalo
Motho a le mong ho ba bararo ba nang le kankere lefatšeng, o na le kankere ea letlalo. Selemo le selemo ho tlalehoa hore ho na le bakuli ba ka bang 130 000 ba tšoaroang ke mofuta o kotsi ka ho fetisisa oa kankere ea letlalo. ’Me kankere ea letlalo e tšoara batho ba bang ba pakeng tsa limilione tse peli le tse tharo. Ho hakanyetsoa hore ka selemo batho ba ka bang 66 000 ba bolaoa ke kankere ea letlalo.a
Letsatsi le senya letlalo joang? Phello e tloaelehileng le e tsebahalang ka ho fetisisa ea ho ba letsatsing nako e telele ke ea hore le u bechole kapa u retele. Liphello tse bang teng ha motho a qeta ho cha li ka nka matsatsi a seng makae ’me li ka ’na tsa akarelletsa ho tsoa libululoana le ho eboha letlalo.
Ha motho a becholoa ke letsatsi, mahlaseli a kotsi a bolaea lisele tse ka holimo tsa letlalo ’me a senya tse ka tlaase. Phetoho leha e le efe e bang teng ’maleng oa letlalo ha motho a ile a qeta nako e ngata a le letsatsing e bontša hore ho bile le tšenyo e itseng. Motho a ka tšoaroa ke kankere ha liphatsa tsa lefutso tsa DNA tse laolang tsela eo lisele tsa letlalo li hōlang li bileng li arohanang ka eona li senyeha. Khanya ea letsatsi e boetse e fetola boleng ba letlalo ’me ea le rephisa. Sena se etsa hore motho a be masoebe a sa le monyenyane esita le ho tetetseha le feela.
Ho Senya Tsamaiso ea ’Mele ea ho Itšireletsa
Liphuputso li bontšitse hore ha mahlaseli a kotsi a kena a le mangata letlalong, seo se sitisa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung hore e sebetse hantle lithong tse itseng tsa ’mele. Sena se ka ’na sa fokotsa matla a ’mele a ho loantša mafu a itseng. Hoa tsebahala hore esita le ho qeta nakoana feela motho a le letsatsing, seo se ka mo beha kotsing ea ho tšoaetsoa ke libaktheria, li-fungus, likokoana-hloko, kapa livaerase. Batho ba bangata ba hlokometse hore ha ba bile letsatsing ba tsoa liso kapa makhopho molomong. Tlaleho ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo e hlalosa hore mahlaseli a mang a kotsi a bitsoang UVB, “e ka ’na eaba a fokolisa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung—’me ha motho a tsoile liso molomong, a sitisa ’mele ho loantša livaerase tse li bakang, e leng se fellang ka hore tšoaetso e ’ne e ipheta-phete.”
Kahoo, letsatsi le ka senya letlalo ka litsela tse peli tse ka bakang kankere. Ea pele, le ka senya DNA ka ho toba la ntan’o fokotsa matla a ’mele a ho ipholisa.
Re lokela ho ba hlokolosi ’me re qobe ho qeta nako e ngata re le letsatsing. Ka sebele bophelo ba rōna bo ka ba kotsing.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba Tsoha! ea June 8, 2005, leqepheng la 3-10, moo ho tšohloang kankere ea letlalo.
[Lebokose le leqepheng la 11]
KAMOO U KA ITŠIRELETSANG KATENG
◼ Fokotsa nako eo u e qetang u le letsatsing lihoreng tsa motšehare, pakeng tsa hora ea leshome hoseng le ea bone thapama, nakong eo mahlaseli a kotsi a leng matla ka ho khetheha.
◼ Leka ho lula u le moriting.
◼ Apara liaparo tse sa bonaletseng tse u koahelang matsoho le maoto, ’me li sa u tiise.
◼ Roala katiba e khōlō e u sireletsang mahlo, litsebe, sefahleho le ka morao molaleng.
◼ Roala likhalase tsa letsatsi tsa boleng bo botle tse sireletsang mahlo le ka mahlakoreng, tse thibelang karolo ea 99 lekholong ea mahlaseli a kotsi a UVA le a UVB kapa tse a thibelang ka ho feletseng, ’me seo se tla fokotsa monyetla oa hore mahlo a senyehe.
◼ Inyete ka setlolo se sireletsang letlalo ka mor’a lihora tse ling le tse ling tse peli, bonyane se nang le tekanyo ea SPF 15.
◼ Kaha mechine e etsang hore letlalo le be lesoothoana e sebelisa mahlaseli a kotsi, a ka senyang letlalo, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o khothalletsa batho ho e qoba.
◼ Ela hloko hore u sireletse bana ba banyenyane, kaha letlalo la bona le boi.
◼ Le ka mohla, u se ke ua khaleha letsatsing.
◼ Haeba u tsoa letheba le u tšoenyang, e ea ngakeng.