Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/09 leq. 3
  • Ho Tšoaroa Joalokaha Eka ha U Motho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšoaroa Joalokaha Eka ha U Motho
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla ba Teng Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Khethollo—Bothata bo Aparetseng Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Na U Tlas’a Khatello ea Leeme?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Utloisisa Sesosa sa Lehloeo le Khethollo
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 8/09 leq. 3

Ho Tšoaroa Joalokaha Eka ha U Motho

“Ha ke qala ho ea sekolong sa praemari, Spain, bana ba bang ka tlelaseng ba ne ba mpitsa ka mabitso-bitso, kaha ke ne ke le mokhutšoanyane ho bona. Hoo e batlang e le letsatsi le leng le le leng ke ne ke ea hae ke lla.”—Jennifer, eo batsoali ba hae ba tsoang Philippines.

“Ha ke ea sekolong se secha, bana bao ke kenang le bona ba basoeu ba ne ba ntšoma ka mabitso-bitso. Ke ne ke tseba hore ba batla ho nqholotsa hore ke loane. Empa ke ne ke itšoara, le hoja seo se ne se nkutloisa bohloko se bile se etsa hore ke ikutloe eka ke mokhelo.”—Timothy, eo e leng Moamerika oa Moafrika.

“Ha ke le lilemo li supileng, batho ba morabe oa Maigbo le oa Mahausa, Nigeria, ba ile ba qabana. Ke ile ka susumetsoa ke tsela eo ba hloeaneng ka eona, ’me ka qala ho soma moshanyana e mong oa Lehausa ka tlelaseng, le hoja e ne e le motsoalle oa ka.”—John, oa Leigbo.

“’Na le moromuoa-’moho le ’na re ne re ntse re buisana le baahelani ba rōna ka molaetsa oa Bibele, ha bana ba bang ba khothalelitsoeng ke moruti e mong oa moo ba re sala morao ’me ba re betsa ka majoe. Moruti eo o ne a batla hore re tlohe motseng oo.”—Olga.

NA BA bang ba kile ba u tlosa seriti ka ho u khetholla, ka lebaka la leeme? Mohlomong ba ne ba u khetholla joalo ka lebaka la ’mala oa letlalo, bolumeli ba hao, maemo a hao moruong, bong ba hao, kapa esita le lilemo tsa hao. Batho ba khetholloang ba phela ba tšohile hore ba tla lula ba tšoaroa hampe. Ba ka ’na ba apareloa ke tšabo ha ba tlameha ho feta sehlopha sa batho ba itseng, ho ea lebenkeleng, ho ea sekolong se secha kapa ho ea ’mokeng oa boithabiso.

Ho phaella moo, batho ba hloiloeng le ba khetholloang ba ka ’na ba sokola mosebetsi, kapa ba se ke ba hlokomeloa hantle litabeng tsa meriana, ba fuoa thuto ea boleng bo tlaase, ’me ba tingoa menyetla e itseng sechabeng le litokelo tse itseng tsa molao. Ha khethollo e lumeletsoe ka molao, seo se ka lebisa liketsong tse sehlōhō tse joaloka ho hloekisoa ha merabe le ho e hlasela ka sepheo sa ho e timetsa. Mohlala oa boholo-holo oa motho ea ileng a leka ho timetsa morabe o mong o fumanoa bukeng ea Bibele ea Esthere. Ela hloko kamoo lehloeo le khethollo li tlatselitseng kateng tabeng ena.—Esthere 3:5, 6.

Leeme le khethollo li ka ’na tsa e-ba teng esita le libakeng tseo ho nang le melao e khahlanong le tsona. Eo e kileng ea e-ba Mokomishinara e Moholo oa Litokelo Tsa Botho oa Machaba a Kopaneng o re: “Lilemo tse mashome a tšeletseng ka mor’a hore ho amoheloe Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho . . . , melao-motheo ea teka-tekano le ho se khethollane e ntse e e-s’o sebetse bathong bohle.” Taba ena ea tšoenya, hobane linaheng tse ngata, bajaki le baphaphathehi ba ntse ba eketseha.

Kahoo, na taba ea hore ho tla ke ho be le teka-tekano ke toro feela? Kapa na lehloeo le khethollo li ka felisoa? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela