Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/09 leq. 28
  • Hlomella Bana ba Hao Hantle Bophelong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlomella Bana ba Hao Hantle Bophelong
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TV—Na ke Lesholu la Nako?
    Tsoha!—2006
  • Ho Sebelisa Thelevishene ka Bohlale
    Tsoha!—2000
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Finyellang Pelo ea Ngoana oa lōna ho Tloha Boseeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 6/09 leq. 28

Hlomella Bana ba Hao Hantle Bophelong

KA MONGOLI OA TSOHA! CANADA

◼ Koranta ea The New York Times e re, “Thelevishene e ka ba thulusi e ntle ea ho ruta.” Empa “ha bana ba qeta lihora ba shebelletse thelevishene seo sea ba lematsa ’meleng le kelellong,” se ba tima monyetla oa ho etsa lintho tse ka ba thusang ho iqapela lintho, ho ithuta le ho sebelisana le ba bang.

Koranta eo e re ka mor’a hore bafuputsi Sepetleleng sa Bana se Seattle, Washington, U.S.A., ba lekole tsela eo bana ba 2 500 ba shebellang thelevishene ka eona, “ba ile ba fumana hore bana ba nang le selemo ho isa ho tse tharo ba qetang nako e ngata ba shebelletse TV, ba thatafalloa ho tsepamisa mohopolo ha ba le lilemo li supileng.” Bana bao ba ne ba le mabifi ’me e le lifela-peloana ba bile ba thatafalloa ho tsepamisa mohopolo nako e telele. Dr. Jane M. Healy, eo e leng setsebi sa kelello se sebetsanang le mathata a ho ithuta o re “batsoali ba bangata bao bana ba bona ba fumanoeng ba e-na le bothata ba ho tsepamisa mohopolo nako e telele ba hlokometse hore boemo ba bona boa ntlafala ka mor’a hore ba ba hanele ho shebella thelevishene.”

Batsoali ba ka etsa’ng e le hore ba fokotse nako eo bana ba bona ba e qetang ba shebelletse thelevishene? Tlaleho eo e ile ea fana ka litlhahiso tse latelang: Behela ngoana nako ea ho shebella thelevishene ’me u e lekanyetse. Qoba ho etsa hore thelevishene e be eona e u hlokomellang ngoana. Ho e-na le hoo, ha ho khoneha sebetsa le eena ha u etsa mesebetsi ea lelapa. Khetha mananeo ao a ka a shebellang, ’me u time thelevishene ha a fela. Ha ho khoneha, shebella le eena mananeo ao u a khethileng ’me le bue ka seo le se shebelletseng. Qetellong, lekanyetsa nako eo u e qetang u shebelletse thelevishene.

Ho ruta bana hore ba khone ho iqapela lintho le hore ba tsebe ho sebelisana le batho ba bang ho nka nako, ’me ho hloka boikemisetso le boitaeo. Boiteko boo hase letho ha bo bapisoa le liphello tse ntle tse bang teng. Sena se lumellana le maele a boholo-holo, a reng: “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) Ntlha ea bohlokoa koetlisong e joalo ke ho ruta bana melao-motheo e loketseng ea boitšoaro.

Batsoali ba Lipaki Tsa Jehova ba sebelisa ka katleho buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo ho ruta bana ba bona boitšoaro bo amohelehang. Ka sebele, ho ba le liphello tse ntle ha batsoali ba buisana le bana ba bona ka bolokolohi ’me ba ba hlokomela ka lerato. Ha ho letho le khotsofatsang batsoali ho feta ho bona bana ba bona ba hōla ’me e ba batho ba hlomphehang le ba nang le boikarabelo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela