Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/09 maq. 18-21
  • Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoela Pele U Bua!
  • Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa?
    Tsoha!—2011
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 12/09 maq. 18-21

Bacha Baa Botsa

Nka Buisana le Batsoali ba ka Joang?

“Ke lekile ka matla ho bolella batsoali ba ka kamoo ke ikutloang kateng, empa lintho ha lia ka tsa tsamaea hantle—ba ile ba ntlhokela nako. Ke ile ka lokela ho leka ka matla hore ke fumane sebete sa ho itlhalosa, empa ka hlōleha ka ho feletseng!”—Rosa.a

HA U ne u sa le monyenyane, ho ka etsahala hore ebe u ne u mathela ho batsoali ba hao ha u hloka thuso. U ne u ba bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. U ne u ba hlalosetsa mehopolo ea hao le maikutlo ka bolokolohi ’me u tšepa likeletso tseo ba u fang tsona.

Empa e ka ’na eaba hona joale, u nka hore batsoali ba hao ha ba sa u utloisisa. Ngoanana e mong ea bitsoa Edie o re: “Ka le leng mantsiboea ha re ntse re ja, ke ile ka qala ho lla, ’me ka ntša se ka sefubeng sa ka. Batsoali ba ka ba ile ba ’mamela, empa ho bonahala eka ha ba nkutloisise.” O ile a etsa’ng ka mor’a moo? O re: “Ke ile ka ikela ka kamoreng, ka lla le ho feta!”

Ka lehlakoreng le leng, ka linako tse ling u ka ’na ua khetha ho se phetlele batsoali ba hao sefuba. Moshanyana e mong ea bitsoang Christopher o re: “Ke buisana le batsoali ba ka ka lintho tse ngata. Empa ke rata taba ea hore ka linako tse ling, ha ba tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e nahanang.”

Na ho fosahetse ho ipolokela litaba tse ling? Che—hafeela u sa etse bolotsana. (Liproverbia 3:32) Leha ho le joalo, ebang batsoali ba hao ba bonahala ba sa u utloisise kapa ke uena ea sa ba phetleleng sefuba, ’nete ke hore: U lokela ho buisana le batsoali ba hao—’me ba lokela ho u mamela.

Tsoela Pele U Bua!

Ka tsela e itseng ho buisana le batsoali ba hao ho tšoana le ho khanna koloi. Haeba u kopana le bothata tseleng, ha u tele; empa u batla tsela e ’ngoe. Nahana ka mehlala ena.

Bothata ba #1: U batla ho bua, empa batsoali ba hao ba bonahala ba sa u mamele. Ngoanana e mong ea bitsoang Leah o re: “Ke thatafalloa ho buisana le Ntate. Ka linako tse ling ke qeta nako ke ntse ke bua le eena ebe ka mor’a nako o re, ‘Ntšoarele hle, u ntse u bua le ’na?’”

POTSO: Leah a ka etsa’ng haeba a hlile a batla ho buisana le eena ka bothata bo itseng? Bonyane ho na le lintho tse tharo tseo a ka khethang ho li etsa.

A ka Khetha A A ka Khetha B A ka Khetha C

Ho tlatsetsa Ho khaotsa ho buisana Ho emela nako e

Leah a ka ’na, le ntate oa hae. loketseng e le hore

a hooa a re: Leah a ka ’na a a boele a bue ka taba

“Ntate taba khaotsa ho leka ena. Leah a ka ’na

ena ke ea ho bolella batsoali a khetha ho buisana

bohlokoa hle! ba hae mathata le ntate oa hae ba

Ak’u ’mamele!” a hae. shebane, kapa a ka

’na a khetha ho

mo ngolla lengolo,

a mo hlalosetse

bothata ba hae.

U nahana hore Leah o lokela ho khetha hofe?

A re hlahlobe hore na ntho ka ’ngoe eo a ka ’nang a khetha ho e etsa e ka ’na ea lebisa hokae. Ntate oa Leah o ferekane ’me ha a hlokomele hore morali oa hae le eena o tšoenyehile. Kahoo haeba Leah a khetha A, ntate oa hae a ka ’na a se ke a utloisisa hore na ke hobane’ng ha a tleroha ka bohale. Ho khetha sena ho ka ’na ha se ke ha etsa hore ntate oa Leah a mo mamele, ebile ho tla bontša hore ha a hlomphe batsoali ba hae. (Baefese 6:2) Kahoo ha e le hantle hoo ke ho hamela letanteng.

Le hoja ho khetha B ho ka ’na ha bonahala ho le bonolo ka ho fetisisa, ha ho bohlale ho etsa joalo. Hobane’ng? Hobane “merero ea senyeha moo ho se nang [puisano ea] lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” (Liproverbia 15:22) E le hore Leah a sebetsane ka katleho le mathata a hae, ho hlokahala hore a buisane le batsoali ba hae—’me e le hore ba mo thuse, ho hlokahala hore ba tsebe lintho tse etsahalang bophelong ba hae. Ho khaotsa ho ba buisa ha ho finyelle letho.

Empa haeba Leah a khetha C, ha a lumelle bothata hore e be tšitiso. Ho e-na le hoo, o leka ho buisana le ntate oa hae ka nako e ’ngoe. Haeba Leah a khetha ho ngolla ntate oa hae lengolo, a ka ’na a ikutloa a imolohile hang feela. Ho ngola lengolo ho ka ’na ha boela ha mo thusa hore a nahane hantle ka seo a batlang ho se bolella ntate oa hae ha a mo mametse. Ha ntate oa Leah a bala lengolo leo, o tla hlokomela seo a neng a leka ho mo bolella sona, e leng se ka ’nang sa mo thusa hore a utloisise bothata ba hae haholoanyane. Kahoo ho khetha C ho tla tsoela Leah molemo le ntate oa hae.

Ke lintho life tse ling tseo Leah a ka ’nang a khetha ho li etsa? Leka ho nahana ka e ’ngoe, ’me u e ngole ka tlaase mona. Ebe ua ngola hore na ho khetha ho etsa seo ho ka ’na ha e-ba le phello efe.

․․․․․

Bothata ba #2: Batsoali ba hao ba batla ho bua, empa uena ha u batle. Ngoanana e mong ea bitsoang Sarah o re: “Ha ho ntho e tenang joaloka ho hlongoa lipotso ha u tsoa sekolong, u khathetse. Ke batla ho lebala ka lintho tse etsahetseng sekolong, empa hang feela ha ke fihla, batsoali ba ka ba re: ‘Lintho li tsamaile joang kajeno? Na ho bile le mathata?’” Ha ho pelaelo hore batsoali ba Sarah ba mo botsa lipotso tseo ka sepheo se setle. Empa Sarah o re, “Ke thatafalloa ho bua ka lintho tse etsahetseng sekolong ha ke khathetse ke bile ke sithabetse.”

POTSO: Sarah a ka etsa’ng boemong boo? Joaloka mohlaleng o fetileng, bonyane ho na le lintho tse tharo tseo a ka khethang ho li etsa.

A ka Khetha A A ka Khetha B A ka Khetha C

Ho ithōlela. Ho ba araba. Ho ba bolella hamorao ka

A ka ’na a Le hoja Sarah a lintho tse etsahetseng

re: “A ke ikutloa a sithabetse, sekolong empa a

le ntloheleng. a ka ’na a araba ntšetse puisano pele

Ha ke batle ho batsoali ba hae ka hore a bue ka taba

bua hona joale!” a tenehile. e ’ngoe.

Sarah a ka ’na a

ba bolella hore o tla

ba hlalosetsa lintho

tse etsahetseng

sekolong ka nako

e ’ngoe, ha a

ikutloa a loketse

ho bua ka tsona.

Joale a ka ’na a re,

a sa ikaketse: “Lōna

le hlotse joang?

Lintho li

tsamaile joang?”

U nahana hore Sarah o lokela ho khetha hofe? ․․․․․

A re boele re hlahlobe hore na ntho ka ’ngoe eo a ka ’nang a khetha ho e etsa e ka ’na ea lebisa hokae.

Pele Sarah a khetha A, o ikutloa a sithabetse a bile a sa rate ho bua. Ka mor’a hore a khethe ho etsa seo, o tla ’ne a ikutloe a sithabetse a be a ikutloe a le molato ka ho jajabetsa batsoali ba hae ka bohale.—Liproverbia 29:11.

Ka nako e tšoanang, batsoali ba Sarah ba ka ’na ba utloisoa bohloko ke ho tlakoloha ha hae ka bohale—kapa hore ebe oa ithōlela ka mor’a moo. Ba ka ’na ba nahana hore Sarah o ba patela ntho e itseng. Ba ka ’na ba leka ka matla le ho feta ho etsa hore a bue, e leng seo ha e hantle se tlang ho mo halefisa le ho feta. Qetellong ho etsa sena ke ho hamela letanteng.

Ho hlakile hore ho khetha B ho molemo ho feta ho khetha A. Etsoe bonyane Sarah le batsoali ba hae ba tla be ba buisana. Empa kaha Sarah le batsoali ba hae ba tla be ba sa buisane ho tsoa pelong, ha ba na ho fumana seo ba hlileng ba se batlang—e leng ho buisana ka bolokolohi le ka botšepehi.

Empa haeba Sarah a khetha C, o tla ikutloa a imolohile hore ebe ha a bue ka lintho tse etsahetseng sekolong ka nako eo. Batsoali ba hae ba tla ananela boiteko boo a bo etsang ba ho bua le bona, kahoo le bona ba tla thaba. Ho khetha ho etsa sena ho ka ’na ha hlahisa liphello tse molemo ka ho fetisisa, kaha mahlakore ka bobeli a latela molao-motheo o ho Bafilipi 2:4, e reng: “Le hlokomele lithahasello tsa ba bang, eseng tsa lōna feela.”—Today’s English Version.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ho khetha nako e loketseng ho thusa joang hore ho be le puisano e ntle?—Liproverbia 25:11.

◼ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u buisane le batsoali ba hao?—Jobo 12:12.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

NA U FANA KA MAIKUTLO A FOSAHETSENG?

Na u thatafalloa ho buisana le batsoali ba hao? Mohlomong seo u se buang ha se tšoane le seo ba se utloang.

Ha u re . . .

“Ha ke batle ho bua ka taba ena.”

Batsoali ba hao ba utloa eka u re . . . 

“Ke ikutloa ke lokolohile ho bolella metsoalle ea ka lintho tseo ke li nahanang le maikutlo a ka, empa lōna ha le ba bohlokoa hakaalo bophelong ba ka hore nka le phetlela sefuba.”

Ha u re . . .

“Ha le na ho utloisisa.”

Batsoali ba hao ba utloa eka u re . . . 

“Le se le tsofetse ebile le siiloe ke nako. Le se ke la itšoenya ka ho leka ho utloisisa lintho tse etsahalang bophelong ba ka.”

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 21]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Ke ile ka bolella batsoali ba ka bothata boo ke tobaneng le bona sekolong, ’me ka makatsoa ke kamoo ba ileng ba ’mamela kateng. Ke ile ka khona ho rarolla bothata boo habonolo feela, ka lebaka la thuso ea bona!”—Natalie.

“Ho buisana le batsoali ba hao hase ntho e bonolo kamehla, empa ha u ba phetlela sefuba, u ikutloa eka ho tlositsoe moroalo o boima mahetleng a hao.”—Devenye.

[Lebokose le leqepheng la 21]

MOLAETSA O EANG HO BATSOALI

Joaloka motsoali ea amehileng, mohlomong ua ipotsa hore na bana ba hao ba thatafalloa ho bua le uena kapa che. Nahana ka mabaka ao bacha ba bang ba a boleletseng Tsoha! a hore na ke hobane’ng ha ba sa rate ho bua le batsoali ba bona. Ebe u ipotsa lipotso tse tsamaisanang le lebaka ka leng ’me u shebe litemana tse bontšitsoeng.

“Ke thatafalloa ho buisana le Ntate hobane ho na le lintho tse ngata tseo a lokelang ho li etsa, mosebetsing le ka phuthehong. Ha ho mohla ho bonahalang eka o na le nako ea hore re ka buisana.”—Andrew.

‘Na ke sa hlokomele, ke fane ka maikutlo a hore ke phathahane hoo ke se nang nako ea ho buisana le bana ba ka? Haeba ho joalo, nka etsa’ng e le hore ba nolofalloe ho buisana le ’na? Nka behella nako efe ka thōko e le hore ke buisane le bana ba ka kamehla?’—Deuteronoma 6:7.

“Ke ile ka bolella ’Mè ka likhapha taba e ’ngoe eo re neng re phehisana khang ka eona sekolong. Ke ne ke batla hore a ntšelise, empa ho e-na le hoo o ile a nkhalemela ka thata. Haesale ho tloha mohlang oo, ha ke e-s’o ka ke mo bolella ntho leha e le efe ea bohlokoa.”—Kenji.

‘Ke etsa’ng ha bana ba mpolella mathata a bona? Esita le haeba ho hlokahala hore ke ba khalemele, na nka ithuta ho leta le ho ba mamela ka kutloelo-bohloko pele ke ba fa keletso?’—Jakobo 1:19.

“Ho bonahala eka nako le nako batsoali ba re re ka bua ha ba na ho halefa, empa leha ho le joalo baa koata. Joale bacha ba ikutloa ba tsuoe tlaase.”—Rachel.

‘Haeba ngoana a mpolella taba e nkhalefisang, nka etsa’ng ho ithiba?’—Liproverbia 10:19.

“Hangata ha ke ile ka bolella ’Mè makunutu a ka, ha a tloha moo o ea metsoalleng ea hae o il’o e bolella ’ona. Hona joale ha ke sa mo tšepa.”—Chantelle.

‘Na ke bontša ho nahanela maikutlo a ngoana ka hore ke se ke ka jala makunutu ao a mpoleletseng ’ona?’—Liproverbia 25:9.

“Ho na le lintho tse ngata tseo ke batlang ho li bolella batsoali ba ka. Ke mpa feela ke batla hore ba nthuse ho qala moqoqo.”—Courtney.

‘Na nka qalisa moqoqo le bana ba ka? Ke nako efe e loketseng ea ho buisana le bona?’—Moeklesia 3:7.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ha ho hlokahale hore bothata ba ho ba le puisano bo fetohe tšitiso—u ka fumana tsela ea ho buisana le batsoali ba hao!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela