Tsa Mona le Mane
◼ “Morao tjena likoluoa tse robong ho tse ling le tse ling tse leshome li amana le tlelaemete. Lenane la likoluoa tse tlalehiloeng le imenne habeli ho tloha ho tse 200 ka selemo ho ea ho tse 400 ka selemo, lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng.”—JOHN HOLMES, E LENG LETSOHO LA MONGOLI-KAKARETSO OA MACHABA A KOPANENG LEFAPHENG LA LIPHALLELO LE MOHOKAHANYI OA THUSO MAEMONG A TŠOHANYETSO.
Litokelo Tsa Botho Tsa Matsoalloa a Mexico
Hona joale Phatlalatso ea Machaba a Kopaneng ea Litokelo Tsa Matsoalloa, e amohetsoeng ka 2007, e se e fetoletsoe ka Semaya le Senahuatle, e leng lipuo tse buuoang ke boholo ba matsoalloa a Mexico. Koranta ea El Universal e re: “Bonyane batho [ba Mexico] ba ka bang limilione tse 10 ha ba tsebe litokelo tsa bona. Ka hona hangata ha ba elelloe le ha ba hlekefetsoa.” Ho boleloa hore ho fetoleloa ha tokomane ena ho tla thusa batho bana hore ho hlomphuoe litokelo tsa bona tsa mantlha.
Ba Rekisa Boroetsana ba Bona le Bohlankana
Makasine ea Newsweek Polska e tlaleha hore tsela eo bacha ba bang ba Poland ba ikemiselitseng ho rekisa boroetsana ba bona le bohlankana ba bona ka eona e makatsa litsebi tsa kahisano. Jacek Kurzępa eo e leng setsebi sa kelello Univesithing ea Zielona Góra, o re: “Hohle moo bacha ba tsamaeang teng ba utloa molaetsa o tšoanang oa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea rekisoa.” Ba bangata ba bona ba bile ba bapatsa boroetsana ba bona le bohlankana ba bona Inthaneteng. Leha ho le joalo, bacha ba khethang ho etsa seo ba kotula litholoana tse babang. Kurzępa o re: “Qeto eo e ama [motho] bophelo bohle ba hae le tsela eo a tla phela ka eona le molekane oa hae nakong e tlang.”
Sebaka sa Amazon e Kile ea e ba Metse ea Litoropo
Sebaka se seholo se ka boroa ho Amazonia seo ho neng ho lumeloa hore ke sa meru ea tlhaho, e ka ’na eaba e kile ea e ba metse ea litoropo “e neng e pota-potiloe ke marako a maholo.” Qeto ena e entsoe ke litsebi tse ithutetseng tsela eo batho ba phelang ka eona tse sebetsang Mato Grosso, Brazil. Li ile tsa sibolla “metse le metsana e neng e pota-potiloe ke marako” sebakeng se ka bang boholo ba lisekoere k’hilomithara tse 30 000, morung o lulang o le matalana. Metse e meng e ne e ka ba boholo ba lihekthere tse 60. Tlaleho e ntšitsoeng ke Univesithi ea Florida, eo litsebi tsa eona li sibolotseng metse eo, e bontša hore e “bile teng hoo e ka bang ka 1250 ho ea ho 1650, e leng nakong eo e ka ’nang eaba baahi ba bangata ba metse eo ba ile ba bolaoa ke bo-ralikolone ba Europe le mafu ao ba tlileng le ’ona.”
Limela li Thusa Bakuli Hore ba Fole Kapele ha ba Qeta ho Buuoa
Ke khale ho nahanoa hore lintho tsa tlhaho li ka fokoletsa batho ho imeloa kelellong, tsa etsa hore ba ikutloe ba thabile ’me tsa kokobetsa le mahlaba. Phuputso e ’ngoe ea morao tjena e netefalitse taba ena. Tlaleho ea Science Daily e re: “Bakuli ba sa tsoa buuoa ba ile ba kenngoa ka likamoreng tse fapaneng tsa sepetlele, tse ling li ne li e-na le limela ’me tse ling li se na tsona.” Bakuli ba ka likamoreng tse nang le limela ba ne ba sa opeloe haholo, ba sa hloke meriana e kokobetsang bohloko hakaalo, lipelo li otla hantle le mali a phalla hantle ’me ba re ba khotsofaletse likamore tsa bona ho feta bakuli ba se nang limela. Ba etsang karolo ea 93 lekholong ea ba neng ba e-na le limela ba re ke eona “ntho eo ba e ratileng ka ho fetisisa” ka likamore tsa bona.