Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/09 maq. 4-8
  • Na bo Qapiloe ka Morero Kapa bo Bile Teng Feela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na bo Qapiloe ka Morero Kapa bo Bile Teng Feela?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphello Tse Hlahisitsoeng ke Thuto ea Darwin
  • Na ho Hlophisoa ha Bona ke Bopaki ba Hore bo Qapiloe ka Morero?
  • ‘Re Mpa re le Teng Feela’
  • Batho ba na le Temoho
  • Na ho na le Tlhaloso e ’Ngoe?
  • Lebaka la Hore Bo-rasaense ba Bang ba Lumele ho Molimo
    Tsoha!—2004
  • Ho se Lumele ha Kajeno Na ho Batla ho Lokela ho Tsoela Pele?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Bokahohle le Bophelo li Bile Teng Joang?
    Tsoha!—2002
  • Na ke ho Utloahalang ho Lumela ho Molimo?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 12/09 maq. 4-8

Na bo Qapiloe ka Morero Kapa bo Bile Teng Feela?

Ka 1802, moruti e mong oa Lenyesemane eo e neng e bile e le setsebi sa thuto ea bolumeli, ea bitsoang William Paley o ile a qaqisa mabaka ao ka ’ona a lumelang hore ’Mōpi o teng. O ile a bolela hore ha a ne a ka fumana lejoe ha a ntse a tsamaea hlatheng, ka ho utloahalang, o ne a ka ’na a fihlela qeto ea hore le bile moo ka lebaka la tšebetso ea tlhaho. Empa haeba a ne a ka fumana oache moo, o ne a ke ke a fihlela qeto e tšoanang. Hobane’ng? Hobane oache e na le matšoao a bontšang hore e entsoe le hona e le ka morero.

MAIKUTLO a Paley a ile a susumetsa Charles Darwin haholo, eo e neng e le setsebi sa histori ea lintho tsa tlhaho. Leha ho le joalo, ho fapana le khopolo e utloahalang ea Paley, hamorao Darwin o ile a bolela hore tsela eo ho bonahalang eka lintho tse phelang li entsoe ka eona e ka hlalosoa ka seo a ileng a se bitsa “tsela ea tlhaho eo lintho li phonyohang ka eona ha tse ling li ntse li nyamela.” Ba bangata ba ile ba nka hore khopolo ea Darwin ea ho iphetola ha lintho ke eona e hlileng e hlalosang lebaka leo ka lona thuto ea hore lintho li entsoe e fosahetseng.

Ho ngotsoe lintho tse ngata ka taba ena ho tloha mehleng ea Paley le Darwin. Mabaka a tšehetsang thuto ea hore lintho tsohle tse teng li qapiloe le a tšehetsang thuto ea hore li ’nile tsa phonyoha feela ka tsela ea tlhaho ha tse ling li ntse li nyamela, a ’nile a hlalosoa bocha, a qaqisoa haholoanyane ’me a ntlafatsoa. Mabaka a tšehetsang mahlakore ao ka bobeli a ’nile a susumetsa ka matla seo batho ba se lumelang tabeng ea hore na bokahohle bo na le morero kapa che. Seo u se lumelang se ka ’na sa susumetsa tsela eo u nkang hore bophelo ba hao bo na le morero ka eona. Ka tsela efe?

Liphello Tse Hlahisitsoeng ke Thuto ea Darwin

Thuto ea Darwin e entse hore batho ba bangata ba lipelo li ntle ba fihlele qeto ea hore bophelo ba bona ha bo na morero oa sebele. Haeba bokahohle le lintho tsohle tse ho bona li bile teng ka lebaka la ho kopana ha metsoako ka mor’a ho phatloha ho hoholo ho etsahetseng qalong, joale e tlameha ebe bophelo ha bo na morero. Mofu Jacques Monod eo e neng e le setsebi sa baeloji, ea ileng a hapa Khau ea Nobel, o ile a re: “Qetellong motho oa tseba hore ke eena feela ea nang le maikutlo bokahohleng bona bo boholo bo se nang maikutlo, boo a hlahileng ho bona ka tšohanyetso. Ha ho moo qetello ea hae e boletsoeng ka ho hlaka, esita le mosebetsi oa hae.”

Moprofesa oa k’hemistri oa Oxford ea bitsoang Peter William Atkins, o lumellana le maikutlo ao, ’me o re: “Ke nka hore bokahohle bona bo hlollang boa babatseha ebile bo botle ka tsela e ikhethang. Botle boo bo itja feela ’me ha bo na thuso.”

Hase bo-rasaense bohle ba lumellanang le maikutlo ao. ’Me e le ka mabaka a utloahalang.

Na ho Hlophisoa ha Bona ke Bopaki ba Hore bo Qapiloe ka Morero?

Ha ba hlahloba melao e sebetsang linthong tsa tlhaho, bafuputsi ba bangata ba sitoa ho lumela khopolo ea hore bokahohle ha bo na morero. Ka mohlala, ba khahloa ke matla a motheo a laolang bokahohle. Ho bonahala eka melao e tsamaisang matla ana e hlophisitsoe hantle e le hore ho be le bokahohle bo ka thusang lintho hore li phele. Paul Davies eo e leng setsebi sa filosofi ea litaba tsa bokahohle, o re: “Ho fetola melao e teng esita le hanyenyane feela ho ne ho ka hlahisa liphello tse kotsi haholo.” Ka mohlala, haeba liprothone li ne li ka feta linyutrone hanyenyane ka boima, ho fapana le hore ebe linyutrone ke tsona tse fetang liprothone hanyenyane ka boima, liprothone tsohle li ne li tla fetoha linyutrone. Na ho ne ho tla ba hobe hakaalo? Davies o re: “Haeba liprothone hammoho le matla a tsona a bohlokoa a motlakase li ne li le sieo, liathomo li ne li ke ke tsa e-ba teng.”

Matla a khoheli a nang le motlakase a hulela lielektrone ho liprothone, e leng se etsang hore ho be le limolek’hule. Haeba matla ana a ne a ka fokola haholo, ho ne ho se na ntho e tla tšoara lielektrone ha li ntse li potoloha motheo oa athomo, ’me limolek’hule li ne li ke ke tsa e-ba teng. Haeba ka lehlakoreng le leng, matla ana a ne a le matla ho feta, lielektrone li ne li tla khomarela motheong oa athomo. Ka tsela eo, lik’hemik’hale li ne li ke ke tsa kopana ’me lintho li ne li ke ke tsa phela.

Ho fetoha ho se hokae ha matla a khoheli a nang le motlakase ho ne ho tla ama letsatsi le matla a lona a fihlang ho rōna mona lefatšeng. Phetoho eo e ne e tla thatafaletsa limela ho iketsetsa lijo kapa e etse hore li se ke tsa khona ho li etsa. Kahoo matla a lekaneng a khoheli a nang le motlakase ke ’ona a rerang hore na lintho li tla phela lefatšeng kapa che.a

Buka e bitsoang Science & Christianity—Four Views e etsa papiso e thahasellisang e bontšang kamoo matla le metsoako e bokahohleng e leka-lekantsoeng ka hloko kateng. Mongoli o kōpa babali hore ba nahane ka mofuputsi ea etelang sebakeng se inahaneloang “seo ho sona ho laoloang bokahohle.” Ha a le moo, mofuputsi eo o bona mechine e mengata e ka seteloang boemong leha e le bofe ’me oa hlokomela hore mochine ka mong o lokela ho seteloa boemong bo loketseng e le hore lintho li phele. O mong o seteloa ho laola matla a khoheli, o mong ho laola matla a khoheli a nang le motlakase, ha o mong o laola boima ba linyutrone le ba liprothone, joalo-joalo. Ha mofuputsi eo a ntse a hlahloba mechine ena e mengata, oa hlokomela hore e ne e ka ’na ea seteloa maemong a sa tšoaneng. Ka mor’a ho hlahlobisisa lintho ka hloko, oa elelloa hore esita le ho fetola hanyenyane feela tsela eo mechine ena e setiloeng ka eona, ho ne ho tla fetola tsela eo bokahohle bo sebetsang ka eona hoo lintho li neng li tla khaotsa ho phela. Empa mochine ka mong o setiloe ka tsela e loketseng, e le hore lintho li sebetse hantle bokahohleng ’me li khone ho phela ho bona. Moeti eo o lokela ho fihlela qeto efe mabapi le kamoo mechine eo e setiloeng kateng?

Setsebi sa linaleli se bitsoang George Greenstein se re: “Ha re ntse re hlahloba bopaki bohle, ho ile ha ’na ha salla taba ea hore e tlameha ebe ho na le matla a itseng a phahametseng a tlhaho, kapa ha e le hantle ho na le Moqapi. Na ho ka etsahala hore ebe ka tšohanyetso, re ne re sa rera, re fumane bopaki ba saense bo bontšang hore ho na le Ea Phahameng ka ho Fetisisa?”

U nahana’ng ka see? Ke tlhaloso efe e lumellanang hantle le tlhophiso e bonahalang bokahohleng? Na ke ea hore bo qapiloe ka morero kapa bo bile teng feela ntle ho morero?

‘Re Mpa re le Teng Feela’

Ke ’nete hore batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng ba na le mabaka ao ba hanyetsang ka ’ona. Ba bang ba latola tlhophiso e teng linthong tsa tlhaho, ba re: ‘Ke ’nete hore bokahohle bo bonahalang bo khona ho thusa batho hore ba phele. Ho seng joalo, re ka be re le sieo, re sa tšoenyehe ka bona. Kahoo ha ho letho le ka hlalosoang. Re mpa re le teng feela.’ Empa na u utloa lebaka lee leo ho hlalosoang boteng ba rōna ka lona le utloahala?

Lebaka le leng ke hore ka le leng la matsatsi ho tla ba le bopaki bo bontšang hore e ka ’na eaba ho na le tsela e le ’ngoe feela eo lintho tsa tlhaho li sebetsang ka eona, eo ka eona ho ka hlalosoang melao ea motheo ea tlhaho. Seo se bolela hore mechine e boletsoeng pejana e ile ea tlameha ho setoa ka tsela e loketseng e le hore bokahohle bo be teng. Ba bang ba re, ‘Ho joalo hobane ho ne ho lokela hore ho be joalo!’ Esita le haeba lebaka lena le sa utloahaleng e ne e le ’nete, le ntse le ke ke la hlalosa ka ho feletseng hore na ke hobane’ng ha re le teng. Ka bokhutšoanyane, na ho tlile ka tšohanyetso feela hore ebe bokahohle bo teng ebile bo thusa lintho hore li phele?

Ba bang ba retelehela ho se ’nileng sa bitsoa khopolo ea hore ho na le mefuta e mengata ea bokahohle, e le ha ba leka ho hlalosa hore bokahohle bo entsoe ’me ba hlophisoa ke tšebetso ea matla a tlhaho feela. Ho latela khopolo-taba ena, mohlomong re phela ho o mong oa mefuta e mengata ea bokahohle—eo kaofela e nang le maemo a sa tšoaneng, empa ho se na o nang le morero kapa o entsoeng. Joale ho latela khopolo eo le melao ea se ka ’nang sa etsahala, haeba ho na le mefuta e lekaneng ea bokahohle, qetellong o mong oa eona o lokela ho ba le maemo a loketseng ho etsa hore lintho li phele. Empa ha e le hantle, ha ho na bopaki ba saense bo tšehetsang khopolo ea hore ho na le mefuta e mengata ea bokahohle. Ke taba feela e inahaneloang.

Ka mor’a hore Christian de Duve ea hapileng Khau ea Nobel, eo e leng setsebi sa tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang, a bolele hore ha a lumellane le khopolo-taba eo, o ile a re: “Kamoo ke nahanang kateng, ho sa tsotellehe hore na ho na le mefuta e mengata hakae ea bokahohle e ke keng ea hlahisa lintho tse phelang le kelello ea motho, lintho tsena lia ikhetha, ’me ka lebaka leo e tlameha ebe li na le morero. Batho ba bangata ba ka ’na ba re ho na le mefuta e litrilione ea bokahohle, empa sena ha se hlakole ’nete ea hore bokahohle boo re phelang ho bona boa ikhetha, e leng seo ke nkang hore se fana ka bopaki ba hore ho na le Moqapi ea bo entseng.”

Batho ba na le Temoho

Taba ea hore ebe re ba le likhopolo tse itseng ka boteng ba bokahohle ea hlolla. Haeba bokahohle bo ne bo se na morero, seo se ne se tla bolela hore bokhoni bo joalo e ne e tla ba ntho feela e bileng teng ka tšohanyetso. Na taba ee ea utloahala?

Boko ba motho bo ’nile ba hlalosoa e le “ntho e babatsehang le e tsotehang ka ho fetisisa bokahohleng.” Ho sohle seo batho ba se tsebang ka fisiks le ka k’hemistri, ha ho letho le ka hlalosang ka botlalo bokhoni ba batho ba ho utloisisa lintho tse thata le ba ho batlisisa morero oa bophelo ka ho pharaletseng.

E tlameha ebe kelello ea motho le takatso eo a nang le eona ea ho utloisisa lintho e entsoe ke motho ea bohlale haholo, kapa e bile teng ka tšohanyetso feela. Lintlheng tsee tse peli, ke efe eo u nkang e utloahala?

Na ho na le Tlhaloso e ’Ngoe?

Ke ’nete hore bo-rasaense ba re boleletse lintho tse ngata ka tsela eo bokahohle, lefatše le lintho tse phelang li sebetsang ka eona. Ha bo-rasaense ba ntse ba re bolella lintho tse eketsehileng, batho ba bang “ba bona ho makatsa hore ebe re teng.” Hoa makatsa haeba re bile teng feela ka lebaka la ho iphetola ha lintho. Leha ho le joalo, re qotsa mongoli oa saense ea bitsoang John Horgan, moo a reng, “kaha ho na le lintho tse ngata tse bontšang ka ho hlaka hore li qapiloe, ho bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala hore ebe bokahohle bo bile teng ka tšohanyetso feela.” Freeman Dyson, eo e leng setsebi sa fisiks, le eena o ile a re: “Ha ke ntse ke hlahloba bokahohle ka ho eketsehileng ’me ke ithuta kaheho ea bona, ke fumane bopaki bo eketsehileng ba hore ka kutloisiso e itseng e tlameha ebe bokahohle bo ile ba tseba hore rea tla.”

Ha re nahana ka bopaki bo teng—tsela eo lintho tsa tlhaho li rarahaneng ka eona, li hlophisitsoeng hantle ka eona, ho totobetseng hore li entsoe esita le kelello ea motho—na hase ho utloahalang hore bonyane re nahane hore e ka ’na eaba ’Mōpi o teng? Lebaka le utloahalang la ho etsa seo ke hobane ’Mōpi a ka re bolella hore na lintho tse phelang li bile teng joang le hore na bophelo bo na le morero kapa che—e leng lipotso tseo bo-rasaense ba sa khoneng ho li araba.

Lipotso tsena li tšohloa bukeng e bitsoang Bibele, kapa Mangolo a Halalelang, ao bangoli ba ’ona ba bolelang hore ba bululetsoe ke ’Mōpi. Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe seo Bibele e se buang lintlheng tsee?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena, ka kōpo sheba leqephe la 10-26, bukeng ea Is There a Creator Who Cares About You? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Na boko ba motho bo bile teng ntle ho morero?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ke’ng se etsang hore batho ba khone ho ithuta saense?

Batho ba khona ho etsa lipatlisiso tsa saense hobane lefatše le hlophisitsoe hantle ebile ho tsejoa hantle hore na matla le lintho tsa tlhaho li tla itšoara joang le hore li etsa ntho e tšoanang tlas’a maemo a itseng. Tlhophiso ena e ka hlalosoa ka melao ea motheo ea lipalo, ea fisiks, ea k’hemistri le e meng e joalo. Ha ho ne ho se na tlhophiso eo, ho ne ho ke ke ha khoneha hore ho etsoe lipatlisiso tsa saense, ho be le theknoloji esita le bophelo ka bobona bo ne bo ke ke ba e-ba teng.

Kahoo ho hlaha lipotso tsena: Melao ea tlhaho e qalile joang? Hona ke hobane’ng ha e sebetsa ka tsela eo e sebetsang ka eona? Ba bangata ba lumela hore karabo e utloahalang ho feta tsohle ke ea hore ho na le Ea Bohlale ka ho Fetisisa. Uena u lumela’ng?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na e itlhahetse feela ka tšohanyetso?

Limolek’hule tsa DNA tse fumanehang seleng ka ’ngoe e phelang li na le litaelo tse hlakileng le tse qaqileng tse hlokahalang e le hore lintho tse phelang li hōle hantle. Le hoja DNA e rarahane ho feta, e ka tšoantšoa le matšoao a nang le boitsebiso a kentsoeng ho DVD. Ha boitsebiso boo bo patehileng bo ho DVD bo bapaloa, batho ba khona ho shebella video kapa ho mamela ’mino. Ka ho tšoanang, limolek’hule tsa DNA tse bōpehileng joaloka liropo tse loheletsoeng, li jere boitsebiso bo ralang motheo oa lintho tsohle tse phelang, bo etsang hore li fapane le tse ling—libanana li fapane le linaoa, liqoaha li fapane le likokoanyana, batho ba fapane le maruarua.

Ka sebele ha ho motho ea ka reng matšoao a nang le boitsebiso a kentsoeng ho DVD a bile teng ka ho iketsahalla feela. Na ke ho utloahalang ho nahana hore boitsebiso bo rarahaneng haholo ba DNA bo itlhahetse feela ka tšohanyetso?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]

Sombrero Galaxy: NASA and The Hubble Heritage Team (STScI/AURA)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela