Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/09 maq. 28-29
  • Na ke Phoso ho Fetola Bolumeli ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Phoso ho Fetola Bolumeli ba Hao?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Batla ’Nete ea Bolumeli
  • Ho Tšepahala ho Molimo le ho ba Lelapa
  • Ho Hlōla Tšabo
  • Na U Fumane Bolumeli bo Nepahetseng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Borapeli Boo Molimo a bo Amohelang
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na Molimo o Tla Pele Lapeng la Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 7/09 maq. 28-29

Pono ea Bibele

Na ke Phoso ho Fetola Bolumeli ba Hao?

Ha Avtar a qala ho ithuta Bibele, lelapa labo la Masikhe le ile la utloa bohloko. O re: “Ha u fetola bolumeli naheng ea heso, sechaba sea u khesa. Esita le mabitso a rōna ke a bolumeli. Ha u fetohela bolumeling bo bong, ho nkoa hore u lahla setso le hore u hlompholla lelapa.”

QETELLONG Avtar e ile ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Na o ne a fositse ha a fetola bolumeli? Mohlomong u ikutloa joaloka ba lelapa labo. E ka ’na eaba u nka hore bolumeli ba hao ke karolo ea histori le setso sa lelapa leno ’me ha ua lokela ho bo fetola.

Ke habohlokoa hore motho a hlomphe ba lelapa labo. Bibele e re: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng.” (Liproverbia 23:22) Empa ke habohlokoa le ho feta hore re batle ho tseba ’nete ka ’Mōpi oa rōna le ka merero ea hae. (Esaia 55:6) Na re ka khona ho tseba ’nete ee? Haeba re ka khona, ke habohlokoa hakae hore u e tsebe?

Ho Batla ’Nete ea Bolumeli

Malumeli a lefatše a ruta lithuto tse hanyetsanang. Ka ho utloahalang, hase kaofela ha tsona e leng ’nete. Kahoo, e tlameha ebe ho na le batho ba bangata bao ho ea ka Bibele ‘ba chesehelang Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.’ (Baroma 10:2) Empa joalokaha ho tlalehiloe ho 1 Timothea 2:4, moapostola Pauluse o re thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle . . . ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” Tsebo ee e nepahetseng e ka fumanoa joang?

Nahana ka mabaka a latelang ao re lokelang ho hlahloba Bibele ka ’ona. Pauluse, e leng mongoli oa Bibele ea neng a bululetsoe, o ile a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta.” (2 Timothea 3:16) Ha u ntse u batla ’nete, hlahloba bopaki ba hore seo Bibele e se bolelang ke ’nete. Batlisisa bohlale bo ka ho eona bo ke keng ba bapisoa, ho nepahala ha eona litabeng tsa histori le boprofeta ba eona bo seng bo phethahetse.

Ho e-na le ho hlalosa hore Molimo o amohela malumeli ’ohle, Bibele e bolella babali ba eona hore ba se ke ba lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, empa ba ‘leke lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo.’ (1 Johanne 4:1) Ka mohlala, thuto leha e le efe eo ka sebele e simolohang ho Molimo e lokela ho lumellana le seo a leng sona, ho akarelletsa le tšobotsi ea hae e hlaheletseng, e leng lerato.—1 Johanne 4:8.

Bibele e re tiisetsa hore Molimo o batla hore ‘ka sebele re mo fumane.’ (Liketso 17:26, 27) Kaha ’Mōpi oa rōna o batla hore re fumane ’nete, hase phoso ha re nka bohato tumellanong le bopaki boo re bo fumanang—esita le haeba seo se bolela hore re fetole bolumeli. Empa re ka etsa’ng ka mathata a ka ’nang a tlisoa ke see?

Ho Tšepahala ho Molimo le ho ba Lelapa

Ha batho ba fetola bolumeli ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ha ba sa tla hlola ba kenella meketeng e itseng ea bolumeli kapa matsatsing a phomolo. Ka ho utloahalang, sena se ka ’na sa baka tsitsipano ka lapeng. Jesu o ne a tseba sena. O ile a bolella balateli ba hae, a re: “Ke tletse ho baka karohano, ho motho khahlanong le ntat’ae, le morali khahlanong le ’m’ae, le mosali e mocha khahlanong le ’m’ae matsale.” (Matheu 10:35) Na Jesu o ne a bolela hore lithuto tsa Bibele li reretsoe ho ba sesosa sa khopiso se ke keng sa qojoa? Che. O ne a mpa a bolela esale pele se neng se ka etsahala ha litho tse ling tsa lelapa li hanyetsa setho se amohelang lithuto tsa bolumeli bo bong.

Na motho a ka qoba khohlano ka hohle-hohle ka lapeng? Bibele e ruta hore bana ba lokela ho mamela batsoali ’me basali ba ipehe tlas’a banna ba bona. (Baefese 5:22; 6:1) Leha ho le joalo, e laela ba ratang Molimo hore ba ‘mamele Molimo e le ’musi ho e-na le batho.’ (Liketso 5:29) Kahoo, ka linako tse ling, ha u tšepahala ho Molimo u ka ’na ua tlameha ho etsa qeto eo litho tse ling tsa lelapa li sa e rateng.

Le hoja Bibele e hlalosa ka ho hlaka phapang e teng pakeng tsa lithuto tsa ’nete le tsa bohata, Molimo o lumella motho ka mong hore a ikhethele seo a se lumelang. (Deuteronoma 30:19, 20) Ha ho motho ea lokelang ho qobelloa hore a rapele ka tsela eo a sa e rateng kapa a behoe boemong boo a lokelang ho khetha pakeng tsa bolumeli le lelapa. Na ho ithuta Bibele ho qhala malapa? Che. Ha e le hantle, Bibele e khothalletsa banna le basali bao balekane ba bona ba seng bolumeling bo le bong le bona hore ba se ke ba arohana.—1 Bakorinthe 7:12, 13.

Ho Hlōla Tšabo

U ka ’na ua tšoha hore na batho ba motse ba tla re’ng ha u ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Mariamma o re: “Ba lelapa leso ba ne ba tšoenyehile ka hore ha ke na ho fumana monna ea loketseng ea tla ntlhokomela. Kahoo ba ne ba nkhanyetsa ha ke ithuta Bibele.” Mariamma o ile a tšepa Jehova Molimo eaba o tsoela pele ho ithuta. (Pesaleme ea 37:3, 4) Le uena u ka etsa se tšoanang. Ho e-na le ho tšoha se ka ’nang sa etsahala, nahana ka melemo eo u tla e rua. Molaetsa oa Bibele o ntlafatsa tsela eo batho ba phelang ka eona le botho ba bona. Batho ba ithuta ho bontša ba malapa a bona lerato le se nang boithati. Batho ba ka hlōla mekhoa e mebe e kang ho khahlapetsa ba bang ka mantsoe, ho loana, ho noa ho tlōla le ho sebelisa lithethefatsi hampe. (2 Bakorinthe 7:1) Bibele e khothalletsa batho ho ba le litšobotsi tse ntle tse kang botšepehi le mafolofolo. (Liproverbia 31:10-31; Baefese 4:24, 28) Ke hobane’ng ha u sa ithute Bibele ’me u bone melemo ea ho sebelisa lithuto tsa eona bophelong ba hao?

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Ke hobane’ng ha u lokela ho hlahloba lithuto tsa bolumeli ba hao?—Liproverbia 23:23; 1 Timothea 2:3, 4.

◼ U ka khetholla lithuto tsa ’nete joang?—2 Timothea 3:16; 1 Johanne 4:1.

◼ Na khanyetso ea ba lelapa e lokela ho u thibela ho ithuta Bibele?—Liketso 5:29.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Molaetsa oa Bibele o ntlafatsa tsela eo batho ba phelang ka eona le botho ba bona

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Mariamma le monna oa hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela