Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/09 leq. 3
  • Mohato oa 1: Etelletsang Lintho Tsa Bohlokoa Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohato oa 1: Etelletsang Lintho Tsa Bohlokoa Pele
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha le E-na le Maikutlo a Fapaneng
    Se ka Thusang Lelapa
  • Ho Tloaelana ho Feta Tekanyo
    Tsoha!—2013
  • Ke’ng e ka Thusang Banyalani ba Holileng Hore ba se ke ba Hlalana?
    Se ka Thusang Lelapa
  • Mohato oa 6: Tšoarelanang
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 10/09 leq. 3

Mohato oa 1: Etelletsang Lintho Tsa Bohlokoa Pele

“Nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo.”​—Bafilipi 1:10.

Se boleloang ke sena. Manyalong a atlehileng, molekane ka mong o etelletsa pele seo molekane e mong a se hlokang ho e-na le seo eena a se hlokang, lintho tseo a nang le tsona, mosebetsi, metsoalle esita le beng ka eena. Monna le mosali ba qeta nako e ngata ba le hammoho ba bile ba e-na le bana. Ka bobeli ba ikemiselitse ho itela molemong oa lelapa.—Bafilipi 2:4.

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa? Bibele e bontša hore lelapa ke la bohlokoa haholo. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o ile a ngola a re motho ea sa hlokomeleng ba lelapa la hae “o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Empa ha nako e ntse e ea, lintho tseo motho a li nkang e le tsa bohlokoa li ka ’na tsa fetoha. Ka mohlala, moeletsi e mong oa malapa o ile a hlokomela hore ba bangata ba neng ba le teng sebokeng seo a neng a se tšoere, ba ne ba bonahala ba amehile haholo ka mosebetsi ho feta malapa a bona. O re ho ne ho bonahala eka ba lebeletse ho ithuta ‘tsela ea ho rarolla mathata a lelapa ka potlako e le hore ba tsebe ho ikhutlella mesebetsing ea bona.’ Re ithuta’ng ho see? Ho bonolo ho bolela hore re etelletsa ba malapa a rōna pele ho e-na le ho bontša seo.

Ak’u leke sena ho itlhahloba. Araba lipotso tse latelang e le hore u bone hore na u nka ba lelapa la hao e le ba bohlokoa hakae.

◼ Ha molekane oa ka kapa ngoana a batla ho bua le ’na, na ke mo mamela hang ha ke fumana nako?

◼ Ha ke bua le ba bang ka lintho tseo ke li etsang, na ke atisa ho bua ka lintho tseo ke li etsang le ba lelapa la ka?

◼ Na nka hana ho amohela boikarabelo bo eketsehileng (mosebetsing kapa sebakeng se seng) haeba ba lelapa la ka ba hloka nako eo?

Haeba u arabetse lipotso tse ka holimo ka e, u ka ’na ua nka hore u etelletsa lintho tsa bohlokoa pele. Empa molekane oa hao le bana bona ba ne ba tla araba lipotso tsee joang? Lintho tseo re li etelletsang pele ha lia itšetleha feela ka hore na rōna re re’ng. Molao-motheo ona o boetse oa sebetsa le mehatong e meng e lebisang katlehong, e tlil’o tšohloa maqepheng a latelang.

Ikemisetse. Nahana ka ntho e le ’ngoe kapa tse peli tseo u ka li etsang ho bontša hore u etelletsa ba lelapa la hao pele. (Ka mohlala: Nahana ka ho fokotsa nako eo u e qetang u etsa lintho tse u nkelang nako eo u ka beng u e sebelisa hamolemo u e-na le molekane oa hao le bana.)

Re u khothalletsa hore u buisane le ba lelapa la hao ka lintho tseo u ikemiselitseng ho li etsa. Ha e mong ka lapeng a bontša hore o ikemiselitse ho fetoha, ba bang le bona ba ka ’na ba rata ho mo etsisa.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Motsoali ea atlehang o nka molekane oa hae le bana e le ba bohlokoa haholo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela